Fetela boitsebisong

Nka Etsa’ng Haeba Batsoali ba ka ba Hlalana?

Nka Etsa’ng Haeba Batsoali ba ka ba Hlalana?

Seo u lokelang se etsang

 Bolela lintho tse u tšoenyang. Bolella batsoali ba hao kamoo u utloileng bohloko kateng kapa u ferekaneng kateng. Ba ka ’na ba khona ho u hlalosetsa se etsahalang ’me kahoo ba kokobetsa ho tšoenyeha ha hao.

 Haeba batsoali ba hao ba sa khone ho u tšehetsa, u ka ’na ua buisana le motsoalle ea hōlileng tsebong.—Liproverbia 17:17.

 Ka holim’a tsohle, u ka bua le Ntate oa hao oa leholimo ea tla u mamela, kaha ke “Ea Utloang thapelo”.” (Pesaleme ea 65:2) Tšollela pelo ea hao ho eena ‘hobane oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7.

Seo u sa lokelang ho se etsa

Ho amohela hore batsoali ba hao ba hlalane ho tšoana le ho robeha letsoho—ho bohloko, empa qetellong u tla fola

 U se ke ua ba jara ka pelo. Daniel eo batsoali ba hae ba arohane ha a le lilemo li supileng, o re: “Batsoali ba ka e ne e le baithati. Ha baa ka ba nahana ka rōna le hore na seo ba se etsang se tla re ama joang.”

 Daniel o ne a ka hlaheloa ke kotsi efe haeba a ne a ka lula a halefile a bile a khopehile?—Keletso: Bala Liproverbia 29:22.

 Ke hobane’ng ha ho ne ho ka ba molemo hore Daniel a leke ho tšoarela batsoali ba hae ha ba mo utloisitse bohloko?—Keletso: Bala Baefese 4:31, 32.

 Qoba ho etsa lintho tse tla u ntša kotsi. Denny o re: “Ke ne ke hlorile ke bile ke sithabetse ha batsoali ba ka ba qeta ho hlalana. Lintho li ile tsa qala ho ntsamaela hampe sekolong ’me ka selemo se seng ka feila. Ka mor’a moo . . . ke ile ka tlala papali ’me ke ne ke lula ke loana sekolong.”

 U nahana hore e ka ’na eaba ke hobane’ng ha Denny a ile a qala ho rata ntoa?

 Molao-motheo o ho Bagalata 6:7 o thusa batho ba kang Denny joang hore ba qobe ho etsa lintho tse tla ba ntša kotsi?

 Bohloko ba maikutlo bo nka nako ho fola. Empa ha u boetse u e-ba le botsitso ka tsela e itseng, u tla qala ho utloa bophelo ba hao bo khutlela setloaeling.