Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Na Motho eo o Ntoketse?

Na Motho eo o Ntoketse?

 Na ho na le motho eo u nahanang hore e ka ba molekane ea u loketseng? Haeba ho joalo, u ka tseba joang hore motho eo o u loketse?

 Ke habohlokoa hore u se ke ua sheba litšobotsi tsa ka ntle feela. Ho feta moo, e ka ’na eaba ngoanana e motle ka ho fetisisa ha a tšepahale kapa moshanyana ea ratoang haholo o itšoere hampe. U hloka motho eo u tla phutholoha ha u e-na le eena​—eo le tšoanelanang le eo le nang le merero e tšoanang.​—Genese 2:18; Matheu 19:4-6.

U se ke Ua Sheba Litšobotsi Tsa ka Ntle Feela

 Sheba motho eo u batlang ho ratana le eena ka kelello e hlaphohileng. Leha ho le joalo, e-ba hlokolosi! U ka ’na ua sekamela ho bona feela seo u batlang ho se bona. Kahoo, iphe nako. Leka ho lemoha seo a hlileng a leng sona.

 Bacha ba bangata ba ratanang, ba ichebela litšobotsi tsa ka ntle feela. Ba potlakela ho bolela lintho tseo ba tšoanang ka tsona tse kang: “Re rata ’mino o tšoanang.” “Re rata ho etsa lintho tse tšoanang.” “Re lumellana linthong tsohle!” Leha ho le joalo, ha u ua lokela ho sheba litšobotsi tsa ka ntle feela. U lokela ho lemoha “motho ea ka sephiring oa pelo.” (1 Petrose 3:4; Baefese 3:16) Ho e-na le ho sheba hore na le lumellana hakae, u ka ’na ua ithuta ho hongata ka ho ela hloko se etsahalang ha le sa lumellane.

 Ka mohlala, nahana ka lintlha tse latelang:

  •   Motho eo o etsa’ng ha le sa lumellane tabeng e itseng​—na o tsitlella hore lintho li etsoe ka tsela ea hae, mohlomong ka ho “tlakoloha ka bohale” kapa ka ho bua “puo e nyefolang”? (Bagalata 5:19, 20; Bakolose 3:8) Kapa na o bontša hore o oa nahanela​—e leng ho ikemisetsa ho tenyetseha, e le hore a boloke khotso haeba e le taba feela ea hore na e mong o rata eng?​—Jakobo 3:17.

  •   Na motho eo o rata ho laola ba bang ka mano, ho ba hula ka nko kapa o oa boulela? Na o batla ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang? Nicole o re: “Ke ee ke utloe batho ba bang ba ratanang ba loanela hore e mong eena hase kamehla a ‘itlalehang’ hore na o hokae. Ke nahana hore seo se bontša hore bothata bo teng.”​—1 Bakorinthe 13:4.

  •   Batho ba bang ba mo talima joang? Ho ka ’na ha e-ba molemo hore u buisane le bao e leng khale ba mo tseba, ba kang batho ba hōlileng tsebong ka phuthehong. Ka tsela eo, u tla tseba haeba “a buuoa hantle.”​—Liketso 16:1, 2.