Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE

Litšoantšo Tsa Bootsoa—Na li Kotsi Kapa Che?

Litšoantšo Tsa Bootsoa—Na li Kotsi Kapa Che?

Kajeno lefatše le kene tloara! litšoantšong tsa bootsoa. * Li ka fumanoa lipapatsong, fesheneng, lifiliming, ’minong le limakasineng haesita le thelevisheneng, lipapaling tsa video, ho li-smartphone, lisebelisoeng tsa elektronike, Liwebsaeteng ’me hona joale, li romellanoa Inthaneteng. Ho bonahala batho ba rata litšoantšo tsena tsa bootsoa haholo. Batho ba bangata libakeng tse ngata ba sheba litšoantšo tsena tsa bootsoa ho feta leha e le neng pele historing.—Sheba Lebokose le reng  “’Nete ka Litšoantšo Tsa Bootsoa.”

Litšoantšo tsa bootsoa li ntse li ea li mpefala. Moprofesa Gail Dines, o re: “Kajeno litšoantšo tsena li se li feteletse haholo hoo tseo ho neng ho nkoa hore li bontša ho kopanela liphate ka tsela e feteletseng le e hlaha li seng li nkoa e le tse tloaelehileng.”

U ikutloa joang ka ho ata ha litšoantšo tsena le tsela eo batho ba li talimang ka eona? Na ho sheba litšoantšo tsa bootsoa ke ho itlosa bolutu, ho kotsi kapa ho tsoa feela hore na motho eena o ho nka joang? Jesu o ile a re: “Sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle, empa sefate se seng le se seng se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso.” (Matheu 7:17) Litšoantšo tsa bootsoa li hlahisa litholoana life? E le hore re fumane likarabo, a re ke re hlahlobe lipotso tsa bohlokoa mabapi le litšoantšo tsa bootsoa.

 Litšoantšo tsa bootsoa li ama batho joang?

SEO LITSEBI LI SE BUANG: Litšoantšo tsa bootsoa li etsa batho makhoba hoo litsebi le lingaka tse ling li li bapisang le lithethefatsi.

Brian, * ea neng a lemaletse ho sheba litšoantšo tseo Inthaneteng, o re: “Ho ne ho se na ntho e nthibang. E ne eka ke lefatšeng la litoro. Ke ne ke thothomela ke bile ke opeloa ke hlooho. Ke ne ke batla ho khaotsa empa le ka mor’a lilemo tse ngata, ke ne ke ntse ke li lemaletse.”

Hangata batho ba ratang ho sheba litšoantšo tsa bootsoa ba etsa seo lekunutung. Ha ba batle batho ba tsebe seo ba se etsang ebile ba leshano. Ha ho makatse hore ebe ba bangata ba ikutloa ba batla ho itšehla thajana, e ba batho ba lihlong, ba tepeletseng maikutlong ’me baa halefa. Ka linako tse ling ba ba le maikutlo a ho batla ho ipolaea. Serge ea neng a kopitsa litšoantšo tsa bootsoa founong ea hae hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng, o re: “Ke ne ke se na taba le batho ba bang ’me ke ne ke etsa eng kapa eng ho li fumana. Ke ne ke ikutloa ke se na thuso, ke le molato, ke lahliloe kherehloa ebile ke le lekhoba la tsona. Ke ne ke le lihlong ebile ke tšaba le ho kōpa thuso.”

Esita leha motho a ka bona litšoantšo tsena ka tšohanyetso, liphello e ka ba tse bohloko. Ha a ne a bua ka pel’a komiti ea Senate ea United States, Dr. Judith Reisman, e leng setsebi se ka sehloohong patlisisong e mabapi le litšoantšo tsa bootsoa, o ile a re: “Ha motho a ile a sheba litšoantšo tsa bootsoa ebang o ne a ikemiselitse ho li sheba kapa che, ho thata kapa ha ho khonehe hore a li phumole kelellong ea hae.” Susan ea lilemo li 19, eo ka phoso a ileng a kena Websaeteng ea litšoantšo tsa bootsoa, o re: “Litšoantšo tseo ha li hlakohe ka kelellong ea ka. Li itlhahela feela ke sa lebella. Ke ikutloa eka nke ke ka hlola ke khona ho li tlosa ka ho feletseng.”

SEO E LENG ’NETE: Litšoantšo tsa bootsoa li senya bophelo ba batho ’me li ba etsa makhoba.2 Petrose 2:19.

Litšoantšo tsa bootsoa li ama malapa joang?

SEO LITSEBI LI SE BUANG: “Litšoantšo tsa bootsoa li thuha malapa.”The Porn Trap, ea Wendy le Larry Maltz.

Litšoantšo tsa bootsoa li senya malapa le manyalo ka ho

  • Etsa hore banyalani ba se ke ba tšepana, ba se ke ba ba le kamano e haufi ’me ba se ke ba ratana.Liproverbia 2:12-17.

  • Etsa hore motho e be moithati, a itšehle thajana le hore a se ke a khotsofalla molekane oa hae.Baefese 5:28, 29.

  • Etsa hore motho a lule a nahana ka mokhoa o litšila oa ho kopanela liphate le ho ba le takatso e feteletseng.2 Petrose 2:14.

