Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Nka Phelisana Hantle Joang le Batsoali ba ka?

Nka Phelisana Hantle Joang le Batsoali ba ka?

 Tlhahlobo

  •   Ke mang eo hangata u qabanang le eena?

    •  Ntate

    •  ’Mé

  •   Le qabana hangata hakae?

    •  Ka seoelo

    •  Ka linako tse ling

    •  Hangata

  •   Le qabana ho isa bohōleng bofe?

    •  Re rarolla qabang hang-hang empa ka khotso.

    •  Re e rarolla ka mor’a ho ngangisana.

    •  E ke ke ea raroloha esita le ka mor’a ho ngangisana.

 Haeba u sa utloane le batsoali ba hao, u ka ’na ua nahana hore ba lokela ho etsa ho hong e le hore ba lokise bothata boo. Leha ho le joalo, joalokaha re tla bona ho na le lintho tseo u lokelang ho li etsa e le hore le se ke la qabana khafetsa. Ntlha ea pele . . .

 Ke hobane’ng ha re qabana?

  •   Matla a ho nahana. Ha u ntse u hōla, u qala ho nahana ka botebo ka lintho tseo u neng u li etsa ha u sa le ngoana. U ka ’na ua kholiseha ka matla ka lintho tse itseng, tse ling tsa tsona e ka ba tseo batsoali ba hao ba sa lumellaneng le tsona. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Hlompha ntat’ao le ’m’ao.”​—Exoda 20:12.

     ’Nete ea bophelo: U lokela ho hōla ka ho feletseng le hore u tsebe kamoo u lokelang ho bua kateng e le hore u se ke ua khopisa batsoali ba hao.

  •   Ho ikemela. Ha u ntse u tsoela pele ho hōla, batsoali ba hao ba tla u fa bolokolohi bo eketsehileng. Bothata ke hore, mohlomong e ke ke ea e-ba bolokolohi bo bokaalo kapa ba u fa bona kapele kamoo u batlang kateng ’me seo se ka etsa hore le ngangisane. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Le mamele batsoali ba lōna.”​—Baefese 6:1.

     ’Nete ea bophelo: Hangata e le hore batsoali ba u fe bolokolohi bo eketsehileng, u lokela ho sebelisa boo u seng u ntse u e-na le bona ka nepo.

 Seo u ka se etsang

  •   Tsepamisa kelello karolong eo u e phethang. Ho e-na le ho beha molato ho batsoali ba hao ka lebaka la ho se utloane, nahana ka seo u ka se etsang e le hore u bōpe khotso. Mohlankana ea bitsoang Jeffrey o re: “Hangata ntho e etsang hore ho be le liqabang hase tsela eo batsoali ba hao ba buang ka eona empa ke tsela eo u arabelang ka eona. Ho bua u khobile matšoafo ho ka etsa hore lintho li tsamaee hantle.”

     Bibele e re: “Ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”​—Baroma 12:18.

  •   Mamela. Samantha ea lilemo li 17 o re: “Ho mamela ke ntho e thata ka ho fetisisa. Empa ke hlokometse hore ha batsoali ba lemoha hore ua ba mamela, le bona ba tla u mamela.”

     Bibele e re: ‘Potlakela ho utloa, u liehe ho bua.’​—Jakobo 1:19.

    Qabang e tšoana le mollo, haeba u sa e laole e ka tsoa taolong

  •   Sebelisana le batsoali ba hao. Sebetsana le ho se utloane ha lōna joalokaha u ne u ka etsa papaling ea bolo. Feela joalokaha u bapala khahlanong le thimi e itseng, sebetsana le bothata boo le tobaneng le bona ho e-na le hore u be khahlanong le batsoali, kaha le thiming e le ’ngoe. Mohlankana ea bitsoang Adam o re: “Nakong eo ba ntseng ba ngangisana, batsoali ba batlela mocha seo ba nahanang hore se molemo ha mocha le eena a batla seo a nahanang hore se molemo ho eena. Kahoo bonyane ba na le maikutlo a tšoanang.”

     Bibele e re: “A re phehelleng lintho tse tlisang khotso.”​—Baroma 14:19.

  •   E-ba ea utloisisang. Moroetsana ea bitsoang Sarah o re: “Ke fumane e le ho thusang ho hopola hore batsoali ba na le mathata a boima joaloka a rōna ao ba lokelang ho sebetsana le ’ona”. Ha Carla a tsoela pele ka taba ena o re: “Ke leka ho ipeha boemong ba batsoali ba ka. Ke ne ke tla etsa’ng haeba ke ne ke hōlisa ngoana ke bile ke sebetsana le mathata ao batsoali ba ka ba sebetsanang le ’ona? Ke eng e neng e tla ba molemo bakeng sa ngoana oa ka?”

     Bibele e re: “Le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”​—Bafilipi 2:4.

  •   Mamela. Ha e le hantle ke seo Bibele e hlokang hore u se etse. (Bakolose 3:20) Haeba u sebelisa keletso eo, lintho li tla u tsamaela hantle. Moroetsana ea bitsoang Karen o re: “Ha ke etsa seo batsoali ba ka ba kōpang hore ke se etse, seo se etsa hore ke fokotse ho tšoenyeha bophelong ba ka. Ba tetse lintho tse ngata bophelong molemong oa ka, ka hona seo ke lokelang ho se etsa ke hore ke ba mamele.” Ho mamela ho felisa liqabang!

     Bibele e re: “Moo ho se nang patsi mollo oa tima.”​—Liproverbia 26:20.

 Tlhahiso. Haeba ho le thata ho buisana, leka ho ngola maikutlo a hao leqepheng kapa u ngole molaetsa selefounong. Moroetsana ea bitsoang Alyssa o re: “Ke etsa seo haeba ke sa thabele ho bua ka nako eo. Ho nthusa hore ke se ke ka ntša maikutlo ke halefile kapa ke bue ntho eo ke tla ikoahlaela eona hamorao.”