Lengolo le Eang ho Bakolose 3:1-25

  • Botho ba khale le bo bocha (1-17)

    • Bolaeang litakatso tsa lona tse sa lokang (5)

    • Lerato le etsa hore batho ba utloane (14)

  • Keletso e fuoang malapa a Bakreste (18-25)

3  Haeba le tsositsoe le Kreste,+ tsoelang pele le batla lintho tse leholimong moo Kreste a lutseng ka letsohong le letona la Molimo.+  Lulang le nahana ka lintho tse leholimong+ eseng tse lefatšeng.+  Le ile la shoa ’me bophelo ba lona bo matsohong a Kreste tumellanong le thato ea Molimo.  Ha Kreste ea fanang ka bophelo+ a bonahatsoa, le lona le tla bonahatsoa le eena ka khanya ea hae.+  Kahoo, bolaeang litakatso tsa lona tse sa lokang+ e leng boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* ho se hloeke, takatso e sa laoleheng ea ho batla ho etsa thobalano,+ takatso ea ho batla ho utloisa batho ba bang bohloko le meharo e leng borapeli ba litšoantšo.  Molimo o tla halefela batho ba etsang lintho tseo.  Le lona le ne le etsa lintho tsena pele.*+  Empa joale tlohelang lintho tsena tsohle, e leng khalefo, bohale, lintho tse mpe,+ ho bua mantsoe a hlabang+ le a nyonyehang.+  Le se ke la bolellana leshano.+ Hlobolang botho* ba khale*+ le liketso tsa bona 10  le apare botho bo bocha+ boo Molimo a re thusang hore re be le bona ha re ntse re ithuta ka eena. Seo se tla etsa hore re be le makhabane a tšoanang le a hae.+ 11  Motho ea nang le makhabane ana ha a bone ho e-na le phapang pakeng tsa Mogerike kapa Mojuda, ho bolla kapa ho se bolle, molichaba, Moskitha,* lekhoba kapa motho ea lokolohileng. Kreste o linthong tsohle ’me rona re ka tlas’a hae.+ 12  Lona ba khethiloeng ke Molimo,+ ba halalelang le ba ratoang, e-bang le qenehelo,+ mosa, boikokobetso,+ bonolo+ le mamello.+ 13  Le tsoele pele ho mamellana le ho tšoarelana+ le haeba ho e-na le motho ea le khopisitseng.+ Le tšoarele batho ba bang ka pelo eohle feela joalokaha Jehova* le eena a le tšoarela.+ 14  Empa ka holim’a lintho tsena tsohle, le ratane+ kaha lerato le etsa hore batho ba utloane.+ 15  Lumellang khotso ea Kreste hore e laole lipelo tsa lona+ hobane le bitselitsoe ho eona hore le be ’mele o le mong. Hape lulang le leboha. 16  Lumellang lentsoe la Kreste hore le sebetse ho lona ’me le le etse hore le be bohlale. Tsoelang pele ho ruta le ho khothatsa ba bang ka lipesaleme,+ ka ho rorisa Molimo, ka lipina tsa bolumeli tse binoang ka kananelo le binela Jehova* ka lipelo tsohle tsa lona.+ 17  Ntho leha e le efe eo le e buang kapa eo le e etsang, le e etse ka lebitso la Morena Jesu, le lebohe Molimo Ntate le sebelisa lebitso la hae.+ 18  Lona basali, le ikokobeletse banna ba lona+ hobane Morena o lebeletse hore le etse joalo. 19  Banna, le tsoele pele ho rata basali ba lona+ ’me le se ke la ba halefela.*+ 20  Bana, le mamele batsoali ba lona linthong tsohle+ hobane ha le etsa joalo le thabisa Morena. 21  Bo-ntate, le se ke la utloisa bana ba lona bohloko*+ e le hore ba se ke ba nyahama. 22  Basebeletsi, le mamele benghali ba lona linthong tsohle+ eseng feela ha ba le shebile joalokaha eka le batla ho thabisa batho empa le ba mamele ka pelo eohle hobane le hlompha* Jehova.* 23  Ntho leha e le efe eo le e etsang, le e etse ka pelo eohle joalokaha eka le e etsetsa Jehova*+ eseng batho 24  kaha lea tseba hore le tla fuoa lefa ke Jehova* e le moputso.+ Sebeletsang Monghali oa lona e leng Kreste. 25  Joang kapa joang motho ea etsang lintho tse mpe o tla ahloloa ka lebaka la tsona.+ Molimo ha a leeme.*+

Linaletsana

Ka Segerike ke por·neiʹa. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “le ne le phela ka tsela eo.”
Kapa: “Tlohelang mekhoa ea khale.”
Ka Segerike: “motho.”
Lentsoe lena le bua ka batho ba neng ba khelloa fatše ka lebaka la meetlo ea bona le tsela eo ba phelang ka eona.
Kapa: “la ba buisa hampe.”
Kapa: “halefisa; khopisa.”
Ka Segerike: “tšaba.”
Kapa: “ha a khetholle.”