Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ea Libokeng Holong ea ’Muso?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ea Libokeng Holong ea ’Muso?

 Lipaki Tsa Jehova li ea libokeng habeli ka beke libakeng tsa bona tsa borapeli tse bitsoang Liholo Tsa ’Muso. Ho etsahala eng libokeng tseo, hona u ka rua molemo joang ka ho ea ho tsona?

 Ho etsahala’ng Holong ea ’Muso?

 Holong ea ’Muso ke moo re ithutang hore na re ka sebelisa likeletso tsa Bibele joang. Liboka tse tšoareloang moo li ka u thusa hore:

  •   u ithute ’nete ka Molimo.

  •   u utloisise hore na liketsahalo tsa mehleng ena li bolela’ng.

  •   u be motho ea molemo haholoanyane.

  •    u fumane metsoalle ea bohlokoa.

 Na u ne u tseba? Sebaka seo Lipaki Tsa Jehova li kopanelang ho sona se bitsoa Holo ea ’Muso hobane ke moo ho buuang ka ’Muso oa Molimo hangata.​—Matheu 6:​9, 10; 24:​14; Luka 4:43.

 Ke hobane’ng ha u lokela ho ea?

 Lintho tseo u tla ithuta tsona moo li tla u thusa. Melao-motheo ea Bibele e tšohloang libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova e tla u thusa hore u “fumana bohlale.” (Liproverbia 4:5) Sena se bolela hore Bibele e ka u thusa hore u etse liqeto tse ntle bophelong. E ka boela ea u thusa hore u fumane likarabo tsa lipotso tsa bohlokoa bophelong tse kang:

 Lethathamo le latelang ke la tse ling tsa lipuo tse fanoang libokeng tsa rona tsa mafelo beke:

  •   Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tataisoa ke Bibele?

  •   U ka Fumana Thuso Hokae Linakong Tsa Mahlomola?

  •   Seo ’Muso oa Molimo o re Etsetsang Sona Hona Joale.

 “Moithuti ’moho le ’na o ile a tla libokeng tse ling. O ne a lutse le lelapa leso ’me re ile ra shebisana lingoliloeng le eena. Ka mor’a moo, o ile a mpolella hore o ile a khahlisoa ke likarabo tseo batho ba ileng ba fana ka tsona karolong eo batho ba arabang ho eona. O ile a ba a re kerekeng ea hae ha ba na lingoliloeng tseo ba ithutang ka tsona joaloka rona.”​—Brenda.

 Na u ne u tseba? Ho fumana setulo ke mahala Holong ea ’Muso ’me ha ho mohla ho ntšuoang koleke.

 Ho kopana le ba bang ho tla u khothatsa. Bibele e re lebaka le leng leo ka lona Bakreste ba tlamehang ho kopana hammoho ka lona ke ho “khothatsana.” (Baheberu 10:​24, 25) Lefatšeng lena le tletseng baithati, hoa khatholla ho ba har’a batho ba sa inahaneng bo bona empa ba tsotella batho ba bang ba bile ba tsotella setsoalle sa bona le Molimo.

 “Ke lula ke khathetse ke bile ke sa thaba ka mor’a letsatsi le maphatha-phethe, empa batho ba Holong ea ’Muso ba lula ba etsa hore ke utloe ke le hantle. Ha ke le tseleng e tsoang libokeng, ke utloa ke thabile ’me ke le malala-a-laotsoe bakeng sa letsatsi le hlahlamang.”​—Elisa.

 Na u ne u tseba? Ho na le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse fetang 120 000 lefatšeng ka bophara ’me li kopanela libakeng tse fatang 60 000. Selemo le selemo, ka karolelano ho hahoa Liholo Tsa ’Muso tse ka bang 1 500 ka lebaka la palo ea batho ba tlang libokeng e ntseng e eketseha. a

a Ho fumana sebaka seo ho kopaneloang ho sona, e ea leqhepheng la “Liboka Tsa Phutheho Tsa Lipaki Tsa Jehova” e be u penya ho “Fumana Sebaka se Haufi le Uena.”