Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Eng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Hlekefetsoa ka Thobalano?​—Karolo ea 2: Ho Hlaphoheloa

Ke Eng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Hlekefetsoa ka Thobalano?​—Karolo ea 2: Ho Hlaphoheloa

 Ho sebetsana le boikutlo ba ho ba molato

 Mahlatsipa a mangata a hlekefelitsoeng ka thobalano a hlajoa ke lihlong ka lebaka la se etsahetseng. Ka linako tse ling ba ikutloa ba le molato. Nahana ka Karen eo hona joale a leng lilemo li 19, ea ileng a hlekefetsoa ka thobalano ha a ne a le lilemo li 6 ho fihlela ha a se a le lilemo li 13. “Ntho e nkutloisang bohloko ka ho fetisisa ke hore ke ikutloa ke le molato. Kea ipotsa hore na ke hobane’ng ha ke ile ka lumella hore ke hlekefetsoe nako e telele hakana?”

 Haeba u ikutloa ka tsela eo, nahana ka lintlha tsena:

  •   ’Mele ea bana le maikutlo a bona ha li e’so lokele hore ba ka kopanela liphate. Ha ba tsebe hore na ketso eo e bolela’ng kahoo ba sitoa ho lumellana le eona ka tsela leha e le efe e nang le morero. Sena se bolela hore bana ha ba molato ha ba hlekefetsoa.

  •   Hangata bana ba tšepa batho ba baholo ’me ba kotsing e khōlō hobane ha ba tsebe maqheka a batho ba tletseng bobolu. Buka ea The Right to Innocence e re, “Batho ba hlekefetsang bana ba tseba ho ba qhekella ’me ha ho bonolo hore ngoana a hlokomele bomenemene ba bona.”

  •   Ha ngoana a hlekefetsoa, seo se ka ’na sa tsosa litakatso tsa hae tsa botona le botšehali. Haeba u kile ua ba boemong boo, kholiseha hore ke ha tlhaho hore ’mele oa motho o ikutloe ka tsela eo ha o tšoaroa ka tsela e itseng. Ha ho bolele hore u ne u lumellana le ho hlekefetsoa hoo kapa leha e le hore u molato.

 Seo u ka se etsang: Nahana ka ngoana eo u mo tsebang eo hona joale a leng lilemong tseo u neng u le ho tsona ha u ne u hlekefetsoa. Ipotse, ‘Na e ne e tla ba ho utloahalang ho tšoaea ngoana eo phoso haeba a ne a hlekefelitsoe?’

 Karen o ile a hlalosa ntlha eo ha a ne a siiloe hore a hlokomele bana ba bararo ’me e mong oa bona a se a le haufi le ho ba lilemo li tšelela e leng lilemo tseo Karen a neng a le ho tsona ha a ne a qala ho hlekefetsoa. O re, “Ke ile ka hlokomela hore ngoana ea lilemong tseo o hlaseleha habonolo. Le ’na ke ne ke hlaseleha habonolo.”

 Ntlha ea bohlokoa: Senokoane seo ke sona se molato oa ho u hlekefetsa. Bibele e re: “Bokhopo ba ea khopo bo tla ba holim’a hae.”​—Ezekiele 18:20.

 Bohlokoa ba ho bua le motho eo u mo tšepang

 Ho bolella motho e moholo eo u mo tšepang ka se u etsahalletseng ho tla u thusa hore u imolohe. Bibele e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”​—Liproverbia 17:17.

 Ke ’nete hore u ka ’na ua ikutloa u sa phutholoha hore u ka bolella motho leha e le ofe ka se etsahetseng. Mohlomong u bone ho le molemo hore u ithōlele e le hore u se ke ua utloa bohloko le ho feta. Empa hlokomela hore ho thōla ho ka ’na ha u etsa hore u se ke ua fumana thuso.

Ho thōla ho ka ’na ha u etsa hore u se ke ua fumana thuso

 Ngoanana e mong ea bitsoang Janet o ile a khothatsoa ke ho bua le motho ea itseng ka se mo etsahalletseng. O re, “Ke ne ke le monyenyane haholo ha ke ne ke hlekefetsoa ke motho eo ke mo tsebang ke bile ke mo tšepa ’me ke ile ka thōla ka taba ena ka lilemo tse ngata. Empa hang ha ke fumana monyetla oa ho bolella ’mè oa ka taba eo, ke ile ka ikutloa ke imolohile haholo.”

