Fetela boitsebisong

Ke Khahloa ke Batho ba Bong bo Tšoanang le ba Ka—Na Seo se Bolela Hore ke Gay?

Ke Khahloa ke Batho ba Bong bo Tšoanang le ba Ka—Na Seo se Bolela Hore ke Gay?

 Ho hang!

 Seo e leng ’nete: Hangata ho khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba hao, ke boikutlo bo iphetelang ka mor’a nako e itseng.

 Ke sona seo Lisette, ea lilemo li 16, a ileng a ithuta sona. O re: “Ha ke ntse ke ithuta baeloji sekolong, ke ile ka hlokomela hore lihomone lia feto-fetoha lilemong tsa bocha. Ruri ke nahana hore haeba bacha ba bangata ba ne ba utloisisa ’mele ea bona haholoanyane, ba ne ba tla bona hore ho khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba bona ke ntho ea nakoana ’me ba ne ba ke ke ba ikutloa ba tlameha hore e be li-gay.”

Bacha bohle ba lokela ho khetha pakeng tsa ho latela maikutlo a litšila a lefatše litabeng tsa thobalano kapa ho latela tsela ea boitšoaro bo lokileng bo ka Lentsoeng la Molimo

 Empa ho thoe’ng haeba u ntse u tsoela pele ho khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba hao? Na Molimo o khopo ha a re batho ba khahloang ke ba bong bo tšoanang le ba bona ba qobe bosodoma?

 Haeba potso eo ea ho qetela u e araba ka e, u lokela ho tseba hore monahano o joalo o thehiloe maikutlong a fosahetseng a hore batho ba lokela ho latela litakatso tsa bona tsa ho kopanela liphate. Bibele e tlotla batho ka ho ba tiisetsa hore ba ka khetha ho se latele litakatso tsa bona tsa ho kopanela liphate.​—Bakolose 3:5.

 Bibele ha e bue ntho e sa utloahaleng. E mpa e laela batho ba lakatsang ho kopanela boitšoarong ba bosodoma hore ba etse se tšoanang le se lebeletsoeng ho ba khahloang ke ba bong bo fapaneng—e leng hore ‘ba balehele bohlola.’ (1 Bakorinthe 6:18) Ke ’nete hore banna le basali ba limilione ba lakatsang ho latela melao ea Bibele ba sebelisa boitšoaro ho sa tsotellehe liteko tseo ba ka ’nang ba tobana le tsona. Ba khahloang ke batho ba bong bo tšoanang le ba bona ba ka etsa se tšoanang haeba ruri ba batla ho khahlisa Molimo.​—Deuteronoma 30:19.