Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Nka Hlalosa Joang Seo ke se Lumelang ka ho Kopanela Liphate?

Nka Hlalosa Joang Seo ke se Lumelang ka ho Kopanela Liphate?

“U re’ng​—ha u s’o kopanele liphate?”

Haeba u batla ho araba motho ea u botsang potso ena ka e, na u ka khona ho cho joalo ka kholiseho? Sehlooho sena se tla u thusa!

 Moroetsana ke’ng?

 Moroetsana ke motho ea e-s’o ka a kopanela liphate.

 Empa ho hlakile hore e mengata mekhoa ea ho kopanela liphate. Batho ba bang ba re ha ba e-s’o kopanele liphate hobane ba e-s’o robale le ngoanana kapa moshemane​—esita le hoja ba entse lintho tse ling tse amanang le ho kopanela liphate.

 Ho kopanela liphate ho ka bolela ho etsa lintho tse kang ho nyanyana litho, ho li kenya ka morao kapa ho pholla litho tsa motho e mong.

 Ntlha ea bohlokoa: Batho ba kileng ba kopanela liphate​—ho akarelletsang ho nyanyana litho, ho li kenya ka morao kapa ho li pholla​—ha baa lokela hore ha ba e-s’o kopanele liphate.

 Bibele e re’ng ka ho kopanela liphate?

 Bibele e re ho kopanela liphate ho lokela ho etsoa ke monna le mosali ba nyalaneng. (Liproverbia 5:18) Kahoo, motho ea batlang ho khahlisa Molimo, ha aa lokela ho kopanela liphate ho fihlela a kene lenyalong.​—1 Bathesalonika 4:3-5.

 Batho ba bang ba re seo Bibele e se buang se siiloe ke nako ’me ha se sa sebetsa lefatšeng la rōna le tsoetseng pele. Leha ho le joalo, hopola hore lefatše le tsoetseng pele leo re phelang ho lona le tletse ka tlhalo, ho ima e se ka morero le mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate. Ho hlakile hore lefatše la rōna le tsoetseng pele ha le boemong ba ho fana ka keletso litabeng tsa boitšoaro!​—1 Johanne 2:15-17.

 Ha u nahana ka ntlha ena, melao ea boitšoaro ea Bibele ea utloahala. Ka mohlala: A re re motho e mong o u fa liranta tse 1 000. Na u ne u ka li lahla e le hore li thonakoe ke mang kapa mang ea fetang ka tsela?

 U lokela ho etsa qeto e tšoanang le ka ho kopanela liphate. Sierra ea lilemo li 14 o re: “Ha ke batle ho kopanela liphate le motho eo nka ’nang ka se ke ka hopola le lebitso la hae lilemong tse tlang.” Tammy, ea lilemo li 17, o lumellana le seo, o re. “Ho kopanela liphate ke mpho e khethehileng haholo.”

 Ntlha ea bohlokoa: Bibele e re batho ba seng lenyalong ba lokela ho itšoara hantle le ho qoba ho kopanela liphate.​—1 Bakorinthe 6:18; 7:8, 9.

 Ke’ng seo u se lumelang?

  •   Na ua lumela hore seo Bibele e se buang sea utloahala kapa u nahana hore e fana ka thibelo tse ngata?

  •   Kapa u nahana hore ho lokile ha batho ba babeli ba reng baa ratana e le kannete ba kopanela liphate?

 Ka mor’a hore ba nahane ka hloko, bacha ba bangata ba entse qeto ea hore ho molemo hore ba itšoare hantle le ho qoba ho kopanela liphate. Ha ba ikoahlaele qeto eo ba e entseng ebile ha ba ikutloe eka baa fetoa. Hlokomela hore na ba bang ba bona ba reng:

  •  “Ke thabile hore ebe ha ke e-s’o kopanele liphate! Ha ho ntho e phoso ka ho qoba ho lemala kelellong, ’meleng le maikutlong ka lebaka la ho kopanela liphate pele ho lenyalo.”​—Emily.

  •  “Kea thaba hore ebe ha ke e-s’o kopanele liphate le bashemane ba bang bao ke seng ke sa ratane le bona, ’me ke thabisoa le ke ho tseba hore ha kea tšoaroa ke lefu le tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate.”​—Elaine.

  •  “Nkile ka utloa banana ba bang ba re ba utloisoa bohloko ke taba ea hore ba kile ba kopanela liphate, ’me ba lakatsa eka ba ka be ba ile ba leta, ha ke batle ho etsa phoso e tšoanang le ea bona.”​—Vera.