 Ha Janet a hopola moo a tsoang, oa utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba e-ba leqe ho bolella motho ea itseng hore ba kile ba hlekefetsoa. “Ha ho bonolo hore batho ba bue le ba bang ka ho hlekefetsoa. Empa ha ke ne ke thōtse ka taba eo ke ne ke utloa bohloko. Ho ne ho le molemo hore ke sebetsane le boemo boo e sa le ka nako.”

 “Nako ea ho Fola”

 Mohlomong ho hlekefetsoa ho entse hore u ikutloe u se na thuso​—ka mohlala, u ka ’na ua ikutloa u lemetse ’me u se bohlokoa kapa ua ikutloa eka morero oa bophelo ba hao ke hore u khotsofatse litakatso tsa batho ba bang tsa ho kopanela liphate. Hona joale u na le monyetla oa ho hlaphoheloa le oa ho ipha ‘nako ea ho fola.’ (Moeklesia 3:3) Ke’ng e ka u thusang ho etsa see?

 Ho ithuta Bibele. Bibele e fupere menahano ea Molimo e nang le “matla . . . bakeng sa ho phethola lintho tse metseng ka matla” ho akarelletsa maikutlo a bohata a hore ha u na thuso. (2 Bakorinthe 10:​4, 5) Ka mohlala, bala mangolo ana ’me u nahane ka oona: Esaia 41:10; Jeremia 31:3; Malakia 3:​16, 17; Luka 12:​6, 7; 1 Johanne 3:​19, 20.

 Ho rapela. Haeba u ikutloa eka ha u na thuso kapa u ikutloa u le molato, “lahlela moroalo oa hao ho Jehova” ka ho rapela. (Pesaleme 55:22) U ke ke ua lahloa kherehloa!

 Baholo ba phutheho. Banna bana ba Bakreste ba koetliselitsoe hore ba be joaloka “sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.” (Esaia 32:2) Ba tla u thusa hore u italime ka tsela e loketseng ’me u tsoele pele ka bophelo ba hao.

 Metsoalle e molemo. Sheba ka hloko banna le basali ba behang mohlala o motle oa ho phela ka tsela ea Bokreste. Ela hloko hore na ba tšoarana joang. Ha nako e ntse e e-ea u tla hlokomela hore hase batho bohle ba sebelisang matla a bona ho hlekefetsa batho bao ba reng baa ba rata.

 Ngoanana e mong ea bitsoang Tanya ke hona a hlokomelang thuto eo ea bohlokoa. Ha a ne a le monyenyane haholo, banna ba ’maloa ba ile ba mo hlekefetsa ka ho kopanela liphate le eena. O re, “Banna bao ke neng ke e-na le kamano e haufi haholo le bona ke bona ba ileng ba nkutloisa bohloko.” Empa ha nako e ntse e feta, Tanya o ile a hlokomela hore ho ntse ho e-na le banna ba bontšang lerato la ’nete. O hlokometse see joang?

 Tanya o ne a tloaelane le banyalani ba bang ba behang mohlala o motle oa ho phela ka tsela ea Bokreste ’me seo se ile sa etsa hore a fetole monahano oa hae. O re,“Tsela eo monna a neng a etsa lintho ka eona e ile ea nkholisa hore hase banna bohle ba hlekefetsang basali. Monna o ne a sireletsa mosali oa hae e leng seo Molimo a lebeletseng hore a se etse.” a​—Baefese 5:​28, 29.

a Haeba u tšoeroe ke lefu la ho tepella maikutlo ho sa khaotseng, u e-na le bothata ba ho ja ka mokhoa o fosahetseng, u itematsa, u sebelisa lithethefatsi hampe, u lula u tšoere ke boroko, u hloka boroko kapa u na le maikutlo a ho ipolaea, ho ka ba molemo hore u ee ngakeng e tla u thusa.