Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Nka sebelisa nako ea ka ka bohlale Joang?

Nka sebelisa nako ea ka ka bohlale Joang?

 Ke hobane’ng ha u lokela ho sebelisa nako ka bohlale?

  •   Nako e tšoana le Chelete. Ha u e sebelisa hampe, e tla be e le sieo nakong eo u e hlokang. Ka lehlakoreng le leng, haeba u tseba ho sebelisa nako hantle, u tla khona ho ba le ea ho etsa le lintho tseo u li ratang.

     Molao-motheo: “Ea botsoa o iponahatsa a lakatsa, empa moea oa hae ha o na letho. Leha ho le joalo, moea oa ba khothetseng o tla nona.”​—Liproverbia 13:4.

     Seo e leng ’nete: Ha u tseba ho sebelisa nako ea hao hantle, u tla ba le e ngata ea ho etsa lintho tse ling.

  •   Ho tseba ho sebelisa nako hantle ke ntho ea bohlokoa e ka u thusang ha u se u le moholo. E ka u thusa le hore u se ke oa tebeloa mosebetsing. Hape haeba u e-na le khoebo, na u ka thabela ho sebetsa le batho ba sa bolokeng nako?

     Molao-motheo: “Motho ea tšepahalang ho se senyenyane o tšepahala le ho se seholo.”​—Luka 16:10.

     Ntlha ea bohlokoa: Ha u khona ho sebelisa nako hantle, u bontša hore na u motho ea joang.

 Ho bua ’nete feela, ha se ntho e bonolo hore u khone ho sebelisa nako ka bohlale. Nahana ka mathata ana.

 Bothata #1: Metsoalle

 “Hangata ha metsoalle ea ka e re re intše, kea lumela, le hoja ka linako tse ling ke se na nako. Ebe ke re: Ke na le leqheka! Ke tla bona lintho tseo ke lokelang ho li etsa ha ke khutla. Hangata ha ho ke ho etsahale joalo, kahoo lintho li mpefala le ho feta.”​—Cynthia.

 Bothata #2: Tšitiso

 “TV e etsa hore u batle ho lula u e shebella. E ka u jella nako le matla hobane ho le thata ho khaotsa ho shebella mananeo le lifilimi.”​—Ivy.

 “Ka linako tse ling ke qeta lihora tse ngata ke ntse ke sebelisa tablete ea ka. Ke ee utloe ke soabile ha ke tlohela ho e sebelisa hobane feela beteri e felile.”​—Marie.

 Bothata #3: Ho Chechisa Nako

 “Ha ke lokela ho etsa mosebetsi oa sekolo kapa ntho e ’ngoe feela eo ke tlamehang ho e etsa, ke lula ke chechisa nako. Ke senya nako linthong tse se nang thuso ho fihlela ha ke se ke tlameha ho etsa mosebetsi oa sekolo. Ona ha se mokhoa o motle oa ho sebelisa nako.”​—Beth.

Ho sebelisa nako ka bohlale ho tla u thusa hore u be le nako e ngata e seng e fokolang

 Seo u ka se etsang

  1.   Etsa lethathamo la mesebetsi eo u lokelang ho e phetha. Mohlala, e ka ba mesebetsi e etsoang lapeng le mosebetsi oa sekolo. Ngola hore na bekeng u hloka nako e kae ho qeta mosebetsi o mong le o mong.

     Molao-motheo: “Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

  2.   Etsa lethathamo la lintho tseo u batlang ho li etsa ha u se na mosebetsi. Lintho tsena li ka akarelletsa ho kena mecheng ea puisano le ho shebella Thelevishene. Hape ngola hore na ke lihora tse kae tseo u li qetang u etsa lintho tsena bekeng.

     Molao-motheo: “Tsoelang pele le tsamaea ka bohlale . . . , le ithekele nako e loketseng.”​—Bakolose 4:5.

  3.   Iketsetse moralo. Sheba mathathamo a mabeli ao u a entseng. Na u file mesebetsi ea bohlokoa nako e lekaneng? Na u bona eka ho bohlokoa hore u fokotse nako eo u e qetang linthong tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo?

     Keletso: Etsa lethathamo la lintho tseo u lokelang ho li etsa letsatsi le leng le le leng, ebe u tšoaea e ’ngoe le e ’ngoe ha u qeta ho e etsa.

     Molao-motheo: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.”​—Liproverbia 21:5.

  4.   Phelela seo u se rerileng. Ke ’nete hore u ka ’na ua tlameha hore ka linako tse ling u se ke ua lumela ha metsoalle e u mema e le hore u phethe mesebetsi ea bohlokoa. Leha ho le joalo, u tla bona hore u na le nako e ngata ea ho ithabisa, ’me u tla e thabela le ho feta.

     Molao-motheo: “Le se ke la ba botsoa mosebetsing oa lona.”​—Baroma 12:11.

  5.   Ipatale empa e seng kapelenyana. “Ka nako e ’ngoe ke khona ho etsa lintho tse peli tse lethathamong leo ke le entseng, ebe ke re, ‘Ke tla shebella TV metsotso e 15 feela ebe ke khutlela mosebetsing.’ Le pele nka nahana, metsotso e 15 e fetoha e 30, e 30 eona e fetoha hora kaofela, ke iphumana ke qetile lihora tse peli ke shebeletse TV!”​—Tara.

     Tharollo. U nke boithabiso e le patala eo u iphang eona hobane u qetile mesebetsi eohle eo u neng u lokela ho e etsa.

     Molao-motheo: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore . . . [a] bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.”​—Moeklesia 2:24.