Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Qoba Litšoantšo Tse Tsosang Takatso?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Qoba Litšoantšo Tse Tsosang Takatso?

 Na u ka khona ho li qoba?

 Haeba u sebelisa Inthanete, u lokela ho lebella hore ka nako e itseng u tla kopana le litšoantšo tse tsosang takatso. Hayley, ea lilemo li 17 o re: “Ha ho sa hlokahala hore u li batle, li se li fumaneha habonolo.”

 Le batho ba ikemiselitseng ho qoba ho shebella litšoantšo tse tsosang takatso ba ntse ba lekeha ho li sheba. Greg, ea lilemo li 18 o re: “Ke ile ka ipolella hore ho hang nke ke ka li sheba empa ke ile ka li sheba. U ke ke ua tiisa hore ha u na oela tekong.”

 Kajeno ho bonolo haholo ho fumana litšoantšo tse tsosang takatso. Kaha ho romellana litšoantšo ka founo ho se ho atile, bacha ba bangata ba iketsetsa litšoantšo tsa bona tse tsosang takatso ebe ba li romella batho ba bang.

 Ntlha ea bohlokoa: Hona joale ho thata ho qoba teko ea ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso ho feta nakong ea batsoali ba rōna le nakong ea batsoali ba batsoali ba rōna. Potso ke hore na u ka khona ho li qoba?​—Pesaleme ea 97:10.

 Karabo ke e​—haeba u khetha ho li qoba. Empa u lokela ho kholiseha pele hore litšoantšo tse tsosang takatso ea ho kopanela liphate li fosahetse. A re ke re hlahlobe a mang a mashano le linnete tse mabapi le taba ena.

 Mashano le linnete

 Leshano: Ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso ea ho kopanela liphate ho ke ke ha ’ntša kotsi.

 ’Nete: Joalokaha koae e silafatsa matšoafo, litšoantšo tse tsosang takatso li ka u silafatsa. Li nyenyefatsa seo Molimo a se bōpileng ho etsa hore batho ba babeli ba be le kamano e matla le e tšoarellang. (Genese 2:24) Ka mor’a nako, li ka ’na tsa etsa hore u be motho ea sa tsotelleng. Ka mohlala, litsebi tse ling li tlaleha hore banna ba tloaetseng ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso, ha ba bone phoso ha basali ba hlekefetsoa.

Bibele e hlalosa batho ba bang e le ba “feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro.” (Baefese 4:19) Matsoalo a bona a shoa hoo ba seng ba sa utloe bohloko ha ba etsa lintho tse mpe.

 Leshano: Litšoantšo tse tsosang takatso ea ho kopanela liphate li ka u ruta ka thobalano.

 ’Nete: Litšoantšo tse tsosang takatso ea ho kopanela liphate li u ruta hore u be meharo. Li etsa hore u talime batho e le lisebelisoa feela tseo u ka li sebelisang ho khotsofatsa litakatso tsa hao tsa boithati. Ha ho makatse hore ebe buka e ’ngoe e ile ea fihlela qeto ea hore batho ba tloaetseng ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso ha ba thabele thobalano hakaalo ka mor’a ho kena lenyalong.

Bibele e re Bakreste ba lokela ho qoba “bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono,” e leng lintho tsohle tseo litšoantšo tse tsosang takatso ea ho kopanela liphate li li khothalletsang.​—Bakolose 3:5.

 Leshano: Batho ba qobang ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso ba mpa feela ba soabela ho bua ka thobalano.

 ’Nete: Batho ba qobang ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso ba hlompha thobalano. Baa hlokomela hore ke mpho e tsoang ho Molimo e le hore monna le mosali ba nyalaneng ba matlafatse kamano e pakeng tsa bona. Batho ba nang le pono eo hangata ba thabela thobalano haholo ka mor’a lenyalo.

Bibele ha e hlathe koana le koana ha e bua ka thobalano. Ka mohlala, ha e bua le banna e re: “U thabe le mosali oa bocha ba hao . . . E se eka ka lerato la hae u ka ba boikutlong bo matla ba nyakallo kamehla.”​—Liproverbia 5:18, 19.

 U ka qoba litšoantšo tse tsosang takatso joang?

 U tla etsa’ng haeba teko ea ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso ea ho kopanela liphate e le matla hoo u sa khoneng ho li qoba? Leqephe la ho ngolla lintlha le reng, “U ka Qoba Litšoantšo Tse Tsosang Takatso Joang?” le ka u thusa.

 Kholiseha hore u ka khona ho hlōla teko ea ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso ea ho kopanela liphate. U ka boela ua ithuta ho khaotsa ho li sheba haeba u se u qalile. U tla rua molemo haholo ka ho etsa joalo.

 Nahana ka Calvin, ea lumelang hore o ile a tloaela ho sheba litšoantšo tsena ha a le lilemo li 13. O re:“Ke ne ke tseba hore ho fosahetse empa ke ne ke sa khone ho khaotsa ho li sheba. Ke ne ke utloa bohloko haholo ka mor’a ho li sheba. Ha nako e ntse e ea, ntate o ile a tseba​—’me ho bua ’nete feela, ke ile ka utloa ke imolohile! Qetellong, ke ile ka fumana thuso eo ke neng ke e hloka.”

 Calvin o ithutile ho qoba litšoantšo tsena. O re: “Ho sheba litšoantšo tsena e bile phoso e khōlō haholo hobane li ntse li hlaha ka kelellong ea ka le hona joale. Ka linako tse ling ke ntse ke lekeha ho li sheba. Empa ke nahana kamoo ke tla thaba, ke tla hloeka le kamoo ke tla ba le bokamoso bo chatsi kateng, ha ke etsa lintho ka tsela ea Jehova.”