Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Hobane’ng ha ke Lula ke Bua Lintho Tseo ke sa Ikemisetsang ho li Bua?

Ke Hobane’ng ha ke Lula ke Bua Lintho Tseo ke sa Ikemisetsang ho li Bua?

 “Ka linako tse ling, ke khona ho laola leleme la ka empa ka nako e ’ngoe ha ke khone ho itšoara ebe ke bua lintho pele ke nahana.”​—James.

 “Ha ke tšohile ke bua ke sa nahana hape ha ke thabile haholo ke bua lintho tseo ke sa lokelang ho li bua. Ha e le hantle, ke lula ke bua lintho tse fosahetseng.”​—Marie.

 Bibele e re: “Leleme ke mollo” ’me, ho “hlokahala mollo o monyenyane hakaakang ho chesa moru o moholo haholo!” (Jakobo 3:​5, 6) Na u lula u bua lintho tse u kenyang ka hare? Haeba ho joalo, sehlooho sena se tl’o u thusa.

 Ke hobane’ng ha ke bua lintho tse fosahetseng?

 Ho se phethahale. Bibele e re: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng.” (Jakobo 3:2) Kaha ha rea phethahala, ha re khoptjoe ha re tsamaea feela empa le ha re bua rea khoptjoa ebe re bua lintho tse fosahetseng.

 “Ke ntho e sa utloahaleng ho nahana hore nka khona ho laola boko ba ka le leleme la ka tse sa phethahalang.”​—Anna.

 Ho bua haholo. Bibele e re: “Mantsoeng a mangata tlolo ha e tlohele ho ba teng.” (Liproverbia 10:​19) Batho ba buang haholo ebile ba sa mamele batho ba bang hangata ba bua lintho tse fosahetseng tse utloisang batho ba bang bohloko.

 “Kamehla batho ba inahanang pele ba bua ba bohlale. Jesu ke motho ea bohlale ka ho fetisisa ea kileng a phela lefatšeng empa ho ntse ho le joalo ka linako tse ling o ne a itholela.”​—Julia.

 Ho bua ka ho phoqa. Bibele e re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.” (Liproverbia 12:​18) Ka linako tse ling, re ka bua re sa nahanele ba bang ka hore re ba phoqe, re bue mantsoe a ka ba utloisang bohloko le a ka etsang hore ba ikutloe ba le basesanyane. Hangata batho ba lulang ba phoqa batho ba bang ba rata ho re: “Ne ke empa ke soasoa.” Empa ha e le hantle ho soabisa batho ba bang ha se ntho e tšehisang. Bibele e re re lokela ho tlohela “puo e nyefolang . . . hammoho le bobe bohle.”​—Baefese 4:31.

 “Ke motho ea qabolang ’me ka linako tse ling ke ba khathatsong ka lebaka la mesoaso ea ka.”​—Oksana.

Lentsoe ha le khutle e se monoana feela joalokaha sesepa sa meno se ke ke sa khutlela ka chupung

 Laola leleme

 Ke ’nete hore ho laola leleme ha se ntho e bonolo kamehla empa melao-motheo ea Bibele e ka u thusa. Nahana ka mehlala e latelang.

 “Buelang ka lipelong, . . . ’me le khutse.”​—Pesaleme ea 4:4.

 Ka linako tse ling ho molemo ho khutsa. Mocha e mong ea bitsoang Laura o re: “Tsela eo ke ikutloang ka eona ha ke koatile ha e tšoane le eo ke ikutloang ka eona ha ke le hantle. Ha ke se ke khobile matšoafo, kea thaba hore ebe ha kea ka ka bua lintho tseo ke neng ke batla ho li bua ka nako eo.” Ntho e ’ngoe hape e ka u thusang hore u se ke oa bua lintho tse fosahetseng ke ho imamela metsotsoana e seng mekae feela.

 “Na tsebe ha e leke mantsoe joalokaha mahalapa a latsoa lijo?”​—Jobo 12:11.

 Ho ipotsa lipotso tsena ho ka u thusa hore u se ke oa ikoahlaela lintho tseo u li buang:

  •   Na ntho eo ke tl’o e bua ke ’nete, e mosa hape na ea hlokahala?​—Baroma 14:19.

  •   Nka ikutloa joang ha motho e mong a ne a ka bua ntho e tšoanang ho ’na?​—Matheu 7:12.

  •   Na e bontša hore ke hlompha maikutlo a batho ba bang?​—Baroma 12:10.

  •   Na ee ke nako e nepahetseng ea ho bua taba ee?​—Moeklesia 3:7.

 “Ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.”​—Bafilipi 2:3.

 Keletso ena e tla u thusa hore u be le menahano e metle ka batho ba bang ’me ho etsa joalo ho tla u thusa hore u khone ho laola leleme la hao kapa u nahane pele u bua. Le haeba u se u buile lintho tse utloisang ba bang bohloko, boikokobetso bo ka u thusa hore u kope tšoarelo ’me u etse joalo kapele kamoo u ka khonang. (Matheu 5:​23, 24) Joale, etsa sohle seo u ka se khonang ho laola leleme la hao.