Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Nka Etsa’ng Haeba ke Kula? (Karolo ea 2)

Nka Etsa’ng Haeba ke Kula? (Karolo ea 2)

 Ho kula ho tla ka litsela tse sa tšoaneng.

  •   Batho ba bang ha ba kula ba ba le matšoao a bonahalang, ha ba bang bona ba utloa mahlaba feela ’meleng.

  •   Ba bang ba kula ka linako tse itseng feela, ha ba bang bona ba kula ho ea ho ile, ’me ba thatafalloa ho phetha mesebetsi ea letsatsi le letsatsi.

  •   Maloetse a mang a ka phekoloa kapa bonyane a kokobetsoa, empa a mang a mpefala le ho feta, hoo a ka bang a bolaea motho.

 Bacha le bona ba tšoaroa ke maloetse a kang a boletsoeng ka holimo. Sehloohong sena, u tla bala ka bacha ba bane ba nang le mathata a joalo. Haeba u ua kula, mohlomong u tla khothatsoa ke seo ba se buang.

 GUÉNAELLE

 Ntho e nthatafallang ka ho fetisisa ke ho amohela bokuli ba ka. Ke batla ho etsa sena le sane, empa letsatsi le letsatsi ke lokela ho mamela ’mele oa ka.

 Ke na le boloetse bo sitisang boko ho hokahanya methapo ea kutlo le mesifa e le hore bo fetisetse boitsebiso bo nepahetseng ’meleng. Ka linako tse ling, ’mele oa ka oa thothomela kapa o shoa bohatsu. Ke thatafalloa ho etsa lintho tse tloaelehileng, tse kang ho tsamaea, ho bua, ho bala, ho ngola le ho utloisisa ha batho ba bua. Ha ho se ho hlile ho le thata, baholo ba phutheho ea heso ba rapela le ’na. Ka mor’a moo, ke ikutloa ke khothetse.

 Litekong tsohle tseo ke tobanang le tsona, kea hlokomela hore Jehova Molimo o lula a ntšehelitse. Ha ke batle hore bokuli ba ka bo ntšitise ho mo sebeletsa ka botlalo. Ke nka e le habohlokoa ho thusa ba bang ho ithuta ka tšepiso ea Bibele ea hore haufinyane Jehova Molimo o tla etsa lefatše paradeise, moo mahlomola a tla fela.​—Tšenolo 21:1-4.

Seo u ka nahanang ka sona: Joaloka Guénaelle, u ka bontša ba bang qenehelo joang?​—1 Bakorinthe 10:24.

 ZACHARY

 Ha ke le lilemo li 16, lingaka li ile tsa fumana hore ke na le kankere e nammeng bokong. Lingaka li ile tsa mpolella hore ke saletsoe ke likhoeli tse robeli feela ke phela. Esale bophelo ba ka bo le kotsing ho tloha ka nako eo.

 Lihlahala tse bokong li entse hore ke shoe lehlakore le letona. Kaha ha ke khone ho tsamaea, ho hlokahala hore ho lule ho e-na le motho lapeng ea nthusang ho etsa lintho.

 Boloetse bona bo ntse bo mpefala, ’me ke thatafalloa ho bua ka tsela e hlakileng. Ke ne ke le motho ea mahlahahlaha, ke rata lipapali tse kang waterski, basketball le volleyball. Kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke ne ke kopanela ka mafolofolo tšebeletsong ea Bokreste. Ke nahana hore batho ba bangata ha ba utloisise hore na ho joang ho sitoa ho etsa lintho tseo motho a li ratang.

 Ke khothatsoa ke mantsoe a ho Esaia 57:15 kaha aa nkholisa hore Jehova Molimo o tšehetsa ba “hateletsoeng” le hore o oa ntlhokomela. Ho Esaia 35:6 Jehova o boetse o tšepisa hore ke tla khona ho tsamaea hape le ho mo sebeletsa ke phela hantle.

 Le hoja ka linako tse ling boloetse bona bo nthatafalletsa ho etsa lintho, ke kholisehile hore Jehova o oa ntšehetsa. Kamehla ha ke rapela, ho ba le motho eo ke buang le eena ha ke ikutloa ke sithabetse kapa ke tšoenyehile ka bophelo ba ka. Ha ho letho le ka nkarohanyang le lerato la Jehova.​—Baroma 8:39.

