Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Na re Lokela ho Arohana? (Karolo ea 2)

Na re Lokela ho Arohana? (Karolo ea 2)

 Qala ka ho khetha sebaka le nako e loketseng. U ka etsa see joang?

 Nahana kamoo u ka ratang ho tšoaroa kateng. (Matheu 7:​12) Na u ka rata hore taba eo e phatlalatsoe ka pel’a batho? Che.

 Ntle le ha maemo a u qobella, ho ka ba molemo hore ha u khaohana le motho u se ke ua mo siela molaetsa fonong, kapa ua mo romela molaetsa ka selefouno kapa ka e-mail. Ho e-na le hoo, khetha nako le sebaka se loketseng se tla le lumella ho buisana ka taba ena e tebileng.

 U lokela ho re’ng ha e le nako ea hore u bue? Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba “bue ’nete” e mong ho e mong.​—Baefese 4:​25.

 Ntho e molemo eo u ka e etsang, ke ho bua ka masene empa u tiile. Mo bolelle ka ho hlaka hore na ke hobane’ng ha u nahana hore taba ea lōna e ke ke ea atleha.

 Ha ho hlokahale hore u thathamise liphoso tsohle tseo a li entseng kapa u mo nyatse ka sena le sane. Ha e le hantle, ho e-na le ho re, “Ha u” etse sena kapa “Ha ho mohla u” etsang sane, ho ka ba molemo hore u hlalose kamoo u ikutloang kateng—“Ke hloka motho ea . . . ” kapa “Ke nahana hore re lokela ho khaohana hobane . . .”

 Ena hase nako ea ho tsilatsila kapa ea ho lumella motho eo hore a fetole qeto ea hao. Hopola hore u entse qeto ea ho khaohana le eena hobane ho e-na le lebaka le tebileng. Kahoo e-ba hlokolosi haeba motsoalle oa hao a leka ho u qhekella hore u fetole monahano. Moroetsana e mong ea bitsoang Lori o re: “Ka mor’a hore ke khaohane le mohlankana e mong, o ile a qala ho iketsa eka ke motho ea nyahameng ka linako tsohle. Ke nahana hore o ne a etsa seo hobane a batla hore ke mo utloele bohloko. Ke ile ka mo utloela bohloko. Empa ha ke ea ka ka lumella seo a se etsang hore se fetole qeto eo ke e entseng.” Joaloka Lori, tseba seo u se batlang. Khomarela qeto eo u e entseng. Che ea hao ha e be che.​—Jakobo 5:​12.