Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Nka Etsa’ng ha Batho ba Ntšeba?

Nka Etsa’ng ha Batho ba Ntšeba?

 Se etsang hore ho utloise bohloko

 Lesebo le leng le kotsi, joalokaha motho a ka u etselletsa hobane a leka ho u senya lebitso. Empa le haeba e se taba e ka u senyang lebitso, e ntse e ka u utloisa bohloko​—haholo ha e builoe ke motho eo u neng u nahana hore ke motsoalle ea haufi!​—Pesaleme ea 55:12-14.

 “Ke ile ka utloa hore motsoalle e mong oa ka o buile ka ’na, o re ha ke tsotelle batho ba bang. Seo se ile sa nkutloisa bohloko haholo! Ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha a ka bua joalo.”​—Ashley.

 Seo e leng ’nete: Ho sa tsotellehe hore na motho ea buang ka uena ke motsoalle ea haufi kapa che, ho utloisa bohloko ho tseba hore ba bang ba u bua hampe.

 Ho utloisang bohloko ke hore hase kamehla u ka thibelang lesebo

 Ho na le mabaka a ’maloa a ka ’nang a etsa hore batho ba bue ka ba bang, a akarelletsa:

 Ho tsotella batho. Batho ba rata ho etsa lintho hammoho. Kahoo ka tlhaho rea buisana (re be re bue ka ba bang). Ha e le hantle, Bibele e re khothalletsa hore re bontše ho ‘thahasella’ ba bang.​Bafilipi 2:4.

 “Hoa thahasellisa ho bua ka batho!”​—Bianca.

 “Ho bua ’nete, ke rata ho tseba lintho tse etsahalang bophelong ba batho ba bang le ho bua ka tsona. Ha ke tsebe hore na seo se etsoa ke’ng​—empa kea ho thabela.”​—Katie.

 Ho boreha. Mehleng ea Bibele, ho ne ho e-na le batho ba neng “ba sa etse letho, haese ho bolela kapa ho utloa ho hong ho hocha.” (Liketso 17:21 Bibele—Phetolelo e Ncha) Hoa tšoana le kajeno!

 “Ka linako tse ling, ha ho se letho le etsahalang, batho ba iqapela taba e le hore ba be le seo ba ka buang ka sona.”​—Joanna.

 Ho ikhalala. Ka ho utloahalang, Bibele e lemosa batho hore ba se ke ba ipapisa le ba bang. (Bagalata 6:4) Ka masoabi, batho ba bang ba ikhalalang ba bua ba bang hampe ho pata bothata ba bona.

 “Batho ba buang ba bang hampe, ba senola ho hong ka bona. Hangata ba bontša hore tlaase botebong ba pelo ba honohela motho eo ba mo sebang. Ba bua ba bang hampe hobane ba batla ho etsa eka ba molemo ho ba feta.”​—Phil.

 Seo e leng ’nete: Joang kapa joang, batho ba tla bua ka ba bang​—ho akarelletsa le uena.

 Ho thabisang ke hore u ka etsa hore lesebo le se ke la u laola

 U ke ke ua khona ho thibela batho ho bua ka uena, empa u ka khetha seo u tla se etsa ka taba eo. Haeba u utloa hore ho na le taba e ntseng e buuoa ka uena, ho na le bonyane lintho tse peli tseo u ka li etsang.

 NTHO EA 1: Hlokomoloha taba. Hangata ho molemo hore u hlokomolohe taba eo​—haholo-holo haeba ke e sa reng letho. Latela keletso ena ea Bibele: “U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe.”​—Moeklesia 7:9.

 “Ho ile ha tlala taba ea hore ke ratana le moshemane e mong eo ke sa mo tsebeng le ho mo tseba! Taba eo e ne e makatsa hoo ke ileng ka e tšeha feela.”​—Elise.

 “Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho loantša lesebo ke ho iketsetsa botumo bo botle. Esita le haeba motho a ka u bua hampe, batho ba bangata ha ba na ho lumela taba eo, haeba u e-na le botumo bo botle. ’Nete e ea senoleha.”​—Allison.

 Tlhahiso: Ngola (1) taba e builoeng ka uena le (2) hore na e etsa hore u ikutloe joang. Ha u se u ‘buetse taba eo ka pelong’ ho ka ’na ha e-ba bonolo hore u lebale ka eona.​—Pesaleme ea 4:4.

 NTHO EA 2: Bua le motho ea qalileng taba. Maemong a mang, u ka ’na ua utloa hore motho ea itseng o buile taba e tebileng ka uena, hoo u utloang hore u batla ho bua le eena.

 “Haeba u ea ho batho ba buileng ka uena, ba ka ’na ba ithuta hore lintho tseo ba li buang ka motho e mong li qetella li fihlile tsebeng tsa hae. Ho feta moo, le ka buisana ka taba eo ’me mohlomong la rarolla bothata.”​—Elise.

 Pele u ea ho motho ea buileng ka uena, nahana ka melao-motheo e latelang ea Bibele, ’me u ipotse lipotso tse ka tlaase mona.

  •   “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utloa, hoo ke booatla ho eena.” (Liproverbia 18:13) ‘Na ke tseba lintlha tsohle tse amehang? Na ebe mohlomong motho ea mpoleletseng taba eo ha a utloisisa hantle seo a se utloileng?’

  •   ‘U potlakele ho utloa, u liehe ho bua, u liehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19) ‘Na ee ke nako e loketseng ea hore ke buisane le motho ea buileng ka ’na? Na ke kholisehile hore ha ke bua le eena ha ke na ho nkoa ke pelo? Kapa na ho ka ba molemo hore ke eme ho se hokae e le hore ke theole maikutlo?’

  •   “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) ‘Haeba e ne e le uena ea buileng ka motho eo, u ne u ka rata hore a bue joang le uena? U ne u ka rata hore a bue le uena hokae? E le hore motho eo a u finyelle pelo, u ne u ka rata hore a re’ng ’me a etse’ng?’

 Tlhahiso: Pele u ea ho motho ea buileng ka uena, ngola seo u batlang ho se bua. Ebe ka mor’a beke kapa tse peli, u bala seo u se ngotseng ’me u bone haeba ho na le moo u batlang ho fetola teng. Hape u ka buisana le motsoali oa hao kapa motsoalle ea hōlileng tsebong, ’me ua mo kōpa hore a u eletse.

 Seo e leng ’nete: Joaloka lintho tse ling tse ngata tse etsahalang bophelong, ka linako tse ling u ke ke ua khona ho thibela batho ho bua ka uena. Empa seo ha sea lokela ho u laola!