Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Nka Sebelisa Chelete ea ka Hantle Joang?

Nka Sebelisa Chelete ea ka Hantle Joang?

 “Haufinyane tjena ke ne ke ile lebenkeleng ke il’o fepa mahlo. Ke ile ka tsoa ka moo ke rekile ntho e turu eo ha e le hantle ke neng ke sa e hloke.”​—Colin.

 Colin o re o na le bothata ba ho sebelisa chelete hantle. Na le uena u na le bothata bo tšoanang? Haeba ho joalo, sehlooho sena se tl’o u thusa.

 Ke hobane’ng ha u lokela ho sebelisa chelete hantle?

 Bohata: Haeba u tšoenyehile ka hore na u sebelisa chelete joang, u ke ke oa lokoloha.

 ’Nete: Ha u sebelisa chelete hantle u tla lokoloha. Buka ea I’m Broke! The Money Handbook e re: “Haeba u tseba ho sebelisa chelete hantle, u tla ba le e lekaneng bakeng sa ho e sebelisa hona joale le ka moso.”

 Nahana ka taba ena: Haeba u sebelisa chelete hantle . . .

  •   U tla lula u e-na le chelete e lekaneng ha u e hloka. Mocha e mong eo lebitso la hae e leng Inez o re: “Ka le leng ke batla ho etela South America, ke ka hona ke lulang ke boloka chelete.”

  •   U tla ba le likoloto tse nyane kapa li be sieo ho hang. Bibele e re: “Ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.” (Liproverbia 22:7) Mocha e mong ea bitsoang Anna o ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Likoloto li ka u hloa setha ka nako le motsotso empa ha u se na tsona ho na le lintho tse ngata tseo u ka li finyellang.”

  •   U tla be u bontša hore u na le boikarabello. Bacha ba khonang ho sebelisa chelete hantle ha ba sokole ha ba se ba le baholo. Jean ea lilemo li 20 o re: “Ha ke sebelisa chelete hantle hona joale, ke ikoetlisetsa hore ke nolofalloe ho e sebelisa ka tsela e nepahetseng nakong e tlang.”

 Taba-taba ke ena: Buka ea The Complete Guide to Personal Finance e re: “Ho khona ho sebelisa chelete hantle ke mohato o motle o bontšang hore motho a ka khona ho itlhokomela. Haeba u khona ho sebelisa chelete ea hao hantle, hoo ho tla u tsoela molemo ka nako e telele.”

 U ka e sebelisa joang?

 Tseba bofokoli ba hao. Haeba u lula u hloka chelete, sheba hore na chelete ea hao e fella hokae. Batho ba bang ba qetoa ke ho reka lintho Inthaneteng. Ba bang bona ba e sebelisa hanyane ka hanyane ho fihlela ba sala ba chonne ha khoeli e fela.

 “Lintho tse nyane tseo u tloaetseng ho li reka, u ka fumana li u jeletse chelete e ngata haholo. Mohlala, e ’ngoe e ka ba ho reka mphonyana, ho reka kofi kapa ho reka ntho e theotsoeng lebenkeleng. Joale ha khoeli e fela kea ipotsa hore na ke entse’ng ka chelete.”​—Hailey.

 Etsa lethathamo la lintho tseo u tla li hloka. Bibele e re: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.” (Liproverbia 21:5) Ho etsa lethathamo ho tla u thusa hore litšenyehelo tsa hao li se ke tsa feta chelete eo u e fumanang ka khoeli.

 “Haeba u sebelisa chelete e fetang eo u e kholang, fokotsa litšenyehelo tsa lintho tseo u sa li hlokeng. Li fokotse ho fihlela chelete eo u e kholang e ba ngata ho feta litšenyehelo tsa hao.”​—Danielle.

 Nka Khato. Ho na le litsela tse ’maloa tseo ka tsona u ka lekang ho bona hore na chelete ea hao e fella kae ebe u qoba ho e sebelisa ho sa hlokahale. Bacha ba bang ba ile ba sebelisa mekhoa ena e latelang ’me ba atleha:

  •  “Hang ha ke fumana chelete, ke e isa bankeng e le hore ke se ke ka lekeha ho e sebelisa.”​—David.

  •  “Ha ke ea lebenkeleng, ke nka cheletana e seng kae feela. Ha ke etsa joalo ke qoba hore ke reke lintho tseo ke neng ke sa li tlela moo.”​—Ellen.

  •  “Ke nka nako e telele pele nka reka ntho e itseng, hoo ho nthusa hore ke bone hore na ehlile kea e hloka kapa che.”​—Jesiah.

  •  “Ha ke rate ho iketsa ea sa fetoeng ha batho ba intša. Ha ke se na chelete ha ke ee ho hang.”​—Jennifer.

 Taba-taba ke ena: Ho sebelisa chelete hantle ke boikarabello bo tebileng haholo. Colin eo re ileng ra bua ka eena qalong o ile a hlokomela taba eo. O re: “Haeba ka le leng ke tl’o ba hlooho ea lelapa, ha kea tlameha ho hasanya chelete feela tjena. Haeba ke sitoa ho sebelisa chelete hantle hona joale ke e-s’o nyale, ho bolela hore lenyalo la ka le tla ba le mathata.”

Leka sena: “Joetsa motho e mong ka lethathamo leo u iketselitseng lona la lintho tseo u li hlokang, ebe nako le nako lea sheba hore na u phelela seo u se ngotseng. U lokela ho ba motho ea nang le boikarabelo.”​—Vanessa.