Fetela boitsebisong

Nka Etsa’ng Haeba ke Lemaletse ho Sheba Litšoantšo Tsa Maponapona?

Nka Etsa’ng Haeba ke Lemaletse ho Sheba Litšoantšo Tsa Maponapona?

Seo u ka se etsang

 Utloisisa seo litšoantšo tsa maponapona li hlileng li leng sona. Ha e le hantle litšoantšo tsena ke tsela ea ho leka ho silafatsa seo Jehova a se entseng se hlompheha. Ho utloisisa sena ho tla u thusa hore u ‘hloee se sebe.’—Pesaleme ea 97:10.

 Nahana ka liphello. Litšoantšo tsa maponapona li theola batho ba hlahang ho tsona seriti. Li boetse li tlotlolla motho ea li shebang. Ke kahoo Bibele e reng: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.”—Liproverbia 22:3.

 Etsa boitlamo. Jobo ea tšepahalang o ile a re: “Ke entse qeto e tiileng ea hore nke ke ka talima ngoanana ka ho mo lakatsa.” (Jobo 31:1, Today’s English Version) Ka tlaase mona ke tse ling tsa ‘liqeto tse tiileng’ tseo u ka iketsetsang tsona:

  •  Ha ke na ho sebelisa Inthanete ha ke le mong ka tlung.

  •  Ke tla koala hang-hang litšoantšo tse itlhahelang thoboloko kapa websaete e bontšang litšoantšo tse litšila.

  •  Ke tla bua le motsoalle ea hōlileng tsebong haeba ka phoso nka khutlela mokhoeng oo o mobe.

Ho sheba litšoantšo tsa maponapona ho ka etsa hore u li lemalle—ha u li sheba khafetsa, ho ba thata le ho feta hore u khaotse ho li sheba

 Rapella taba ena. Mopesaleme o ile a rapela Jehova Molimo ka tieo a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.” (Pesaleme 119:37) Molimo o batla hore u atlehe, ’me haeba u morapela a ka u fa matla a ho etsa se nepahetseng!—Bafilipi 4:13.

 Bua le motho e mong. Hangata tsela ea bohlokoa eo u ka itokollang ka eona mokhoeng ona ke hore u be le motho eo u ka mo phetlelang sefuba.—Liproverbia 17:17.

 Hopola: Nako le nako ha u qoba ho sheba litšoantšo tsa maponapona, u finyeletse katleho e khōlō. Bolella Jehova Molimo ka katleho eo ’me u mo lebohe hore ebe o u file matla. Ha u qoba ho sheba litšoantšo tsa maponapona, u thabisa pelo ea hae!—Liproverbia 27:11.