Fetela boitsebisong

BACHA BAA BOTSA

Na nka Mamela ’Mino o Mong le o Mong oo ke U Ratang?

Na nka Mamela ’Mino o Mong le o Mong oo ke U Ratang?

 “Hang ha ke tsoha feela, ke letsa ’mino. Ha ke le ka koloing, ke letsa ’mino. Ha ke phomotse, ke ntse hloekisa, ke ntse ke bala le teng ke etsa lintho tsena ke letsitse ’mino. Ke lula ke jele ’mino ka tsebe.”​—Carla.

 Na le uena u motho oa ’mino joaloka Carla? Haeba ho joalo, sehlooho sena se tl’o u thusa ho tseba melemo ea ’mino, ho qoba leraba la oona le ho tseba ho khetha ’mino hantle.

 Melemo ea ’mino

 Ho mamela ’mino ho tšoana le ho ja lijo. Maemong ana a mabeli, ho khetha mofuta o nepahetseng le ho o lekanyetsa hantle ke habohlokoa. Nahana ka sena:

  •   ’Mino o ka etsa hore u thabe.

     “Haeba letsatsi la ka le sa ntsamaela hantle, ke letsa ’mino oo ke o ratang ebe hanyane ka hanyane kea imoloha.”​—Mark.

  •   ’Mino u ka u hopotsa lintho tse ileng tsa etsahala khale.

     “Hangata pina e itseng e nkhopotsa linako tse monate tseo ke bileng le tsona, joale nako le nako kea thaba ha ke e mamela.”​—Sheila.

  •   ’Mino o ka etsa hore le momahane.

     “Ke ne ke le kopanong ea machaba ea Lipaki Tsa Jehova eitse ha ho binoa pina e koalang ka lla. Re ne re bua lipuo tse fapaneng empa ’mino o ile oa re momahanya.”​—Tammy.

  •   ’Mino o ka u thusa hore u be le makhabane.

     “Ha u ithuta ho letsa seletsa se itseng sa ’mino u ka khona ho ba le boitšoaro le mamello. Ha e re ha u tsoha feela u be u se u tseba ho se letsa. Ntho eo u hlokang ho e etsa feela ke hore u ikoetlise.”​—Anna.

 Na u ne u tseba? Buka e kholo ea Bibele e leng Lipesaleme, e entsoe ka lipina tse 150.

Khetha ’mino feela joalokaha u khetha lijo

 Maraba a ’mino

 Feela joaloka lijo tse bolileng, lipina tse ling li ka ba kotsi. Ke hobane’ng ha re cho joalo?

  •   Lipina tse ling li khothaletsa boitšoaro bo hlephileng

     “Ho bonahala eka lipina tse ngata tse keneng li bua ka thobalano. Ba ipuela feela ka eona ba sa pate letho.”​—Hannah.

     Seo Bibele e se buang: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lona.” (Baefese 5:3) Ipotse, ‘Na ’mino oa ka o ntšitisa ho mamela keletso ee?’

  •   Lipina tse ling li ka etsa hore u nahane ka lintho tse nyahamisang.

     “Ka linako tse ling, ke qeta bosiu kaofela ke mametse ’mino o etsang hore ke nahane ka lintho tse nyahamisang le tse nkimelang. ’Mino o utloisang bohloko o ka etsa hore u nahane ka lintho tse bohloko.”​—Tammy.

     Seo Bibele e se buang: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao.” (Liproverbia 4:​23) Ipotse, ‘Na ’mino oo ke u mamelang o etsa hore ke nahane lintho tse fosahetseng?’

  •   Lipina tse ling li ka etsa hore u be bohale.

     “ ’Mino o utloisang bohloko, o tletseng bokhopo le o etsang hore ke hloee bophelo, o kotsi ho ’na ka tsela e poteletseng. Ke hlokometse hore maikutlo a ka aa fetoha ka mor’a hore ke mamele ’mino oo. Batsoali ba ka le bona ba hlokometse taba ena.”​—John.

     Seo Bibele e se buang: “Li tloseng kaofela ho lona, khalefo, bohale, bobe, puo e nyefolang, le puo e nyonyehang melomong ea lona.” (Bakolose 3:8) Ipotse, ‘Na ’mino oo ke o mamelang o etsa hore ke be motho ea bohale, ea sa nahaneleng maikutlo a batho ba bang?’

 Ntlha ke ena. Khetha lipina. Mocha e mong ea bitsoang Julie o ile a leka sena. O re: “Hangata ke lula ke sheba lipina tsa ka ebe ke hlakola tse seng hantle. Ha ho bonolo ho etsa joalo empa kea tseba ke ntho e ntle.”

 Tara ea lilemo li 21 le eena o leka ho etsa joalo. O re: “Ka linako tse ling, ’mino o morethetho o monate o ka lla seea-le-moeeng empa hang ha ke utloa hore molaetsa oa teng a fosahetse ke bulela seea-le-moea se seng. Ho etsa joalo ho tšoana le ha u ka loma perekisi e monate hanngoe feela ebe ka mor’a moo ha u sa e ja! Haeba ke khona ho qoba lipina tse buang ka thobalano, ke tla khona ho ila thobalano pele ho lenyalo. Ha ke batle ho halala tšusumetso eo ’mino o ka bang le eona ho ’na.”