Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 2: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?

Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 2: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?

Alex o ferekane. Haesale a lumela ho Molimo le hore lintho tse phelang li bōpiloe. Empa kajeno tichere ea hae ea baeloji e ba rutile hore lintho tse phelang li bile teng ka ho iphetola ha lintho, a ba a bolela ka tieo hore taba ena e etselitsoe lipatlisiso tse tebileng. Alex ha a batle ho bonahala eka ke sethoto. Oa nahana ’me o re, ‘haeba borasaense ba fane ka bopaki ba hore thuto ea ho iphetola ha lintho ke ’nete, ’na ke mang hore nka ba hanyetsa?’

 Na le uena u kile ua ba boemong bo joalo? E ka ’na eaba haesale u lumela seo Bibele e se rutang ha e re: “Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Leha ho le joalo, morao tjena batho ba ’nile ba leka ho etsa hore u lumele hore lintho tse phelang ha lia bōptjoa empa li bile teng ka ho iphetola ha lintho. Na u lokela ho ba kholoa? Ke hobane’ng ha re lokela ho lumela hore lintho li bōpiloe?

 Mabaka a mabeli a ho lumela hore lintho li bōpiloe

  1.   Borasaense ha ba lumellane ka thuto ea ho iphetola ha lintho. Ho sa tsotellehe lilemo tse mashome tseo borasaense ba li qetileng ba ntse ba etsa lipatlisiso ka thuto ena, ha ba e-s’o fihlele tlhaloso eo ba lumellanang ka eona.

     Nahana ka sena: Haeba borasaense ba sa lumellane ka thuto ea hore lintho li iphetotse, empa e le litsebi, na u etsa phoso ha u belaela thuto ee?—Pesaleme ea 10:4.

  2.   Ke habohlokoa hore na u lumela’ng. Moshanyana ea bitsoang Zachary o re: “Haeba bophelo bo tlile ka tšohanyetso, seo se bolela hore ha ho na thuso hore ebe rea phela hammoho le lintho tsohle tse bokahohleng.” O bua ntlha ea bohlokoa. Ha e le hantle, haeba lintho tse phelang li bile teng ka ho iphetola, bophelo bo ka be bo se na morero. (1 Bakorinthe 15:32) Ka lehlakoreng le leng, haeba lintho tse phelang li bōpiloe, re ka fumana likarabo tse re khotsofatsang tsa lipotso tse mabapi le hore na re phelela’ng le hore na bokamoso bo re tšoaretse eng.—Jeremia 29:11.

     Nahana ka sena: Ho tseba ’nete ka hore na lintho tse phelang li bile teng ka ho iphetola kapa hore na li bōpiloe ho ka u thusa joang?—Baheberu 11:1.

 Lipotso tseo u ka nahanang ka tsona

 SEO BATHO BA SE BUANG: ‘Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bokahohleng e bile teng ka ho phatloha ho hoholo.’

  •   Ke mang kapa ke’ng e bakileng ho phatloha ho hoholo?

  •   Ke taba efe utloahalang le ho feta—hore ho na le motho ea entseng lintho tsohle kapa lintho tsohle li itlhahetse feela?

 SEO BATHO BA SE BUANG: ‘Batho ba tsoa liphoofolong.’

  •   Haeba batho ba tsoa liphoofolong—ka mohlala, litšoeneng—ke hobane’ng ha batho ba le bohlale ho feta litšoene? a

  •   Ke hobane’ng ha le lintho tse “nyenyane” ka ho fetisisa bophelong li entsoe ka tsela e rarahaneng? b

 SEO BATHO BA SE BUANG: ‘Thuto ea ho iphetola ha lintho ke ’nete.’

  •   Na motho ea buang see, u iketselitse lipatlisiso?

  •   Ke batho ba bakae ba lumelang thuto ea ho iphetola ha lintho hobane feela ba boleletsoe hore batho bohle ba bohlale ba e lumela?

a Batho ba bang ba bolela hore lebaka le etsang hore batho ba be bohlale ho feta litšoene ke hobane boko ba batho bo boholo ho feta ba litšoene. Leha ho le joalo, e le hore u fumane mabaka a hore na ke hobane’ng ha taba ena e sa utloahale bala bukana e reng, The Origin of Life—Five Questions Worth Asking, leqepheng la 28.

b Sheba bukana e reng, The Origin of Life—Five Questions Worth Asking, leqepheng la 8-12.