Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Na re Lokela ho Arohana? (Karolo ea 1)

Na re Lokela ho Arohana? (Karolo ea 1)

 Ka linako tse ling ho arohana ho molemo. Nahana ka se etsahaletseng Jill. O re: “Qalong ke ne ke thaba ha mohlankana oa ka a lula a tšoenyehile ka hore na ke hokae, ke etsa’ng le hore na ke na le bo-mang. Empa taba ena e ile ea fihla moo ke neng ke se ke sa khone ho qeta nako le batho ba bang haese eena feela. O ne a sa rate le ha ke qeta nako le ba lelapa leso—haholo-holo ntate oa ka. Ha ke khaohana le eena, ke ile ka ikutloa ke imolohile!”

 Sarah le eena o ile a etsahalloa ke se tšoanang. O ile a qala ho hlokomela hore mohlankana eo a neng a ratana le eena ea bitsoang John, o rata ho phoqa, o batla lintho li hana ho fela, ebile ha a na mekhoa. Sarah o re: “Ka letsatsi le leng o ile a fihla lapeng lihora tse tharo ka mor’a nako eo re neng re lumellane ka eona! O ile a hlokomoloha ’Mè ha a bula monyako, eaba o re: ‘Ha re ee. Re siiloe ke nako.’ Ho e-na le hore a re ‘Ke liehile,’ o re ‘Re siiloe ke nako.’ O ne a lokela ho kōpa tšoarelo kapa ho hlalosa hore na o liehisitsoe ke’ng. Habohlokoa le ho feta, o ne a lokela ho bontša ’Mè tlhompho!”

 Ke ’nete hore u ke ke ua khaohana le motho hobane a entse phoso hanngoe kapa a bontšitse mekhoa eo u sa e rateng. (Pesaleme ea 130:3) Empa Sarah o ile a etsa qeto ea ho khaohana le John ha a bona hore o tloaetse ho tšoara batho ba bang ka tsela e sa bontšeng tlhompho.

 U lokela ho etsa’ng haeba joaloka Jill le Sarah, u hlokomela hore motho eo u ratanang le eena e ke ke ea e-ba molekane ea loketseng oa lenyalo? Boemong boo, u se ke ua hlokomoloha maikutlo a hao! Le hoja ho ka ’na ha e-ba thata ho amohela seo, ho ka ba molemo hore le khaohane. Liproverbia 22:3 e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.”

 Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba thata hore le arohane. Empa lenyalo ke tlamo ea ka ho sa feleng. Ho molemo ho utloa bohloko ka nakoana hona joale, ho e-na le ho ikoahlaea bophelo bohle ba hao!