Lengolo le Eang ho Bafilipi 2:1-30

  • Bakreste ba lokela ho ikokobetsa (1-4)

  • Kreste o ne a ikokobelitse eaba oa phahamisoa (5-11)

  • Le sebetse e le hore le tle le pholohe (12-18)

    • Khanyang joaloka maseli (15)

  • Ke romela Timothea le Epafroditase (19-30)

2  Kaha le bonngoeng le Kreste, etsang sohle seo le ka se khonang hore le khothatsane, le tšelisane ka lerato, le tsotelle ba bang, le ba rate ’me le ba utloele bohloko.  Haeba le ka etsa joalo, ke tla thaba haholo. Le be le khotso har’a lona, le ratane ’me le etse lintho hammoho le be le nahane ka tsela e tšoanang.+  Le se ke la etsa ntho leha e le efe hobane le rata liqabang+ kapa le ikhohomosa.+ Ho e-na le hoo, le ikokobetse ’me le nke ba bang e le ba bohlokoa ho le feta.+  Le se ke la ameha feela ka lintho tse le tsoelang molemo+ empa le amehe le ka lintho tse tla tsoela batho ba bang molemo.+  Lulang le nahana ka tsela e tšoanang le eo Kreste Jesu a neng a nahana ka eona.+  Le hoja a ne a tšoana le Molimo,+ le hanyane feela ha aa ka a nahana ka hore a leke ho lekana le Molimo.+  O ile a tlohela lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona, a ba joaloka lekhoba+ ’me ea e-ba motho.*+  Ho feta moo, ha a tla e le motho,* o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho fihlela a shoa,+ a shoela palong.*+  Ka lebaka leo, Molimo o ile a mo fa boemo bo phahameng+ ’me a mo fa lebitso le fetang mabitso a mang ’ohle+ 10  e le hore bohle ba leholimong, ba lefatšeng le ba ka tlas’a lefatše* ba tle ba khumame ka lebitso la Jesu+ 11  le hore bohle ba tsebe hore Jesu Kreste ke Morena+ e leng se tla tlotlisa Molimo Ntate. 12  Bana beso bao ke ba ratang, le lula le mamela eseng feela ha ke e-na le lona empa haholo-holo ha ke le sieo. E mong le e mong oa lona a ’ne a sebetse ka thata hore a tle a pholohe, a etsa joalo ka tlhompho le ka tšabo. 13  Molimo ke eena ea le matlafatsang. O etsa hore le be le tabatabelo ebile o le fa matla a hore le etse lintho tse mo khahlisang. 14  Le ’ne le etse lintho tsohle le sa korotle+ ebile le sa ngangisane+ 15  e le hore le ka ba bana ba Molimo+ ba sa tšoauoeng phoso le ba se nang molato har’a batho ba khopo ba mehleng ena+ ba etsang lintho tse mpe, bao har’a bona le khanyang joaloka maseli lefatšeng.+ 16  Le tšoare lentsoe la bophelo ka thata.+ Ha le etsa joalo, ke tla ba le lebaka la ho thaba ka letsatsi la Kreste, ke tseba hore boiteko ba ka le mosebetsi oa ka o boima e ne e se oa lefeela. 17  Leha nka tšolloa joaloka nyehelo ea seno,+ ke kenya letsoho sehlabelong seo le se etsang+ le tšebeletsong eo le e etsetsang Molimo ka botšepehi. Kahoo, ke thabile ebile ke thaba le lona kaofela. 18  Joale le lona le thabe le ’na. 19  Ke tšepa hore Morena Jesu o tla ntumella hore ke romele Timothea+ ho lona haufinyane hore ke tle ke khothale ha ke utloa ka lona. 20  Ha ke na motho e mong ea tšoanang le eena ea ka le hlokomelang ka lintho tseo le li hlokang. 21  Ba bang kaofela ba nahana ka lintho tse ka tsoelang bona molemo feela eseng tseo Jesu Kreste a li batlang. 22  Empa lea tseba hore eena o bontšitse hore ha a joalo. Joalokaha ngoana+ a sebetsa le ntate oa hae, o ile a sebetsa le ’na ka thata ho bolela litaba tse monate libakeng tse ngata. 23  Ka lebaka leo, ke eena eo ke nahanneng ho mo romela ho lona hang feela ha ke bona hore na ho tla etsahala’ng ka ’na. 24  Ke kholisehile hore Morena o tla ntumella hore ke tle ho lona haufinyane.+ 25  Empa hona joale ke bona ho hlokahala hore ke le romelle Epafroditase eo e leng ngoan’eso, mosebetsi-’moho le ’na, lesole la Kreste joaloka ’na, moromuoa oa lona le mohlanka oa ka ea nthusang.+ 26  O le hopotse haholo ebile o nyahame hobane le utloile hore o ile a kula. 27  Ke ’nete hore o ile a kulela lefu empa Molimo o ile a mo hauhela. Ha e le hantle, ha aa ka a hauhela eena feela empa le ’na o nkhauhetse e le hore ke se ke ka utloa bohloko haholo. 28  Kahoo, ke mo romela ho lona ka potlako e le hore le ka boela la thaba ha le mo bona le hore ke se ke ka hlola ke tšoenyeha haholo ka lona. 29  Mo amoheleng ka thabo joalokaha le tloaetse ho amohela balateli ba Morena ’me le ’ne le bontše banna ba tšoanang le eena hore lea ba rata+ 30  hobane o batlile a shoa ka lebaka la mosebetsi oa Kreste,* a beha bophelo ba hae kotsing ka lebaka la ka hobane le ne le sa khone ho tla mona ho tla nthusa.+

Linaletsana

Kapa: “a tšoana le batho.”
Ka Segerike: “ha a iphumana a tšoana le motho.”
Kapa: “palong eo batho ba hlokofatsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.
E leng bafu ba tlang ho tsosoa.
Kapa mohlomong: “mosebetsi oa Morena.”