 Zachary o ile a hlokahala a le lilemo li 18, likhoeli tse peli ka mor’a hore ho buisanoe le eena. O ile a lula a e-na le tumelo e matla tšepisong ea Molimo ea hore o tla mo tsosetsa paradeiseng lefatšeng.

Seo u ka nahanang ka sona: Thapelo e ka u thusa joang hore u lule leratong la Molimo, joalokaha e ile ea thusa Zachary?

 ANAÏS

 Ka mor’a matsatsi a seng makae feela ke hlahile, mali a ile a tsoela bokong ’me seo sa nkholofatsa, haholo-holo maotong.

 Hona joale, ke khona ho tsamaea ho se hokae ka seikokotlelo, empa boholo ba nako ke sebelisa setulo sa likooa. Hape ke na le letoope le nthatafalletsang ho etsa lintho tse hlokang hore letsoho le tiee, joaloka ho ngola.

 Ntle le hore ke tepelletsoa ke ho kula, ke sithabetsoa ke phekolo eo ke e fuoang. Haesale ke tsamaea physiotherapy, ’me ke ea makhetlo a ’maloa bekeng. Ke ile ka etsoa opereishene ha ke le lilemo li hlano, ka mor’a moo ka etsoa tse ling tse tharo. Tse peli tsa ho qetela li ne li le boima le ho feta kaha ke ile ka qeta likhoeli tse tharo ke le hōle le hae.

 Ba lelapa leso ba nthusa haholo. Re etsa mesoaso, e leng se nthusang ha ke sithabetse. ’Mè oa ka le banab’eso ba nthusa hore ke shebahale hantle, kaha ha ke khone ho itokisa ke le mong. Ke utloa bohloko hore ebe ha ke khone ho roala lieta tse phahameng. Empa nkile ka khasa ka tsona ha ke sa le ngoana ke li kentse matsohong, ’me kaofela ha rōna ra e tšeha taba eo!

 Ke leka ho etsa hore bokuli ba ka bo se ke ba ntšitisa ho thabela bophelo. Ke ithuta lipuo tse ling. Le hoja ke sa khone ho bapala lipapali tse ling tsa ka metsing le ho thelelisa lehloeng, ke khona ho sesa. Kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke rata ho buisana le batho ka seo ke se lumelang. Ho bonahala batho ba mamela ka hloko ha ke bua le bona.

 Batsoali ba ka ba nthutile ho tloha bonyenyaneng hore bokooa ba ka ke ba nakoana. Ho tloha ka nako eo, ke hahile tumelo ea ka ho Jehova le tšepisong ea hae ea hore o tla felisa mahlomola ’ohle, ho akarelletsa le bokooa ba ka. Sena se mpha matla a ho tsoela pele ka bophelo.—Tšenolo 21:3, 4.

Seo u ka nahanang ka sona: Joaloka Anaïs, u ka etsa’ng hore ho kula ho se ke ha u sitisa ho thabela bophelo?

 JULIANA

 Ke tšoeroe ke boloetse bo bohloko bo etsang hore masole a ’mele a hlasele lisele, ’me bo ama pelo, matšoafo le mali. Bo se bo ntse bo amme liphio tsa ka.

 Ke ne ke le lilemo li leshome ha lingaka li fumana hore ke na le boloetse ba lupus, bo mpakelang mahlaba le mokhathala, bo bileng bo etsang hore ke be le maikutlo a feto-fetohang. Ka linako tse ling, ke ikutloa ke se na thuso.

 Ha ke le lilemo li 13, Paki e ’ngoe ea Jehova e ile ea fihla lapeng. E ile ea mpalla Esaia 41:10, eo ho eona Jehova Molimo a reng: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. . . . Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.” Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ka nako eo. Hona joale ho se ho fetile lilemo tse robeli, ’me ke sebeletsa Molimo ka pelo eohle, ebile ke ikemiselitse hore ke se ke ka lumella ho kula hore ho laole bophelo ba ka. Kea hlokomela hore Jehova o mpha “matla a fetang se tloaelehileng,” e le hore ke lule ke thabile.—2 Bakorinthe 4:7.

Seo u ka nahanang ka sona: Esaia 41:10 e ka u thusa joang hore u lule u thabile joaloka Juliana?