  • Etsa hore ba li shebang ba qobelle balekane ba bona ho kopanela liphate ka tsela e sa lokelang.Baefese 5:3, 4.

  • Etsa hore ba li shebang ba se ke ba tšepahala ho balekane ba bona ka ho etsa bofebe ka ho toba kapa ka ho li sheba feela.—Matheu 5:28.

Bibele e bolella banyalani hore ba se ke ba ‘sebetsana ka bolotsana’ le balekane ba bona. (Malakia 2: 16) Bofebe ke mokhoa o mong oa bolotsana o ka senyang lenyalo oa ba oa baka hore banyalani ba arohane le ho hlalana. Ho arohana ho joalo ho utloisa bana bohloko.

Litšoantšo tsa bootsoa li ka boela tsa senya likelello tsa bana. Brian, eo ho builoeng ka eena pejana, o re: “Ha ke ne ke le lilemo tse ka bang leshome, ha re ntse re bapala boleke-maipatile, ke ile ka oela limakasine tsa ntate oa ka tse neng li bontša litšoantšo tsa bootsoa. Ke ile ka qala ho li sheba ka lekunutu, ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ke ne ke rata ho sheba litšoantšo tse joalo. Eo e ile ea e-ba qaleho ea mokhoa o ileng oa senya bophelo ba ka ho fihlela ke e-ba motho e moholo.” Lipatlisiso li bontša hore litšoantšo tsa bootsoa li ka susumetsa bacha hore ba kopanele liphate ba sa le banyenyane ebile li etsa hore ba hlephe boitšoarong, ba bete ’me li ka boetse tsa etsa hore ba se ke ba tsitsa maikutlong le kelellong.

SEO E LENG ’NETE: Litšoantšo tsa bootsoa li senya kamano eo motho a bang le eona le batho ba bang ’me qetellong li baka bohloko le masisa-pelo.Liproverbia 6:27.

 Bibele e re’ng ka litšoantšo tsa bootsoa?

LENTSOE LA MOLIMO LE RE: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna . . . mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.”Bakolose 3:5.

Ka mantsoe a bonolo feela, Jehova * Molimo o hloile litšoantšo tsa bootsoa. Hase hobane o tšosoa ke ha batho ba kopanela liphate. O re bōpile re e-na le bokhoni ba ho kopanela liphate ka morero oa hore banyalani ba ithabise, ba atamelane maikutlong le ho thabela ho ba le bana.Jakobo 1:17.

Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore Jehova o hloile litšoantšo tsa bootsoa? Nahana ka mabaka ana a ’maloa.

  • O oa tseba hore litšoantšo tsa bootsoa li ka senya bophelo ba rōna.Baefese 4:17-19.

  • O oa re rata ’me o batla ho re sireletsa.Esaia 48:17, 18.

  • Jehova o batla ho sireletsa manyalo le malapa.Matheu 19:4-6.

  • O batla hore re be le boitšoaro bo hloekileng le hore re hlomphe litokelo tsa batho ba bang.1 Bathesalonika 4:3-6.

  • O batla hore re hlomphe litho tsa rōna tsa botona kapa tsa botšehali le hore re li sebelise ka tsela e hlomphehang.Baheberu 13:4.

  • Jehova oa tseba hore litšoantšo tsa bootsoa li etsa hore batho ba be le pono e fosahetseng, ea boithati le ea bosatane ka ho kopanela liphate.Genese 6:2; Juda 6, 7.

SEO E LENG ’NETE: Litšoantšo tsa bootsoa li senya setsoalle sa motho le Molimo.Baroma 1:24.

Leha ho le joalo, Jehova o utloela batho ba batlang ho lokoloha litšoantšong tsa bootsoa bohloko. Bibele e re: “Jehova o mohau ’me o mosa, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato. Etsoe o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103:8, 14) O kōpa ba ikokobelitseng hore ba tle ho eena e le hore ba ka “fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”Baheberu 4:16; sheba lebokose le reng  “Ho Lokoloha Bokhobeng ba Litšoantšong Tsa Bootsoa.”

Batho ba bangata ba ’nile ba amohela ho thusoa ke Molimo. Na thuso ea hae e ba tsoela molemo? Hlokomela seo Bibele e se buang mabapi le batho ba ileng ba lahla mekhoa e mebe: “Le hlatsoitsoe hore le hloeke, . . . le halalelitsoe, . . . ho boletsoe hore le lokile ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rōna.” (1 Bakorinthe 6:11) Joaloka Pauluse, batho bao ba ka re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”Bafilipi 4:13.

Susan, ea ileng a hlōla bokhoba ba ho sheba litšoantšo tsa bootsoa, o re: “Ke Jehova feela ea ka u thusang hore u lokolohe litšoantšong tsa bootsoa. Haeba u kōpa thuso ea hae le tataiso, u ka amoheleha ho eena. A ke ke a u soetsa.”

^ ser. 3 Poleloana e reng, “litšoantšo tsa bootsoa” e bolela lintho tseo motho a li shebang, a li balang kapa a li mamelang ka morero oa hore li tsose takatso ea ho kopanela liphate. Poleloana eo e ka akaretsa litšoantšo hammoho le boitsebiso bo ngotsoeng kapa bo mameloang.

^ ser. 8 Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

^ ser. 25 Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.