Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Hobane’ng ha ke sa Lokela ho Etsisa Batho ba Hlahang Mecheng ea Liphatlalatso?​—Karolo ea 1: Banana

Ke Hobane’ng ha ke sa Lokela ho Etsisa Batho ba Hlahang Mecheng ea Liphatlalatso?​—Karolo ea 1: Banana

 Batho ba hlahang mecheng ea liphatlalatso ke bo-mang?

 Sheba mantsoe ana ’me u arabe lipotso tse latelang.

Karolo ea 1

Karolo ea 2

Ea se nang phihlelo

Ea nang le boikarabelo

Ea bontšang borabele

Ea mamelang molao

Ea itšoereng hampe

Ea itšoereng hantle

Ea sa nkeng lintho ka botebo

Ea bohlale

Ea ratang ho seba

Ea masene

Ea leshano

Ea tšepahalang

  1.   Ke mantsoe afe a hlalosang banana bao u atisang ho ba bona lifiliming, thelevisheneng kapa limakasineng?

  2.   Ke mantsoe afe a hlalosang tsela eo uena u ka ratang hore batho ba u tsebe ka eona?

 E ka ’na eaba u arabile potso ea pele ka mantsoe a hlahang karolong ea 1 ’me ua araba potso ea bobeli ka a hlahang karolong ea 2. Haeba ho joalo, seo se bolela hore uena hammoho le bacha ba bang le batla ho ba batho ba molemo ho feta bao le ba bonang mecheng ea liphatlalatso. Nahana hore na ke hobane’ng ha re ka cho joalo.

 “Lifilimi li hlahisa banana e le marabele ebile ba itšoere hampe. Li etsa hore re bonahale re le batho ba sa tšepahaleng, ba ichebileng bobona le ba ratang likhang.”—Erin.

 “Banana ba hlahang lifiliming le thelevisheneng ba batla hore ho luloe ho shebiloe bona feela ’me ba amehile ka ho feteletseng ka hore na ba shebahala joang, ba apara joang, ka botumo ba bona ebile ba rata bashemane.”—Natalie.

 “Ke ka seoelo u bonang ngoanana ea ‘tummeng’ a sa noe joala, a sa robale le bashemane ’me a mamela batsoali ba hae. Ha ngoanana a sa etse lintho tsena, o hlahisoa e le ‘’mè ’mamoruti’ kapa ea tšabang bashemane.”—Maria.

 Ipotse: ‘Na tsela eo ke aparang, ke itšoarang le ho bua ka eona e bontša seo ke hlileng ke leng sona, kapa ke mpa feela ke etsisa batho bao ke ba bonang mecheng ea liphatlalatso?’

 Seo u lokelang ho se tseba

  •   Batho ba bangata ba nahanang hore ba bonahatsa seo ba leng sona ba mpa feela ba etsisa seo ba se boneng mecheng ea liphatlalatso. Karen o re: “Ke seo ngoan’eso a se etsang. O iketsa eka ha ho na ntho e ’ngoe eo a e tsotellang haese liaparo le bashemane feela. O bohlale ’me kea tseba hore o na le lintho tse ling tseo a li ratang empa o etsa eka ha a na taba hobane a nahana hore ke eona feela tsela eo a ka tšoanang le ‘banana ba bang’. Se makatsang ke hore o lilemo li 12 feela!”

     Bibele e re: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.”—Baroma 12:2.

  •   Mecha ea liphatlalatso ha e bonahatse seo banana bohle ba batlang ho ba sona. Alexis ea lilemo li 15, o re: “Mecha ea liphatlalatso e bontša banana e le batho ba ichebileng bobona, ba seleng le ba etsang lintho tse se nang kelello, empa ke nahana hore boholo ba rōna re hlalefile. Ho na le lintho tse ling tseo re amehileng ka tsona ho e-na le ho lula re nahana ka bashemane.”

     Bibele e re: ‘Batho ba hōlileng ka ho feletseng, ke bao matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.’—Baheberu 5:14.

  •   Mecha ea liphatlalatso e amehile haholo ka barekisi, eseng ka banana. Liindasteri tse kang tsa limakasine, feshene, theknoloji le tsa boithabiso lia hlokomela hore li ka etsa phaello e ngata ha li qala ho hohela bana le pele ba kena lilemong tsa bocha. Buka ea 12 Going on 29 e re: “Lipapatso li bontša hore ha bana ba lilemong tse ka tlaase ho 13 ba se na liaparo tsa morao-rao, makeup le lintho tsa elektronike, ba ke ke ba tuma. Bana ba lula ba bona lipapatso tsena ’me lia ba hohela le pele ba li utloisisa.”

     Bibele e re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.”—1 Johanne 2:16.

 Nahana ka sena: Ke mang ea etsang phaello haeba u nahana ka ho feteletseng ka lileibole tsa morao-rao tsa feshene? Ke mang ea etsang phaello haeba u batla founo ea morao-rao e le hore feela u tume har’a lithaka tsa hao? Na babapatsi ba u tsotella, kapa ba mpa feela ba batla ho rekisa lintho tsa bona?

 Seo u ka se etsang

  •   Ipotse hore na batho ba hlahang mecheng ea liphatlalatso ba ka u ama joang. Ha u ntse u hōla, u ba le bokhoni ba ho bona lintho ka ho hlaka. Nahana hore na batho ba hlahang mecheng ea liphatlalatso ba ka u ama joang. Alana ea lilemo li 14, o re: “Mecha ea liphatlalatso e bontša banana ba aparang liaparo tse khutšoaane le ba ratang ho tlotsa makeup haholo ’me ba bangata ha ba hlokomele hore ha li ba etse hore ba be batle empa li ba etsa hore ba bonahale eka ba batla ho ferehoa.”

  •   Ipolelle hore na uena u batla ho ba motho oa mofuta ofe. Ka mohlala, nahana ka litšobotsi tseo u li tšoaileng qalong ea sehlooho sena, e leng litšobotsi tseo u ka ratang ho tsebahala ka tsona. U ka qala hona joale hore u li bontše kapa u ntlafatse tsela eo u li bontšang ka eona. Bibele e re: “Le ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng”—eseng ho ea ka seo babapatsi ba batlang hore re be sona.—Bakolose 3:10.

  •   Batla batho ba ka u behelang mohlala o motle. Ba bang ba bona e ka ba beng ka uena, ba kang ’mè oa hao, rakhali kapa ’mangoane. Ba bang e ka ba metsoalle e nang le phihlelo kapa batho bao u ba tloaetseng. Ho na le basali ba bangata ba behang mohlala o motle ka phuthehong ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova.—Tite 2:3-5.

 Tlhahiso: Ithute ka mehlala ea basali ba khabane ba behang mohlala o motle ba kang Ruthe, Anna, Abigaile, Esthere, Maria le Maretha bukeng ea Etsisa Tumelo ea Bona. Buka ena e hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova ’me ea fumaneha ho www.pr418.com/st.