Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Bacha Baa Botsa

Ke Eng Seo Nka se Lebellang Lenyalong?—Karolo ea 2

Ke Eng Seo Nka se Lebellang Lenyalong?—Karolo ea 2

MAKASINENG E FETILENG, re tšohlile e meng ea melemo le mathata ao u ka a lebellang lenyalong.

MAKASINENG ENA, re tla tšohla hore na ke hobane’ng ha u lokela ho lebella seo u sa nahaneng hore se ka etsahala.

Tšoaea ✔ pel’a mabokose leha e le afe a u amang, ebe u a latellisa ho ea kamoo a leng bohlokoa kateng ho uena.

Ke lebeletse hore motho eo ke tla nyalana le eena a . . .

  • be sebōpeho se setle
  • etse hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa
  • be le sepheo se tšoanang le sa ka
  • thabele mofuta oa boithabiso oo ke o ratang

 Haeba u ntse u batla molekane oa lenyalo, ha ho letho le phoso ka ho lebella hore a be le litšobotsi tse boletsoeng leqepheng le fetileng. Mohlomong u ka ba ua fumana motho ea nang le tsona kaofela. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ha nako e ntse e ea batho baa fetoha—’me maemo le ’ona aa fetoha.

Ntlha ea bohlokoa: E le hore u be le lenyalo le atlehileng, u lokela ho lebella seo u sa nahaneng hore se ka etsahala.

Litaba tse monate. Lintho tse ling tse etsahalang lenyalong u sa li lebella, e ka ba tse thabisang.

“Kaha joale re se re nyalane, ke talima metlae ea Maria * ka tsela eo ho seng mohla nkileng ka e utloisisa ha re ne re le leferehong. Kahobane ha rea tiisa ’mele haholo, esita le mathata ao re tobanang le ’ona a bonahala a se maholo hakaalo.”—Mark.

Litaba tse seng monate hakaalo. Lintho tse ling tse etsahalang lenyalong tseo u sa li lebellang e ka ba tse bosula. Nahana ka mohlala ona.

Nka hore uena le motho eo u tla nyalana le eena le na le pakane ea ho etsa mosebetsi oa boromuoa naheng e ’ngoe. Empa u ka etsa’ng haeba ka mor’a lenyalo molekane oa hao a ka kula haholo hoo le ke keng la khona ho finyella pakane ea lōna? Ka sebele, seo se ka etsahala kaha Bibele e bolela hore “lintho tse mpe li etsahalla motho e mong le e mong!” (Moeklesia 9:11, Holy Bible—Easy-to-Read Version) Ntle ho pelaelo, u ne u tla utloisoa bohloko ke boemo ba molekane oa hao—ebile u ne u tla nyahama ka lebaka la ho se khone ho finyella pakane ea lōna. Leha ho le joalo, haeba ho ne ho ka hlaha boemo bo joalo bo sa lebelloang, u ne u tla lokela ho bo amohela ebe u ikamahanya le bona. Etsoe u nyalane le motho eo, eseng le pakane.

Ntlha ea bohlokoa: Joalokaha Bibele e bontša, ba kenang lenyalong ba tla ba le “matšoenyeho” a itseng. (1 Bakorinthe 7:28) Ka linako tse ling, matšoenyeho ao a hlahisoa ke maemo a sa lebelloang.

U ka itokisetsa maemo a sa lebelloang joang? Haeba u kena lenyalong, u tla lokela ho etsa lintho tse peli.

 1. HO TALIMA LINTHO KA TSELA EA SEBELE

Ho sa tsotellehe hore na le tšoanelana hakae le motho eo u tla nyalana le eena, le lokela ho lebella hore

  • le ke ke la lumellana linthong tsohle kamehla.
  • le ke ke la etelletsa pele lintho tse tšoanang kamehla.
  • le ke ke la thabela ho etsa lintho tse tšoanang kamehla.
  • le ke ke la utloa le ratana ka matla ka linako tsohle.

Maemo a kang ana a thathamisitsoeng ka holimo, a tloaelehile. Empa a ke ke a senya lenyalo la lōna ntle le ha le a lumella! Hopola hore Bibele e re lerato “le mamella lintho tsohle” hape “ha le fele le ka mohla.”—1 Bakorinthe 13:4, 7, 8.

Seo e leng ’nete bophelong: Qetellong, hase mathata ao u tobanang le ’ona a tla matlafatsa kapa a senye lenyalo la lōna empa ke tsela eo le sebetsanang le ’ona ka eona.Bakolose 3:13.

2. HO TŠEPAHALLA MOLEKANE OA HAO

Haeba uena le molekane oa hao le ikemiselitse ho lula ’moho ho sa tsotellehe hore na ho etsahala’ng, le tla atleha ho hlōla mathata ao le sa a lebellang.—Matheu 19:6.

Ba bang ba bolela hore ho tšepahalla molekane ho etsa hore lenyalo e be moroalo. Empa ha e le hantle, ho etsa se fapaneng. Ho tšepahalla molekane oa hao ho etsa hore kamano ea lōna e tsitse. Ha ho hlaha maemo ao le sa a lebellang, uena le molekane oa hao le tla batla ho fumana tharollo, eseng monyetla oa ho tsoa lenyalong.

Hore le tšepahallane, le tla lokela ho nahana ka lenyalo ka tsela e hlakileng, ho e-na le ho nahana ka lintho tseo e seng tsa sebele. E le ho bontša phapang, ak’u leke ho etsa se latelang.

1. Ak’u nke hore u fuoe tekete ea mahala ea sefofane hore u ee kae kapa kae moo u batlang lefatšeng. U ne u tla khetha ho ea hokae, hona hobane’ng?

Sebaka:

Lebaka:

  • botle ba sebaka
  • mokhoa oa bophelo
  • maemo a leholimo
  • boithabiso
  • tse ling

2. Ak’u nke hore tekete eo ke ea ho ea feela, le hore sebakeng seo u eang ho sona ke moo u tla lula teng kamehla.

Joale u ne u tla khetha ho ea sebakeng sefe—haeba se teng?

  • Sebaka:
  • kapa Ke ne ke tla lula moo ke ntseng ke le hona teng.

Papisong e ka holimo, sebaka sa pele seo u khethileng ho ea ho sona se ka ’na sa fapana le sa bobeli. Esita le haeba u khethile sebaka se tšoanang, mohlomong u ile ua tlameha ho nahana ka tsela e fapaneng ha u khetha sebaka sa bobeli. Ho e-na le ho nka hore u motho ea ileng phomolong, ea robileng monakeli lebōpong la leoatle kapa ea ikhathollang ka ho hloa lithaba, u ile ua tlameha ho nahana hore u mojaki ea fumanang melemo le ea tobanang le mathata a letsatsi le letsatsi.

Ke eona tsela eo u lokelang ho nahana ka eona ka lenyalo. Etsoe, ha nako e ntse e feta, maemo a ka ’na a fetoha. Ka ho tšoanang, ha ho pelaelo hore uena le molekane oa hao le tla fetoha. Hore na u atleha hakae lenyalong, ho tla itšetleha ka bokhoni ba hao ba ho lebella lintho tseo u sa nahaneng hore li ka etsahala le ho sebetsana le tsona ha li hlaha.

Seo u ka nahanang ka sona: Hona joale, ha u ntse u le lesoha, u sebetsana joang le maemo a sa lebelloang?

^ ser. 15 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?

Ha le qeta ho nyalana, le ile la fumana litlhohonolofatso le ho tobana le mathata afe ao le neng le sa a lebella? Nka itokisetsa maemo a sa lebelloang joang haeba ke kena lenyalong?