Kosepele ea Matheu 6:1-34

  • THUTO EA THABENG (1-34)

    • Le se ke la iketsa eka le lokile (1-4)

    • Tsela ea ho rapela (5-15)

      • Thapelo ea Morena (9-13)

    • Ho itima lijo (16-18)

    • Matlotlo lefatšeng le leholimong (19-24)

    • Tlohelang ho tšoenyeha (25-34)

      • Etsang hore ’Muso o tle pele (33)

6  Hlokomelang hore le se ke la etsa mesebetsi e lokileng ka pel’a batho hore feela ba le bone,+ ho seng joalo Ntate oa lona ea maholimong a ke ke a le fa moputso.  Kahoo, ha u fa bafutsana liphallelo,* u se ke oa ipolelisa* joalokaha baikaketsi ba etsa matlong a thapelo* le literateng e le hore ba rorisoe ke batho. Kannete ke re ho lona, ba se ba fumane moputso oa bona o feletse.  Empa uena ha u fa bafutsana liphallelo, u se ke oa lumella letsoho la hao le letšehali hore le tsebe seo le letona le se etsang  e le hore thuso ea hao e be lekunutu. Kaha Ntate oa hao ea maholimong o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe, o tla u hlohonolofatsa.+  Hape, ha le rapela, le se ke la ba joaloka baikaketsi+ hobane ba rata ho rapela ba eme ka matlung a thapelo le lik’honeng tsa literata tse kholo hore ba bonoe ke batho.+ Kannete ke re ho lona, ba se ba fumane moputso oa bona o feletse.  Empa ha u rapela, u kene ka kamoreng, u koale monyako ebe u rapela Ntate oa hao ea maholimong.*+ Kaha Ntate oa hao ea maholimong o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe, o tla u hlohonolofatsa.  Ha u rapela, u se ke oa pheta-pheta mantsoe a tšoanang joaloka batho ba lichaba hobane ba nahana hore Molimo o tla ba utloa ha ba sebelisa mantsoe a mangata.  Le se ke la ba etsisa hobane Ntate oa lona oa tseba+ hore na le hloka’ng le pele le mo kopa.  Lona le rapele tjena:+ ‘Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao+ le halaletsoe.+ 10  ’Muso+ oa hao o tle. Thato ea hao+ e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.+ 11  U re fe bohobe ba letsatsi lena+ 12  hape u re tšoarele liphoso tsa rona joalokaha le rona re tšoaretse ba re etselitseng liphoso.+ 13  U se ke oa re lumella hore re hloloe ke moleko*+ empa u re lopolle ho ea khopo.’+ 14  Haeba le tšoarela batho liphoso tsa bona, Ntate oa lona ea leholimong le eena o tla le tšoarela.+ 15  Empa haeba le sa tšoarele batho liphoso tsa bona, Ntate oa lona le eena a ke ke a le tšoarela.+ 16  Ha le itima lijo,+ le khaotse ho bonahala eka le utloile bohloko joaloka baikaketsi hobane ba etsa joalo* hore batho ba ba bone hore ba itima lijo.+ Kannete ke re ho lona, ba se ba fumane moputso oa bona o feletse. 17  Empa ha u itima lijo, u tlotse hlooho ea hao ka oli u be u itlhatsoe sefahleho 18  e le hore e be Ntate oa hao ea maholimong ea bonang hore u itima lijo eseng hore u bonoe ke batho. Kaha Ntate oa hao ea maholimong o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe, o tla u hlohonolofatsa. 19  Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng,+ moo tšoele* le mafome li jang le moo masholu a thuhang ’me a utsoe. 20  Empa le ipolokele matlotlo leholimong,+ moo tšoele* kapa mafome li sa jeng+ le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe. 21  Etsoe moo letlotlo la hao le leng teng, le pelo ea hao e tla ba hona teng. 22  Lebone la ’mele ke leihlo.+ Haeba leihlo la hao le sheba nģa e le ’ngoe, ’mele oohle oa hao o tla khanya. 23  Empa haeba leihlo la hao le sheba lintho tse fosahetseng,*+ ’mele oohle oa hao o tla ba lefifi. Ha e le hantle, haeba leseli le ka ho uena ke lefifi, lefifi leo ke le leholo haholo. 24  Ha ho na motho ea ka sebeletsang benghali ba babeli hobane o tla rata e mong ebe o hloea e mong+ kapa a hlomphe e mong ebe o tella e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo.+ 25  Ka lebaka lena ke re ho lona, tlohelang ho tšoenyeha+ ka bophelo ba lona hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng kapa la tšoenyeha ka ’mele ea lona hore na le tla apara’ng.+ Na bophelo ha bo bohlokoa ho feta lijo le ’mele ha o bohlokoa ho feta liaparo?+ 26  Shebang linonyana,+ ha li jale peo leha e le ho kotula kapa ho boloka lijo ka setorong empa Ntate oa lona ea leholimong oa li fepa. Na ha le bohlokoa ho li feta? 27  Ke mang ho lona eo ha a tšoenyeha a ka lelefatsang bophelo ba hae leha e le hanyenyane feela?*+ 28  Hape ke hobane’ng ha le tšoenyeha ka liaparo? Ithuteng kamoo lipalesa* tsa naha li holang kateng. Ha li lohe liaparo ebile ha li sebetse ka thata 29  empa kea le bolella hore esita le Solomone+ le hoja a ne a apara hantle, o ne a sa apare joaloka tsona. 30  Joale haeba ena ke tsela eo Molimo a apesang limela tsa naha ka eona, tse leng teng kajeno ’me hosane li lahleloa ka ontong, na lona a ke ke a le apesa le ho feta, lona ba nang le tumelo e nyenyane? 31  Kahoo, le ka mohla le se ke la tšoenyeha+ ’me la re: ‘Re tla ja’ng?’ ‘Re tla noa’ng?’ kapa ‘Re tla apara’ng?’+ 32  Tsena tsohle ke lintho tseo batho ba lichaba ba phathahanang ka tsona. Ntate oa lona ea leholimong oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle. 33  Kahoo, etsang hore ’Muso oa Molimo le ho mamela Molimo e be lintho tse tlang pele bophelong ba lona* ’me o tla le ekeletsa lintho tse ling tsohle.+ 34  Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang+ hobane letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le na le mathata a lona.

Linaletsana

Ka Segerike: “letsa terompeta ka pel’a hao.”
Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Ka Segerike: “limpho tsa mohau.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Ntate oa hao eo ho seng motho ea ka mo bonang.”
Ka Segerike: “U se ke oa re kenya molekong.”
Kapa: “ha ba hlokomele lifahleho tsa bona.”
Kapa: “’moto.”
Kapa: “’moto.”
Ka Segerike: “le le khopo.”
Kapa: “ka setsoe se le seng?” Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “likhahla.”
Kapa: “le ’ne le batle ’Muso pele le ho loka ha hae.”