Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Eng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Hlekefetsoa ka Thobalano?​—Karolo ea 1: Temoso

Ke Eng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Hlekefetsoa ka Thobalano?​—Karolo ea 1: Temoso

 Ho hlekefetsa ka thobalano ke’ng?

 Le hoja ketso ena e hlalosoa ka litsela tse sa tšoaneng ho ea ka libaka, lentsoe “ho hlekefetsa ka thobalano” le ka bolela ho qobella motho ho etsa thobalano ka likhoka. Ho ka akarelletsa lintho tse kang, ho hlekefetsa ngoana kapa mocha ka thobalano, ho robala le mong ka motho ea haufi, ho beta le ho etsoa makhoba a thobalano ke “setsebi se itseng se tšeptjoang”​—mohlomong ngaka, tichere kapa moruti. Mahlatsipa a mang, ebang ke a hlekefelitsoeng ka mantsoe kapa ’meleng, a tšosoa ka hore a tla ntšoa kotsi haeba a ka tlaleha se etsahetseng.

 Ho ea ka phuputso e ’ngoe, selemo le selemo United States feela, batho ba ka holimo ho 250 000, ba tlaleha hore ba hlekefelitsoe ka thobalano. Hoo e ka bang halofo ea bona ba lilemo tse pakeng tsa 12 le 18.

 Seo u lokelang ho se tseba

  •   Bibele e nyatsa tlhekefetso ea thobalano. Bibele e bua ka mokhopi o hlanyetsang thobalano o neng o batla ho beta banna ba babeli ba neng ba etetse motseng oa Sodoma hoo e ka bang lilemo tse 4 000 tse fetileng​—e leng ketsahalo e bontšang hore ke hobane’ng ha Jehova a ile a timetsa motse oo. (Genese 19:4-​13) Ho phaella moo, Molao o ileng oa nehoa Moshe lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng, o ne o hanela batho ho robala le beng ka bona ba haufi, ho akarelletsa ho hlekefetsa setho sa lelapa ka thobalano.​—Levitike 18:6.

  •   Hangata motho o hlekefetsoa ke batho bao a ba tsebang. Buka ea Talking Sex With Your Kids e re: “Batho ba babeli ho ba bararo ba betoang, ba tseba motho ea ba betileng. Hangata ha ba betoe ke motho feela eo ba sa mo tsebeng.”

  •   Hase basali feela ba hlekefetsoang ka thobalano. United States, banna ba etsang liphesente tse leshome ke mahlatsipa a ho hlekefetsoa ka thobalano. Ho ea ka mokhatlo o khahlanong le ho hlekefetsa ka thobalano o bitsoang Rape, Abuse & Incest National Network (RAINN), banna ba hlekefelitsoeng “ba ka ’na ba ba le tšabo ea hore batho ba tla re ke li-gay” kapa hore “hase banna ba sebele.”

  •   Hase ntho e makatsang ho bona ho ata ha tlhekefetso ea thobalano. Bibele e ile ea bolela esale pele hore “matsatsing a ho qetela” batho ba bangata e ne e tla ba “ba se nang lerato la tlhaho” ’me ba ne ba tla “ba bohale bo tšosang” e be “ba hlokang boitšoaro.” (2 Timothea 3:​1-3) Mekhoa eo e mebe e bonahala ho batho ba lekang ho hlekefetsa ba bang ka thobalano.

  •   Motho ea hlekefetsoang ka thobalano ha a na molato. Ha ho na motho ea lokelang ho hlekefetsoa ka thobalano. Motho ea hlekefetsang ba bang ke eena ea ikarabellang ka liketso tsa hae. Leha ho le joalo, ho na le mehato eo u ka e nkang e le hore u itšireletse ho hlekefetsoeng ka thobalano.

 Seo u lokelang ho se etsa

  •   Itokise. Tseba esale pele hore u tla etsa’ng ha motho e mong​—kapa esita le motho eo u ratanang le eena kapa mong ka uena​—a leka ho u qobella hore u robale le eena. Mosali e mong ea bitsoang Erin o khothalletsa batho hore ba itokisetse boemo leha e le bofe ba khatello e joalo, ka hore ba nahane ba le boemong boo le hore na ba ka etsa’ng ha ba tobane le bona. O re: “Ho etsa joalo ho ka ’na ha bonahala ho se na kelello, empa ho tla u thusa ha u tobane le maemo a sebele le hore u se ke ua ba lehlatsipa la ho hlekefetsoa.”

     Bibele e re: “Le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, . . . hobane matsatsi a khopo.”​—Baefese 5:​15, 16.

     Ipotse: ‘Ke ne ke tla etsa’ng haeba motho e mong a ntšoara ka tsela e etsang hore ke se ke ka phutholoha?’

  •   Rera hore u tla tsoa joang boemong boo. Mokhatlo oa RAINN o khothalletsa hore “uena le metsoalle ea hao kapa ba lelapa le iqapele lentsoe le itseng le tsejoang ke lōna feela, e le hore ha u ikutloa u sa phutholoha u ka ba founela u bue lentsoe leo e le ho ba tsebisa hore ha ua phutholoha. Metsoalle ea hao kapa ba lelapa ba ka u lata kapa ba beha lebaka le itseng la hore u tsamaee.” U ka qoba ho hlaheloa ke tlokotsi ka hore u se ke ua ba boemong bo tla u kenya kotsing.

     Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.”​—Liproverbia 22:3.

     Ipotse: ‘Ke rerile ho tsoa joang boemong bo kotsi?’

    Lula u e-na le leano la ho tsoa boemong bo kotsi

  •   Beha meeli​—’me u e khomarele. Ka mohlala, haeba u ratana, uena le motho eo u ratanang le eena le lokela ho buisana ka hore ke boitšoaro bofe bo sa lokelang. Haeba a sa lumellane le uena, u lokela ho fumana motho e mong ea hlomphang maikutlo a hao.

     Bibele e re: “Lerato . . . ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona.”​—1 Bakorinthe 13:​4, 5.

     Ipotse: ‘Ke boitšoaro ba mofuta ofe boo ke lumelang hore bo fosahetse?