Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Bibele e ka Nthusa Joang?​—Karolo ea 1: Ithute Bibele Haholoanyane

Bibele e ka Nthusa Joang?​—Karolo ea 1: Ithute Bibele Haholoanyane

 Briana ea lilemo li 15 o re: “Ke lekile ho bala Bibele empa ke nyahamisoa ke kamoo e leng kholo kateng.”

 Na le uena u ikutloa ka tsela eo? Sehlooho sena se ka u thusa.

 Ke hobane’ng ha u lokela ho bala Bibele?

 Na ha u rate ho bala Bibele? Haeba ho joalo hoa utloahala. U ka ’na oa nka Bibele e le buka e se nang litšoantšo e nang le maqephe a fetang sekete e ngotsoeng ka mongolo o mosesaane. Kahoo u ka ’na oa nka e sa thahasellise ha e bapisoa le thelevishene le livideo.

 Leha ho le joalo, nahana ka eona ka tsela ena. Ak’u nahane u feta lebokose le leholo la mehleng ea khale le tšetseng matlotlo. Na u ka se batle ho tseba hore na ke eng ka moo?

 Bibele e joaloka lebokose le tšetseng matlotlo. E na le matlotlo a mangata a ka u thusang hore u be le bohlale ba hore

  •   U etse liqeto tse nepahetseng

  •   U utloane le batsoali ba hao

  •   U fumane metsoalle e nepahetseng

  •   U sebetsane le ho tšoenyeha

 Ke joang buka ea khale hakaale e ka re thusang kajeno? Lebaka ke hobane “lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:​16) Sena se bolela hore keletso e ka Bibeleng e tsoa mohloling o nepahetseng.

Bibele e tšoana le lebokose le nang le matlotlo a bohlokoa ka ho fetisisa kaha e re thusa hore re etse lintho ka bohlale.

 Nka bala Bibele joang?

 Tsela e ’ngoe ke ho bala Bibele ho tloha qalong ho ea fihla qetellong. Sena se tla etsa hore u tsebe seo Bibele e se rutang. Ho na le mekhoa e mengata eo u ka balang Bibele ka eona. Nahana ka mehlala ena:

  •    U ka bala libuka tse 66 tsa Bibele ka tatellano ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo.

  •    U ka bala litlaleho tsa Bibele ho ea ka hore na li etsahetse ka tatellano efe.

 Seo u ka se etsang: Karolo ea 4 ho Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo e re fa tatellano ea liketsahalo tsa bophelo ba Jesu ha a ne a le lefatšeng.

 Tsela ea bobeli eo u ka balang Bibele ka eona ke ka ho khetha litlaleho tse ka u thusang litekong tseo u kopanang le tsona. Ka mohlala:

 Seo u ka se etsang: Ha u bala Bibele, e-ea sebakeng se khutsitseng e le hore u ka khona ho nahanisisa ka seo u se balang.

 Tsela ea boraro eo u ka balang Bibele ka eona ke ka ho khetha tlaleho kapa pesaleme, u e bale ebe oa ipotsa hore na e ka u thusa joang. Ka mor’a ho bala, ipotse lipotso tse kang tsena:

  •    Ke hobane’ng ha Jehova a ile a etsa hore see se ngoloe ka Bibeleng?

  •    Taba ee e bontša’ng ka Jehova kapa tsela eo a etsang lintho ka eona?

  •    Nka sebelisa seo ke ntseng ke ithuta sona joang bophelong ba ka?

 Seo u ka se etsang: Ngola hore na u batla ho etsa’ng. Ngola letsatsi leo u batlang ho qala ho bala Bibele ka lona.