Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Na ho Hotle ho Etsa Lintho Tse Ngata ka Nako E le ’Ngoe?

Na ho Hotle ho Etsa Lintho Tse Ngata ka Nako E le ’Ngoe?

 Na u khona ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe?

 Na u tseba ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe? Batho ba bangata ba nka hore batho ba holang mehleng ena ea theknoloji ba batle haholo ka ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe ho feta bao theknoloji e ba fumanang ba se ba ntse ba holile. Empa na ehlile litaba tseo ke tsona?

 ’NETE kapa BOHATA?

  •   Ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe ho u bolokela nako.

  •   U ka khona ho etsa lintho tse ngata le ho feta ka nako e le ’ngoe ha u itloaetsa.

  •   Bacha ba khona ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe hantle ho feta batho ba baholo.

 Haeba u arabetse e ’ngoe ea lipolelo tseo ka ho re ke ’nete, e ka ’na eaba u ile le khongoana holimo ka ho nahana hore u ka etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe.

 Na ha oa ea le khongoana holimo?

 Na u nahana hore u ka etsa lintho tse peli ka nako e le ’ngoe? Mohlomong u ka khona ho etsa lintho tse ling ka nako e le ’ngoe. Mohlala, kamore ea hao e ntse e ka tsoa e le makhethe haeba u e hloekisa u bile u mametse ’mino.

 Empa haeba u leka ho etsa lintho tse peli ka nako e le ’ngoe tse hlokang hore u sebelise kelello haholo, u ka ’na oa se ke oa li etsa hantle li le peli. E ka ’na eaba ke eona ntho e entseng hore ausi ea bitsoang Katherine a bue tjena ka ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe: “Haeba u batla ho senya lintho, li etse kaofela ka nako e le ’ngoe.”

 Mocha e mong ea bitsoang Caleb o re: “Ke ne ke ntse ke bua le motho e mong eaba ho kena molaetsa fonong oo ke neng ke lokela ho o araba. Ke ile ka leka ho o araba ke bile ke ntse ke bua le motho eo. Ka qetella ke sa utloa lintho tse ngata tseo a li buileng, ka ba ka fosa le mantsoe a mangata ao ke neng ke ntse ke a ngola ha ke araba molaetsa o keneng fonong.”

 ’Mè Sherry Turkle eo e leng setsebi sa theknoloji o re: “Le hoja re ka nahana hore rea khona ho etsa mesebetsi e mengata ka nako e le ’ngoe, . . . re qetella re entse mosebetsi o bohlasoa. Ha re etsa lintho tse ngata hong, boko bo sebetsa ka matla le ho feta. Ntho eo e etsa hore re ikutloe re le sehlahlo ebe re nahana hore re ntse re otla mosebetsi hantle haholo, athe ha e le hantle re ntse re polela ka thoko ho seotlo.” a

 Mocha e mong ea bitsoang Tamara o re: “Ka linako tse ling ke nahana hore lintho li itsamaela bothebelele feela ha ke bua le motho ebe ka nģena ke ntse ke ngolla e mong molaetsa ka fono. Ebe neng-neng ha ke re heps! Ke fumana hore ke ngotse ntho eo ke neng ke tl’o e bua, ebile ke buile eo ke neng ke tl’o e ngola.”

 Batho ba lekang ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe ba ithatafalletsa bophelo ho sa hlokahale. Mohlala, hangata ba nka nako e telele haholo ho qeta mosebetsi oa sekolo. Kapa ba ka ’na ba tlameha ho nka nako e ngata ba pheta ntho eo ba neng ba nahana hore ba e qetile. Maemong ao kaofela, ba iphumana ba setse ka nako e fokolang haholo bakeng sa ho phetha mabaka a bona.

 Ha se feela Ntate Thomas Kersting eo e leng ngaka ea mafu a kelello ebile e le moeletsi likolong a reng: “A re re boko ke lebokose leo ho lona ho bolokoang litokomane, li behiloe ka makhethe. Boko ba batho ba etsang lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe bo tšoana le lebokose leo ka har’a lona ho lobokaneng, ho leng bohlasoa feela.” b

 Mocha e mong ea bitsoang Teresa o re: “Ha u leka ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe, ho na le lintho tsa bohlokoa tseo u tla li tlolisa mahlo. U ka qetella u ipaketse mosebetsi o mongata feela u bile u sentse nako eo u neng u nahana hore oa e boloka.”

Ho leka ho etsa lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe ho tšoana le ho leka ho khanna litseleng tse peli ka nako e le ’ngoe

 Ntho e betere eo u ka e etsang

  •   Itloaetse ho shebana le ntho e le ’ngoe ka nako. Ntho eo e ka ba thata, haholo ha u tloaetse ho etsetsa lintho hong. Mohlala, mohlomong u tloaetse ho romela melaetsa ka fono u bile u ntse u etsa mosebetsi oa sekolo. Empa Bibele e re re ‘nepisise lintho tsa bohlokoa haholo.’ (Bafilipi 1:​10) Mesebetsi kaofela ha e lekane ka bohlokoa. Ka hona, u khethe mosebetsi o bohlokoa haholo, ebe u shebana le oona feela ho fihlela u o qetile.

     Mocha e mong ea bitsoang Maria o re: “Ha kelello ea hao e sitoa ho tsepama nthong e le ’ngoe ka nako, e tšoana haholo le ngoana ea batlang ho iketsetsa borata. U ka bona eka u inolofalletsa bophelo ha u tlohella ngoana ea joalo hore a etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang. Empa ka linako tse ling u lokela ho tiisa ka hanong, u mo hanele. Le kelello e batla u e etse joalo feela e le hore u khone ho shebana le ntho e le ’ngoe ka nako.”

  •   Tlosa lintho tse ka u sitisang. Na u na le ho utloa u batla ho sheba melaetsa fonong ha u ntse u bala? Haeba ho joalo, e ise ka kamoreng e ’ngoe. Tima TV u be u lebale ka Inthanete. Bibele e re: “Sebelisa nako ea hao hantle kahohle kamoo u ka khonang.”​—Bakolose 4:​5, Easy-to-Read Version.

     Mocha e mong ea bitsoang Onya o re: “Ke bone hore ho shebana le ntho e le ’ngoe ka nako ho nthusa haholo. Ha ke etsa joalo, ke thaba le ho feta ha ke e qeta, ke e hlakola lethathamong la ka la mesebetsi ebe ke fetela nthong e latelang. Ntho eo e etsa hore ke utloe ke khotsofetse hampe.”

  •   Qoba ho etsa lintho tse ling ha u ntse u bua le motho. Ha u penya fono u bile u ntse u bua le motho, ntho eo ha se ho mo hlompha ebile e baka mathata. Bibele e re re tšoare batho ba bang ka tsela eo re batlang ho tšoaroa ka eona.​—Matheu 7:12.

     Mocha e mong ea bitsoang David o re: “Ka linako tse ling u tla bona ngoan’eso a ngolla motho molaetsa fonong kapa a penya fono ke ntse ke bua le eena. Ebe ke utloa ke lekehile hore! Empa ha e le ho bua ’nete feela, le ’na ke na le ho etsa eona ntho eo!”

a Mantsoe ana a tsoa bukeng ea Reclaiming Conversation.

b Mantsoe ana a tsoa bukeng ea Disconnected.