Fetela boitsebisong

Morero oa Bophelo ke Ofe?

Morero oa Bophelo ke Ofe?

Karabo ea Bibele

Potso e mabapi le morero oa bophelo e ka botsoa ka litsela tse ngata, tse kang Ke hobane’ng ha re le moo lefatšeng? kapa Na bophelo ba ka bo na le morero? Bibele e bontša hore morero oa rōna bophelong ke ho sebeletsa ho ba metsoalle ea Molimo. Nahana ka tse ling tsa linnete tsa bohlokoa tseo Bibele e li senolang.

  • Molimo ke ’Mōpi oa rōna. Bibele e re: “Ke [Molimo] ea re entseng, eseng rōna.”​—Pesaleme ea 100:3; Tšenolo 4:11.

  • Molimo o na le morero ka lintho tsohle tseo a li bōpileng, ho akarelletsa le rōna.​—Esaia 45:18.

  • Molimo o re bōpile re e-na le “tlhoko ea moea,” e akarelletsang takatso ea ho batla ho fumana morero bophelong. (Matheu 5:3) O batla hore re khotsofatse takatso eo.​—Pesaleme ea 145:16.

  • Re khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea ka ho sebeletsa ho ba metsoalle ea Molimo. Le hoja ba bang ba ka ’na ba bona eka ho ke ke ha khoneha hore re be metsoalle ea Molimo, Bibele e re khothatsa ka mantsoe ana: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”​—Jakobo 4:8; 2:23.

  • E le hore re be metsoalle ea Molimo, re lokela ho phela ka tsela e lumellanang le seo a re reretseng sona. Bibele e bolela morero oa hae ho Moeklesia 12:13 e reng: “Hlompha Molimo, ’me u phethe litaelo tsa hae, hobane ke sona seo re bōpetsoeng sona.”​—Good News Translation.

  • Nakong e tlang, ha Molimo a felisa mahlomola ’me a fa metsoalle ea hae e mo sebeletsang bophelo bo sa feleng, re tla rua molemo o feletseng ho seo a neng a re reretse sona ho tloha tšimolohong.​—Pesaleme ea 37:10, 11.