Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Ke na le Boikarabelo Hakae?

Ke na le Boikarabelo Hakae?

 Itlhahlobe!

  •  . . . ka linako tsohle, boholo ba nako, ka linako tse ling, kapa ha ho mohla

    •  Ke bua ’nete

    •  Kea tšepahala

    •  Ke boloka nako

    •  Ke sebetsa ka thata

    •  Ke hlophisehile

    •  Ke rata ho thusa

    •  Ha ke leeme

    •  Kea hlompha

    •  Ke tsotella batho ba bang

  •   Lintlheng tsee, ke efe eo u ipabolang ho eona?

     Tsoela pele u etsa joalo.​—Bafilipi 3:16.

  •   Ke ntlha efe eo u lokelang ho ntlafatsa ho eona?

 Boitsebiso bo latelang bo tla u thusa ho ntlafatsa ntlheng eo.

 Ho ba le boikarabelo ho bolela’ng?

 Batho ba nang le boikarabelo ba etsa lintho tseo ho lebeletsoeng hore ba li etse lapeng, sekolong le sechabeng. Baa hlokomela hore baa ikarabella ka liketso tsa bona. Kahoo, ha ba entse phoso, baa e amohela, ba kōpa tšoarelo ebe ba sebeletsa ho e lokisa.

 Bibele e re: “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.”​—Bagalata 6:5.

 Ke hobane’ng ha ke lokela ho ba le boikarabelo?

Motho ea nang le boikarabelo o sebelisa bokhoni ba hae ka bohlale, ’me ba bang ba ka ’na ba mo hlompha, ba mo tšoara joaloka motho e moholo le ho mo fa bolokolohi bo eketsehileng.

 Bibele e re: “Na u bone motho ea nang le tsebo mosebetsing oa hae? O tla ema ka pel’a marena.”​—Liproverbia 22:29.

Hangata motho ea nang le boikarabelo o seatla se bulehileng ’me seo se ka ’na sa etsa hore a be le metsoalle e molemo.

 Bibele e re: “Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa.”​—Luka 6:​38.

Motho ea nang le boikarabelo o thabisoa ke seo a se finyeletseng ’me o ba motlotlo ka sona, e leng se etsang hore a itšepe.

 Bibele e re: “E mong le e mong a ke a leke seo mosebetsi oa hae o leng sona, joale o tla ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang mabapi le eena a le mong.”​—Bagalata 6:4.

 Nka etsa’ng hore ke be le boikarabelo?

 Ho u thusa ho araba potso eo, sheba mantsoe a builoeng ke bacha ba latelang. Ke afe a hlalosang tsela eo u ikutloang ka eona?

 “Ho utloisa bohloko ho tšoaroa joaloka ngoana ea ke keng a qeta leha e le hora feela batsoali ba sa tsebe hore na o hokae!”​—Kerri.

 “Hangata batsoali ba ka ba ntumella ho intša le metsoalle ea ka ba sa qeaqee.”​—Richard.

 “Ha ke bona lintho tseo lithaka tsa ka li li etsang, ke ee ke re ka pelong: ‘Khele! ’Na ke hobane’ng ha batsoali ba ka ba nkhanela ho etsa seo?’”​—Anne.

 “Batsoali ba ka ba ntumella ho etsa lintho tseo ke batlang ho li etsa. Ke ananela bolokolohi boo ba mphang bona.”​—Marina.

 Ntlha ea bohlokoa: Bacha ba bang ba fuoa bolokolohi ho feta ba bang. Ke eng e bakang seo?

 Seo e leng ’nete bophelong: Hangata bolokolohi boo u bo fuoang bo itšetlehile ka hore na u tšeptjoa hakae.

 Ka mohlala, nahana ka seo bacha ba babeli ba qotsitsoeng pejana ba se buileng.

 Richard: “Ka nako e ’ngoe batsoali ba ka ba ne ba sa tšepe hore ha nka fuoa bolokolohi ke tla bo sebelisa hantle. Empa hona joale baa ntšepa hobane ke ’nile ka bo sebelisa hantle. Ha ke ea sebakeng se itseng kapa ke tsamaea le batho ba itseng ke bolella batsoali ba ka ’nete. Ha e le hantle, ke bolella batsoali ba ka seo ke rerileng ho se etsa, ke sa emele hore ba mpotse.”

 Marina: “Bophelong ba ka ke thetsitse batsoali ba ka habeli, ’me ba ntšoara ka makhetlo ao a mabeli. Ka mor’a moo e ile eaba ke qetetse ho ba thetsa. Ka mohlala, ke lula ke ba bolella seo ke se etsang ’me le ha ke tsamaile kea ba letsetsa. Hona joale ba se ba ntšepa.”

Na u etelletsa mosebetsi pele kapa boithabiso?

 Na u ka rata ho tšoaroa joaloka Richard le Marina? Haeba ho joalo, itlhahlobe lintlheng tsena tse latelang:

LAPENG

  •   Na u etsa mosebetsi oo u o abetsoeng ka botšepehi?

  •   Na u fihla hae ka nako eo u e behetsoeng?

  •   Na u hlompha batsoali ba hao le bana beno?

 Ke lintlha life tseo u lokelang ho sebeletsa ho tsona, haeba li teng?

 Bibele e re: “Le mamele batsoali ba lōna.”​—Baefese 6:1.

SEKOLONG

  •   Na u qeta mosebetsi oa hao oa sekolo ka nako?

  •   Na u leka ho ntlafatsa limaraka tsa hao?

  •   Na u na le mekhoa e metle ea ho ithuta?

 Lintlheng tsee, ke efe eo u lokelang ho ntlafatsa ho eona, haeba e teng?

 Bibele e re: “Bohlale ke tšireletso.” (Moeklesia 7:12) Thuto e tla u thusa ho etsa lintho ka bohlale.

BOTUMO BA HAO

  •   Na u bolella batsoali ba hao le batho ba bang ’nete?

  •   Na u khona ho sebelisa chelete ka tsela e nang le boikarabelo?

  •   Na u tsebahala ka hore u motho ea tšepahalang?

 Lintlheng tsee, ke efe eo u lokelang ho ntlafatsa ho eona, haeba e teng?

 Bibele e re: “Le apare botho bo bocha.” (Baefese 4:24) U ka ntlafatsa botho ba hao le botumo ba hao.

 Tlhahiso: Khetha ntlha eo u lokelang ho ntlafatsa ho eona. Buisana le batho ba ipabolang ntlheng eo, ’me u kōpe keletso ea bona. Ngola lintho tse tobileng tseo u tla li etsa ho ntlafatsa, ’me ka mor’a khoeli u shebe hore na u ntlafalitse hakae ntlheng eo. Boloka tlaleho ea seo u atlehileng ho se finyella le seo u hlōlehileng ho se finyella. Qetellong ea khoeli, sheba hore na u hatetse pele hakae ntlheng eo.