Fetela boitsebisong

Na Hoa Hlokahala Hore Motho e be Setho sa Bolumeli bo Itseng?

Na Hoa Hlokahala Hore Motho e be Setho sa Bolumeli bo Itseng?

Karabo ea Bibele

E, hobane Molimo o batla hore batho ba be ’moho ha ba rapela. Bibele e re: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna.”​—Baheberu 10:24, 25.

Jesu o ne a bontša hore balateli ba hae ba tla ba le mokhatlo o hlophisitsoeng ha a re ho bona: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Balateli ba Kreste ba ne ba lokela ho bontša lerato ka hore ba bokane hammoho le balumeli-’moho le bona. Ba ne ba tla hlophisoa ka liphutheho ’me ba kopane kamehla bakeng sa borapeli. (1 Bakorinthe 16:19) Ba ne ba tla etsa mokhatlo oa lefatše lohle oa bara ba motho e le sehlopha.​—1 Petrose 2:17.

Motho ha aa lokela ho ba setho sa bolumeli feela

Le hoja Bibele e re batho ba lokela ho ba ’moho ha ba rapela Molimo, ha e rute hore motho a ka thabisa Molimo ka hore feela e be setho sa bolumeli. E le hore Molimo a amohele bolumeli bo itseng, lithuto tsa bona li lokela ho ama tsela eo litho tsa bona li phelang ka eona. Ka mohlala, Bibele e re: “Mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana le bahlolohali matšoenyehong a bona, le hore motho a ipoloke a se na letheba lefatšeng.”​—Jakobo 1:27.