Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Rapela?

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Rapela?

 Phuputso e ’ngoe e bontša hore liphesente tse 80 tsa bacha ba Amerika baa rapela empa ke halofo ea bona feela e rapelang kamehla. Ho hlakile hore ba bang baa ipotsa ba re: ‘Na ho rapela ke mokhoa feela oa ho ikimolla maikutlong kapa ho akarelletsa se fetang seo?’

 Thapelo ke eng?

 Thapelo ke puisano ea rona le ’Mopi oa lintho tsohle. Nahana feela hore na sena se bolela’ng. Jehova o phahame haholo ho feta batho ka litsela tsohle tseo re ka li nahanang empa ha a “hole le e mong le e mong oa rona.” (Liketso 17:​27) Ha e le hantle, Bibele ena le memo ena e monate: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.”​—Jakobo 4:8.

 U ka atamela haufi le Molimo joang?

  •   Tsela e ’ngoe ke ka thapelo. Ke eona tsela eo u buang le Molimo ka eona.

  •   Tsela e ’ngoe ke ka ho bala Bibele. Ke eona tsela eo Molimo a “buang” le uena ka eona.

 Puisano ena, e leng ho rapela le ho ithuta Bibele, e tla u thusa hore u hahe setsoalle se matla le Molimo.

 “Ho bua le Jehova ea Matla Ohle, ke tlotla ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a ka bang le eona.”​—Jeremy.

 “Ho bolella Jehova maikutlo a ka a tebileng ka thapelo, ho etsa hore ke ikutloe ke atametse haufi le eena.”​—Miranda.

 Na Molimo o mametse?

 Le ha u lumela ho Molimo ebile u mo rapela, ho ka ba thata hore u lumele hore ka ’nete oa re mamela. Leha ho le joalo, Bibele e re Jehova ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) E boetse e re mema hore re ‘lahlele matšoenyeho ohle a rona ho eena.’ Hobaneng? ‘Hobane oa re tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

 Seo u ka nahanang ka sona: Na u ipha nako ea ho bua le metsoalle ea hao khafetsa? U ka etsa se tšoanang ha u bua le Molimo. Bua le eena khafetsa ’me u sebelise lebitso la hae e leng Jehova ha u rapela. (Pesaleme ea 86:​5-7; 88:9) Bibele ea re khothaletsa e re: “Rapelang le sa phetse.”​—1 Bathesalonika 5:17.

 “Thapelo ke puisano e pakeng tsa ka le Ntate oa ka oa leholimo. Ka eona ke khona ho tšollela pelo ea ka eohle ho eena.”​—Moises.

 “Ke bua le Jehova ka lintho tse tebileng tseo ke neng ke tla li bua le ’mè oa ka kapa le motsoalle ea haufi.”​—Karen.

 Nka rapella eng?

 Bibele e re: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo.”​—Bafilipi 4:6.

 Na see se bolela hore ho lokile hore u rapelle mathata a hao? Ho joalo! Ha e le hantle Bibele e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla o tšehetsa.”​—Pesaleme ea 55:22.

 Ke ’nete hore sena ha se bolele hore u tla bua ka mathata a hao feela. Chantelle ea lilemo li 23 o re: “E ne e ke ke eaba setsoalle sa ka le Jehova ke sa ’nete haeba ke ne ke lula ke mo kopa thuso feela. Ke nahana hore ho leboha Jehova e lokela ho ba nthong e tlang pele, le hore lintho tseo ke li lebohang li lokela ho ba ngata.”

 Seo u ka nahanang ka sona: Ke lintho life tseo u li lebohang bophelong ba hao? Na u ka nahana ka lintho tse tharo tseo u ka lebohang Jehova ka tsona kajeno?

 “Le ntho e nyenyane joaloka ho sheba palesa e ntle, e ka u susumelletsa hore u rapele Jehova ’me u mo lebohe.”​—Anita.

 “Nahanisisa ka e ’ngoe ea lintho tse u khahlileng popong ea Jehova kapa temana ea Bibele eo u e ratang ’me ka mor’a moo u lebohe Jehova.”​—Brian.