Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Na ho Nyanyana Litho Tsa Botona Kapa Tsa Botšehali ke ho Etsa Thobalano?

Na ho Nyanyana Litho Tsa Botona Kapa Tsa Botšehali ke ho Etsa Thobalano?

 Ho ea ka repoto ea U.S Centers for Disease Control and Prevention hoo e ka bang halofo ea batho bao ba ileng ba bua le bona ba lilemong tse pakeng tsa 15 ho ea ho 19 ba kile ba etsa thobalano ea ho nyanyana litho tsa botona le botšehali. Sharlene Azam e leng mongoli oa buka ea Oral Sex Is the New Goodnight Kiss o re: “Ha u bua le bacha ka mofuta ona oa thobalano ba u bolella hore ha se ntho e kaalo-kaalo. Ha e le hantle ha ba e nke e le thobalano.”

 U nahana’ng ka see?

 Araba lipotso tse latelang ka e kapa che.

  1.   Na ngoanana a ka ba ’meleng ha motho e mong a mo nyanya setho sa hae sa botšehali?

    1.    E

    2.    Che

  2.   Na motho a ka kula haeba a etsa thobalano ea ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali?

    1.    E

    2.    Che

  3.   Na ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali ke thobalano?

    1.    E

    2.    Che

 Ke lintho life tseo u lokelang ho li tseba?

 Bapisa likarabo tsa hao le tsena tse latelang.

  1.   Na ngoanana a ka ba ’meleng ha motho e mong a mo nyanya setho sa hae sa botšehali?

     Karabo: Che. Lena ke le leng la mabaka a etsang hore batho ba qetelle ba re ho etsa thobalano ea ho nyanyana litho tsa botona le botšehali ha ho kotsi.

  2.   Na motho a ka kula haeba a etsa thobalano ea ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali?

     Karabo: E. Motho ea etsang thobalano ea ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali a ka tsoa makhopho lithong tsa botona kapa tsa botšehali, a ka ba le hepatitis (A kapa B), gonorrhea, herpes, HIV, le syphilis.

  3.   Na ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali ke thobalano?

     Karabo: E. Ha motho a etsa ntho leha e le efe e amanang le litho tsa botona kapa tsa botšehali tsa motho e mong seo ke thobalano ebang ke thobalano e tloaelehileng, ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali, ho kenya setho sa botona ka morao le ho phollana litho tsa botona kapa tsa botšehali.

 Ke hobane’ng ha ho tsotelleha?

 Sheba mangolo a ’maloa a Bibele a amanang le taba ea ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali.

 Bibele e re: “Sena ke seo Molimo a se ratang . . . hore le ile bohlola.”​—1 Bathesalonika 4:3.

 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bohlola” le bolela mefuta eohle ea thobalano e etsoang ke batho ba sa nyalanang e akarelletsang thobalano e tloaelehileng, ho nyanyana litho tsa botona le botšehali, ho kenya setho sa botona ka morao le ho phollana litho tsa botona kapa tsa botšehali. Motho ea etsang bohlola a ka fumana litla-morao tse bohloko. Ntho e bohloko ka ho fetisisa ke hore setsoalle sa hae le Jehova se tla senyeha.​—1 Petrose 3:12.

 Bibele e re: “[Motho] ea tloaetseng ho etsa bohlola o siteloa ’mele oa hae.”​—1 Bakorinthe 6:18.

 Ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali ho ka kulisa motho ebile ho ka senya setsoalle sa hae le Molimo. Ho ka boela ha ama motho maikutlong. Buka ea Talking Sex With Your Kids e re: “Ho ikutloa u se na thuso, ho ikoahlaea kapa ho ikutloa u sa sireletseha ha ho etsahale feela ha u entse thobalano ka tsela e tloaelehileng. Maikutlo ’ohle a mabe ao motho a bang le ’ona ka lebaka la ho etsa thobalano tlas’a maemo a fosahetseng e ka ba ao motho a ka bang le ’ona ka lebaka la ho etsa thobalano ea mofuta ofe kapa ofe tlas’a maemo a fosahetseng. Thobalano ke thobalano.”

 Bibele e re: “ ’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo.”​—Esaia 48:17.

 Na u nahana hore melao ea Molimo e mabapi le thobalano e u tsoela molemo? Kapa na u nahana hore ea u sitisa? E le ho u thusa ho araba lipotso tsena, nahana ka tsela e phetheselang e nang le liroboto, matšoao a bontšang hore na u lokela ho tsamaea ka lebelo le lekae le matšoao a reng u eme. Na u bona matšoao ao a u thibela kapa a u sireletsa? Ho tla etsahala’ng ha uena kapa bakhanni ba bang le ka iphapanyetsa ’ona?

Melao ea tsela e etsa hore u se ke oa etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e ratang empa ea u sireletsa. Ka tsela e tšoanang, melao ea Molimo e u thibela ho etsa lintho tse itseng empa ea u sireletsa

 Ke ntho e tšoanang le ka melao ea Molimo. Haeba u iphapanyetsa eona, kannete u tla kotula seo u se jetseng. (Bagalata 6:7) Buka ea Sex Smart e re: “Haeba u iphapanyetsa lintho tseo u li lumelang le tsela eo u batlang ho itšoara ka eona ’me u etsa lintho tseo u sa ikutloeng hantle ka tsona ha u li entse, u ke ke oa itlhompha.” Ka lehlakoreng le leng, haeba u phela ka melao ea Molimo u tla ba motho ea itšoereng hantle, ka holimo ho tsohle letsoalo la hao le ke ke la u khathatsa.​—1 Petrose 3:16.