Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Tla Etsa’ng Haeba Mokhotsi oa ka a Nkutloisitse Bohloko?

Ke Tla Etsa’ng Haeba Mokhotsi oa ka a Nkutloisitse Bohloko?

 Seo u lokelang ho se tseba

  •   Ntoa ke ea malula-’moho. Kaha ha rea phethahala, motsoalle oa hao kapa esita le motho eo u mo nkang e le motsoalle oa hlooho ea khomo, a ka bua kapa a etsa ntho e ka u utloisang bohloko. ’Nete ke hore le uena ha oa phethahala. Kahoo, u nahanne ka taba eo, na u ka hopola nako eo ka eona u ileng oa utloisa motho e mong bohloko?​—Jakobo 3:2.

  •   Inthanete e ka etsa hore u utloisoe bohloko habonolo feela. Mohlala, mocha e mong ea bitsoang David o re: “Ha e re u le Inthaneteng ebe u bona mokhotsi oa hao a behile lifoto tsa hae a intšitse le ba bang, u ka ’na oa qala ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha uena u sa mengoa. U ka ’na oa qala ho utloa eka u soetsitsoe u be u koate.”

  •   U ka ithuta ho hlola bothata bona.

 Seo u ka se etsang

 Itlhahlobe. Bibele e re “U se ke oa potlaka moeeng oa hao hore u khopehe, etsoe ho khopeha ho lula lifubeng tsa ba hlokang kelello.”​—Moeklesia 7:9.

 “Ka linako tse ling, u hlokomela hamorao hore ntho eo u e koatetseng ha se le ntho e kaalo.”​—Alyssa.

 Nahana ka taba ena: Na u tloaetse ho nka lintho ka maikutlo? Na u ka ithuta ho se nkele liphoso tsa batho ba bang hloohong?​—Moeklesia 7:​21, 22.

 Nahana ka melemo ea ho tšoarela ba bang. Bibele e re: “Ho hlokomoloha tlolo ke botle.”​—Liproverbia 19:11.

 “Esita le haeba u na le lebaka le utloahalang la ho koata, ke ntho e ntle hore u tšoarele ba bang ho tsoa pelong, ’me taba ena e bolela hore u se ke oa lula u mo hopotsa phoso eo a ileng a e etsa nakong e fetileng hoo u ka etsang hore a lule a kopa tšoarelo nako le nako ha u bua ka eona. Hang feela ha u mo tšoaretse, lebala ka taba eo.”​—Mallory.

 Nahana ka taba ena: Na ho koata ho bohlokoa hakaalo? Na u ka tšoarela ba bang molemong oa khotso?​—Bakolose 3:13.

Ha le lula le bua ka bothata bo bong le bo bong setsoalleng sa lona, ho ka tšoana le ha u besitse ka tlung hore ho futhumale ebe u boetse u bulela moea o batang hore u kene

 Nahanela motho e mong. Bibele e re: “Le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.”​—Bafilipi 2:4.

 “Haeba uena le metsoalle ea hao le ratana le bile le hlomphana, le na le lebaka le utloahalang la hore le lokise liqabang tsa lona kapele hobane le tsoa hole ka setsoalle sa lona. Le se ntse le entse boiteko ’me ha lea lokela ho tlohela feela.”​—Nicole.

 Nahana ka taba ena: Na bonyane u ka khona ho bona ntho e ntle eo motho e mong a e etsang?​—Bafilipi 2:3.

 Taba ea bohlokoa ke ena: Ho tseba hore na u lokela ho etsa’ng ha u utloisitsoe bohloko ke bokhoni bo tla u thusa haholo ha u se u le moholo. Ithute ho ba le bokhoni boo esale hona joale.