Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Thusa Batho ba Bang?

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Thusa Batho ba Bang?

 Lintho tse peli tsa bohlokoa tseo batho ba bangata ba sa li tsebeng

 Ntho ea 1: Ha u fana ho ka ’na ha etsahala hore le uena u fuoe ho itseng!

 Batho ba tla hlokomela hore u motho ea fanang. Ka lebaka leo, le bona ba ka ’na ba u fa. Bibele e re:

  •  “Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa. . . . Tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona ka ho tšoanang.”​—Luka 6:​38.

  •  “Batho ba tla u tšoara ka tsela eo u tšoarang ba bang ka eona.”​—Luka 6:​38, Contemporary English Version.

 Ntho ea 2: Ha u thusa batho ba bang le uena u ua ithusa!

 Ha u etsetsa batho ba bang lintho tse molemo, seo se tla u thusa hore u be le seriti ’me u ikutloe u khotsofetse. Bibele e re:

  •  “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”​—Liketso 20:35.

  •  “Ha u lokisetsa mokete, u meme mafutsana, ba hlotsang, ba holofetseng, ba foufetseng; ’me u tla thaba, hobane ha ba na letho leo ba ka u buseletsang ka lona.”​—Luka 14:13, 14.

 Bacha ba tsotellang batho ba bang

 Ho na le bacha ba bangata ba tsotellang batho ba bang! Nahana ka mehlala e seng mekae.

 “Ka linako tse ling ha ke batla ho itulela sofeng ke shebelle TV, ke nahana ka batsoali ba ka ba mosebetsing, le hore ba tl’o fihla hae ba khathetse. Joale ebe kea ema ke hlatsoa lijana, kea fiela le ho hlakola lerōle le holim’a fenishara. Ke boetse ke etsa kofi, kaha batsoali ba ka baa e rata. Ha ’mè oa ka a fihla, o ee a re, ‘Basali, ho hloekile hakaakang ka tlung ka moo! Ebile ho nkha hamonate. Kea leboha hle ’Nana!’ Kamehla kea thaba ha ke etselitse batsoali ba ka ntho e ntle joaloka ena.”​—Casey.

 “Batsoali ba ka ba ’nile ba ntšehetsa le ho mpha lintho tseo ke li hlokang. Joale, ha koloi ea bona e robeha selemong se fetileng, ke ile ka ba fa chelete e le hore ba tsebe ho e lokisa, le hoja ke ne ke lokela ho ba fa karolo e ngata ea chelete eo ke e bolokileng. Ba ile ba leka ho hana, empa ka tsitlella ho ba thusa. Batsoali ba ka ba nketselitse lintho tse khōlō ha ke bapisa le seo ke ba etselitseng sona. Ke ile ka ikutloa ke thabile haholo ka hore ebe ke ba file ntho e itseng.”​—Holly.

 Na u ne u tseba? Bacha ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba thaba ha ba thusa batho ba bang ka ho etsa mosebetsi oa bona oa ho ruta batho Bibele. Ba bang ba ile ba ba ba fallela linaheng tse ling moo ho hlokahalang mesuoe ea Bibele.

 “Ke ile ka tloha United States ’me ka fallela Mexico e le hore ke il’o etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele. Ka linako tse ling ho thata ho fana ka chelete kapa lintho tse ling, hobane ha ke na seo nka fanang ka sona. Empa ke bone hore ha ke fana ka nako ea ka le matla mosebetsing oa boboleli, batho ba li ananela ho feta lintho tse bonahalang.”​—Evan.

 Nka thusa batho ba bang joang?

 Na u ka rata ho thabisoa ke ho thusa batho ba bang? Litlhahiso tse ’maloa ke tsena.

 Ho thusa lelapa leno:

  •  Fiela, hlatsoa lijana kapa u ithaopele ho hloekisa

  •  Pheha

  •  Ngolla batsoali ba hao karete e bontšang hore u ua ba ananela

  •  Thusa ngoan’eno ka mosebetsi oa hae oa sekolo

 Ho thusa batho bao e seng litho tsa lelapa leno:

  •  Romella motho ea kulang karete

  •  Thusa moahisani ea seng a hōlile lilemong ka ho hloekisa jarete

  •  Chakela motho ea seng a hlōleha ho tsoa ka tlung

  •  Rekela motho ea nang le mathata mpho

 Tlhahiso: Leka ho nahana ka lintho tse ling tseo u ka li etsang. Ebe u ikemisetsa ho thusa motho a le mong bekeng ena. U ka ’na ua makatsoa ke tsela eo u tla thaba ka eona ka mor’a moo!

 “Ha u thusa batho ba bang u tla thaba. U tla ikutloa eka u finyelletse ho hong ’me u tla hlokomela kamoo ba bang ba ananelang seo u ba etselitseng sona kateng. E ka ’na eaba u ile ua thabisoa ke ho etsa joalo, le hoja qalong u ne u sa nahane hore u tla thaba. U ka ’na ua ikutloa eka ha u ua tela letho hobane qetellong u fumana lintho tse ngata.”​—Alana.