Fetela boitsebisong

Bibele e Re’ng ka ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang?

Bibele e Re’ng ka ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang?

Karabo ea Bibele

Molimo o bōpile batho hore ba kopanele liphate hafeela e le monna le mosali ba nyalaneng. (Genese 1:​27, 28; Levitike 18:22; Liproverbia 5:​18, 19) Bibele e hanela batho ba sa nyalanang ho kopanela liphate, ebang ke ba bong bo tšoanang kapa ba bong bo fapaneng. (1 Bakorinthe 6:​18) Sena se akarelletsa thobalano, ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali tsa motho e mong kapa ho kenya litho tsa botho ka hanong kapa ka morao.

Le hoja Bibele e nyatsa ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang, ha e khothalletse ba bang hore ba hloee batho ba mofuta oo. Ho e-na le hoo, Bakreste ba laeloa hore “ba hlomphe batho bohle.”—1 Petrose 2:​17, Good News Translation.

Na motho o tsoaloa a e-na le tšekamelo ea ho rata batho ba bong bo tšoanang le ba hae?

Bibele ha e bue ka hore na ’mele ea batho ba ratanang le ba bong bo tšoanang e bōpehile joang, le hoja e lumela hore kaofela re hlaha re e-na le tšekamelo ea ho etsa lintho tseo Molimo a li nyatsang. (Baroma 7:​21-​25) Ho e-na le ho ameha ka hore na ke’ng e etsang hore motho a lakatse ho ratana le batho ba bong bo tšoanang, Bibele e hanela boitšoaro boo.

Kamoo u ka khahlisang Molimo le hoja u lakatsa ho kopanela liphate le batho ba bong bo tšoanang le ba hao.

Bibele e re: “Le se ke la laoloa ke ’mele ea lōna. Bolaeang litakatso tsohle tsa ho kopanela liphate ka tsela e fosahetseng.” (Bakolose 3:5, Contemporary English Version) E le hore u bolaee litakatso tse fosahetseng tse lebisang boitšoarong bo litšila, u lokela ho laola monahano oa hao. Haeba u lula u nahana ka lintho tse hloekileng, u ka khona ho tlosa lintho tse litšila kelellong ea hao. (Bafilipi 4:8; Jakobo 1:14, 15 ) Le hoja u ka ’na ua thatafalloa ho etsa seo qalong, u tla nolofalloa ha nako e ntse e ea. Molimo o tšepisa hore o tla u thusa ‘ho nchafatsa matla a susumetsang kelello ea hao.’​—Baefese 4:​22-​24.

Banna le basali ba limilione ba lakatsang ho latela melao ea Bibele le bona ba lokela ho sebelisa boitšoaro. Ka mohlala, masoha a mang a se nang monyetla o mokaalo oa ho kena lenyalong, hammoho le batho ba nang le balekane ba sitoang ho kopanela liphate, ba khetha ho laola takatso ea bona ea ho kopanela liphate ho sa tsotellehe liteko tseo ba ka ’nang ba tobana le tsona. Ba thabile bophelong, ’me batho ba khahloang ke ba bong bo tšoanang, le bona ba ka etsa se tšoanang haeba ba hlile ba batla ho khahlisa Molimo.​—Deuteronoma 30:19.