Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Hobane’ng ha ke Itšeha?

Ke Hobane’ng ha ke Itšeha?

 Ho itšeha ke eng?

 Motho ea itšehang ke ea lemaletseng ho intša kotsi ka lintho tse sehang. Ke tsela e ’ngoe eo batho ba itematsang ka eona. Ba bang baa ichesa, ba intša matetetso kapa baa ikotla. Sehlooho sena se bua ka batho ba itšehang, empa melao-motheo e fanoeng mona e ea sebetsa le ho batho ba sebelisang mekhoa e meng ea ho intša kotsi.

 Itlhahlobe: ’Nete kapa Bohata.

  1.   Ke banana feela ba itšehang.

  2.   Ha motho a itšeha, o tlōla taelo ea Bibele e ho Levitike 19:28, e reng: “Le se ke la iphatsa ’meleng.”

 Likarabo tse nepahetseng:

  1.   Bohata. Le hoja ho bonahala eka ke banana haholo ba nang le bothata bona, bashemane ba bang le bona baa itšeha le ho itematsa ka litsela tse itseng.

  2.   Bohata. Levitike 19:28 e bua ka moetlo oa bohetene oa boholo-holo, eseng ho lemalla ho intša kotsi ho tšohloang sehloohong sena. Leha ho le joalo, ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore ’Mōpi oa rōna ea lerato ha a batle hore re intše kotsi.—1 Bakorinthe 6:​12; 2 Bakorinthe 7:1; 1 Johanne 4:8.

 Ke hobane’ng ha batho ba itšeha?

 Itlhahlobe: U nahana hore ke polelo efe e nepahetseng ho tsee?

 Batho ba itšeha . . .

  1.   hobane ba leka ho kokobetsa bohloko boo ba bo utloang maikutlong.

  2.   hobane ba leka ho ipolaea.

 Karabo e nepahetseng: A. Batho ba bangata ba itšehang ha ba batle ho shoa. Ba mpa ba batla ho kokobetsa bohloko boo ba bo utloang maikutlong.

 Hlokomela seo bacha ba bang ba neng ba tloaetse ho itšeha ba se buang.

 Celia: “Ho ne ho etsa hore ke ikutloe ke imolohile.”

 Tamara: “Ho ne ho ntebatsa mathata. Bohloko boo ke neng ke bo utloa ’meleng, bo ne bo le betere ho feta boo ke neng ke bo utloa maikutlong.”

 Carrie: “Ke ne ke sa batle ho sareloa. Ho itšeha ho ne ho etsa hore ke se ke ka nahana ka bohloko boo ke bo utloang maikutlong, empa ke nahane ka boo ke bo utloang ’meleng.”

 Jerrine: “Nako le nako ha ke itšeha, ke ne ke lebala ka lintho tse etsahalang bophelong ba ka, ’me ke nka hore ho ke ke ha hlokahala hore ke rarolle mathata a ka. Ke ne ke thabela seo.”

 Haeba u na le bothata bona, u ka etsa’ng ho khaotsa?

 Ho rapela Jehova Molimo e ka ba mohato oa bohlokoa o ka u thusang hore u khaotse. Bibele e re: ‘Lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho eena, hobane oa u tsotella.’​—1 Petrose 5:7.

 Tlhahiso: Qala ka ho etsa thapelo e khutšoanyane, mohlomong u ka re ho Jehova, “Ke kōpa u nthuse.” Ha nako e ntse e ea, u tla khona ho buisana le eena ka bolokolohi le ho bolella “Molimo oa matšeliso ’ohle” tsela eo u ikutloang ka eona.​—2 Bakorinthe 1:​3, 4.

 Thapelo hase setšehetso sa nakoana feela. Empa ha u rapela u buisana le Ntate oa hao oa leholimo, ea u tšepisang hore: “Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.”​—Esaia 41:10.

 Batho ba bangata ba nang le bothata ba ho itšeha, ba boetse ba thusitsoe ke ho buisana le batsoali ba bona kapa motho e moholo eo ba mo tšepang. Nahana ka se builoeng ke bacha bana ba bararo ba ileng ba etsa seo.

 Lipotso tseo u ka nahanang ka tsona

  • Ke mang eo u ka buang le eena ha u hloka thuso?

  • U ka re’ng thapelong ho Jehova Molimo ha u mo bolella bothata ba hao?

  • Ke lintho life tse peli (tse sa hlokeng hore u intše kotsi) tseo u ka li etsang ho kokobetsa maikutlo ha u sithabetse le ha u tšoenyehile?