Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Shebahala Joang?

Ke Shebahala Joang?

 Ke hobane’ng ha u lokela ho ela hloko tsela eo u aparang ka eona? Liaparo lia bontša hore na u motho ea joang. Ebe tsa hao li u hlahisa u le motho ea joang?

 Liphoso tse tharo tseo batho ba li etsang ha ba khetha moaparo le kamoo re ka li qobang kateng

Phoso ea #1: Ho susumetsoa ke mecha ea phatlalatso.

 Mocha ea bitsoang Theresa o re: “Ka linako tse ling ke khahloa ke liaparo tse itseng hobane ke bona li bapatsoa haholo. Ha kelello ea hao e lula e bona batho ba fapaneng ba apere ntho e itseng ho thata hore le uena u se ke oa e rata.”

 Ha se banana feela ba susumetsoang ke lipapatso. Buka ea The Everything Guide to Raising Adolescent Boys e re: “Bashanyana le bona ba khahloa ke liaparo tsa morao-rao. Ba lula ba bona lipapatso tse ba hohelang hore ba reke lintho.”

 Tsela e molemo: Bibele e re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15) Ho ea ka temana ena, leka ho hlahlobisisa lintho tse hlahang lipapatsong. Ka mohlala, ha u bona ho bapatsoa liaparo tseo ho thoeng “li ntle,” ebile li tla etsa hore “batho ba shebe uena feela,” ipotse:

  •  ‘Ha e le hantle ke mang ea tla rua molemo haeba ke latela feshene eo?’

  •  ‘Batho ba tla nahana hore ke phela bophelo bo joang?’

  •  ‘Na ehlile ke bona bophelo boo ke bo phelang?’

 Keletso ea moaparo: Qeta beke u shebisisa lipapatso tsa liaparo le mecha e meng ea phatlalatso e bontšang liaparo tsa morao-rao. Li khothaletsa bophelo ba mofuta ofe? Na ka tsela e poteletseng li etsa hore u utloe eka u tlameha ho apara ka tsela e itseng? Mocha e mong ea bitsoang Karen o re: “Ho na le khatello e matla ea hore u shebahale u le motle, u apare hantle le ea hore u hlahise ’mele oa hao. Kaha batho ba rekisang liaparo baa tseba hore bacha ba tlas’a khatello ena, ba rekisetsa bona.”

Phoso ea #2: Ho apara liaparo tse ratoang hore feela u tšoane le lithaka tsa hao.

 Mocha e mong ea bitsoang Manuel o re: “Haeba liaparo tse itseng li le fesheneng batho bohle ba tl’o apara liaparo tseo. Haeba u sa li apare batho ba tl’o u makalla.” Mocha e mong ea bitsoang Anna le eena o re: “Bothata ha se ho latella feshene empa ke ho leka ho tšoana le lithaka tsa hao.”

 Tsela e molemo: Bibele e re: “Le khaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho.” (Baroma 12:⁠2) U nahanne ka keletso eo, sheba liaparo tseo u nang le tsona ebe u ipotsa lipotso tsena:

  •  ‘Ke lintho life tse etsang hore ke khethe mofuta o itseng oa liaparo?’

  •  ‘Liaparo tsa mabitso li bohlokoa hakae ho ’na?’

  •  ‘Na ke aparela ho khahlisa batho?’

 Keletso ea moaparo: Ha u nahana ka liaparo, u se ke oa nahana feela ka hore ke tse keneng fesheneng tseo batho ba bangata ba reng li ntle kapa ka hore ke tse tsoileng fesheneng tseo batho ba sa li batleng. Empa u nahane ka hore na liaparo tseo li etsa hore u ikutloe u itšepa ebile u sireletsehile. Haeba u itšepa u ke ke oa tšoenyeha ka hore u tla ba mokhelo ho lithaka tsa hao.

Phoso ea #3: Ha ke apere liaparo tse penyang kapa tse hlahisang ’mele ke hona ha ke le motle.

 Ngoanana e mong ea bitsoang Jennifer o re: “Ka linako tse ling ke khalla ho apara liaparo tse khutšoaane, tse penyang kapa tse hlahisang ’mele.”

 Tsela e molemo: Bibele e re: “Le se ke la lumella mokhabo oa lona hore e be oa . . . ka ntle, empa e ke e be motho ea ka sephiring oa pelo.” (1 Petrose 3:​3, 4) U nahanne ka temana ena, ipotse hore na ke’ng e etsang hore motho a ratehe, na ke liaparo tsa hae tse ntle kapa ke botho ba hae bo ratehang?

 Keletso ea moaparo: Ntho e khahlisang ka ho fetisisa ke ho apara ka tsela e hlomphehang. Ke ’nete hore batho ba bangata mehleng ena ha ba sa rata ho apara ka tsela eo. Empa nahana ka taba ena:

 Na u kile oa qoqa le motho ea buang haholo a bile a bua ka eena feela? Ntho e bohloko ke hore hangata motho eo ha a hlokomele le hore oa u tena.

Joaloka motho ea lulang a bua ka eena feela a etsa hore batho ba se ke ba thabela ho ba le eena, liaparo tse etsang hore batho ba shebe uena feela le tsona li joalo

 Ha u apara ka tsela e sa hlompheheng u ba joaloka motho eo. Haeba u apara liaparo tse etsang hore batho ba shebe uena feela, seo se etsa hore u shebahale eka u motho ea sa itšepeng le ea sa nahaneleng batho ba bang. Hape liaparo tseo li ka etsa hore u bonahale u le mohaung oa hore batho ba u shebe le haeba ba sa u shebe ka tsela e nepahetseng. Haeba u sa batle hore batho ba nahane lintho tse fosahetseng ha ba u shebile, leka ho apara ka tsela e hlomphehang.

 Mocha e mong ea bitsoang Monica o re: “Ho apara ka tsela e hlomphehang ha ho bolele hore u tšoanetse ho apara joaloka bo-nkhono. Empa ho bolela feela hore oa itlhompha le hore u hlompha batho ba u shebileng.”