  •  “Nkile ka bona batho ba bangata ba imetsoeng kelellong ka lebaka la ho kopanela liphate pele ho lenyalo, kapa hobane ba ratana le batho ba bangata. Ho ea ka ’na, eo hase tsela e bohlale ea ho phela.”​—Deanne.

 Ntlha ea bohlokoa: U lokela ho tseba seo u se lumelang pele u tobana le khatello kapa teko ea hore u kopanele liphate.​—Jakobo 1:14, 15.

 U ka hlalosetsa ba bang joang ka seo u se lumelang?

 U lokela ho etsa’ng haeba motho ea itseng a u botsa ka seo u se lumelang ka ho kopanela liphate? Ho tla itšetleha ka maemo.

 “Haeba morero oa motho ea mpotsang potso eo e ne e le ho tšehisa ka ’na, ke ne nke ke ka e lumella ntho eo. Ke ne ke tla re ho eena, ‘Hase taba ea hao eo, ebe kea tsamaea.”​—Corinne.

 “Ka masoabi, batho ba bang ba thabela ho sotla bana ba bang sekolong. Haeba motho o ne a mpotsa ka morero oo, ke ne nka ’na ka khetha ho se mo arabe.”​—David.

 Na u ne u tseba? Ka linako tse ling, Jesu o ne a sa arabe batho ba mo somang.​—Matheu 26:62, 63.

 Empa u lokela ho etsa’ng haeba motho ea u botsang o bontša hore o hlile o batla ho tseba? Haeba u nahana hore motho eo o hlompha Bibele, u ka ’na ua mo bolella ka mangolo a kang la 1 Bakorinthe 6:18, le reng motho ea kopanelang liphate pele ho lenyalo o siteloa, kapa o utloisa ’mele oa hae bohloko.

 Ebang u sebelisa Bibele li sa tloha feela kapa che, ke habohlokoa hore u kholisehe ka seo u se buang. Hopola hore u na le tokelo ea ho ba motlotlo ka khetho eo u e entseng ea ho lula u itšoere hantle.​—1 Petrose 3:16.

 “Ha u bua ka sebete, u bontša hore ha u belaelle seo u se lumelang le hore u etsa seo u se etsang hobane se nepahetse eseng hobane ho na le motho ea itseng u se etse.”​—Jill.

 Ntlha ea bohlokoa: Haeba u kholisehile ka seo u se lumelang ka ho kopanela liphate, u tla khona ho se hlalosetsa batho ba bang. U ka ’na ua makatsoa ke tsela eo ba tla itšoara ka eona. Melinda ea lilemo li 21 o re: “Basebetsi-’moho le ’na ba ile ba mpabatsa ka hore ebe ha ke e-s’o kopanele liphate. Ha ba nke seo e le ntho e makatsang. Empa ba se nka e le pontšo ea hore ke itšoere hantle ebile kea tšepahala.”

 Tlhahiso! Haeba u hloka sebete ha u bua ka seo u se lumelang ka ho kopanela liphate, kopitsa moralo o nang le sehlooho se reng “Kamoo U ka Hlalosang Seo U se Lumelang ka Ho kopanela liphate.” Hape, sheba buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.

  •    Khaolo ea 24 ea Buka ea 1 e na le sehlooho se reng “Na ho Kopanela Liphate ho Tla Tiisa Kamano ea Rōna?”

  •    Khaolo ea 5 ea Buka ea 2 e na le sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Emela Lenyalo?”

 “Ke rata tsela eo buka ea ‘Bacha Baa Botsa’ e behang litaba kateng. Ka mohlala, leqepheng la 187 la Buka ea 1, ho entsoe mohlala oa kamoo ho kopanela liphate pele ho lenyalo ho tšoanang le ho fana feela ka sefaha se theko e boima. U itheola seriti. Leqepheng la 177, ho bontšoa kamoo ho kopanela liphate pele ho lenyalo ho tšoanang le ho beha setšoantšo se setle se pentiloeng monyako, ebe batho ba se hata holimo. Empa ke rata haholo mohlala o leqepheng la 54 la Buka ea 2. Ho na le karolo e reng: ‘Ho kopanela liphate pele u kena lenyalong ho tšoana le ho bula mpho pele u e fuoa.’ Ho joalokaha eka u utsoa ntho ea motho e mong​—molekane oa hao.”​—Victoria.