Kosepele ea Matheu 10:1-42

  • Baapostola ba 12 (1-4)

  • Litaelo tsa mosebetsi oa ho ruta (5-15)

  • Barutuoa ba Jesu ba tla hlorisoa (16-25)

  • Le tšabe Molimo eseng batho (26-31)

  • Ha kea tlisa khotso empa ke tlisitse sabole (32-39)

  • Ho amohela barutuoa ba Jesu (40-42)

10  Jesu a bitsa barutuoa ba hae ba 12 ’me a ba fa matla a ho leleka bademona+ le ho phekola mafu a mefuta eohle.  Mabitso a baapostola ba 12 ke+ Simone, ea bitsoang Petrose+ le Andrease+ ngoan’abo, Jakobo mora oa Zebedea le Johanne+ ngoan’abo,  Filipi, Bartholome,+ Thomase,+ Matheu+ ’mokelli oa lekhetho, Jakobo mora oa Alfiase, Thadiase,  Simone oa Mokanana* le Judase Iskariota, eo hamorao a ileng a rekisa* Jesu.+  Jesu o ile a roma baapostola bana ba 12, a ba fa litaelo tsena:+ “Le se ke la ea ho batho ba lichaba kapa la kena motseng ofe kapa ofe oa Basamaria+  empa le ’ne le ee linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.+  Ha le ntse le tsamaea, le phatlalatse le re: ‘’Muso oa maholimo o atametse.’+  Phekolang bakuli,+ le tsose bafu, le folise balepera, le leleke bademona. Le fuoe mahala, le lona fanang mahala.  Le se ke la nka khauta, silevera kapa koporo ka lipacheng tsa lona.+ 10  Le se ke la nka mokotla oa lijo, seaparo sa bobeli,* lieta* kapa lere+ bakeng sa leeto kaha motho ea sebetsang o tšoanela ho fuoa lijo.+ 11  Ha le fihla motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea ka le amohelang, le lule moo ho fihlela le tloha.+ 12  Ha le kena ka tlung, le lumelise. 13  Haeba ba le amohela, khotso eo le ba lakaletsang eona e ke e be ho bona.+ Empa haeba ba sa le amohele, khotso e tsoang ho lona e ke e khutlele ho lona. 14  Haeba mang kapa mang a sa le amohele kapa a sa le mamele ntlong kapa motseng, ha le tsoa moo le hlohlore lerole maotong a lona.+ 15  Kannete ke re ho lona, ka Letsatsi la Kahlolo, kotlo ea Sodoma le Gomora+ e tla ba bobebe ho feta ea motse oo. 16  Ke le romela le le joaloka linku har’a liphiri. Ka hona le be seli joaloka linoha empa le hloke molato joaloka maeba.+ 17  Le be hlokolosi hobane batho ba tla le isa makhotleng a libaka+ ’me ba tla le shapela+ ka matlung a bona a thapelo.*+ 18  Hape le tla isoa ka pel’a babusisi le marena+ ka lebaka la ka e le hore le bolelle bona le lichaba ka tumelo ea lona.+ 19  Leha ho le joalo, ha ba le isa le se ke la tšoenyeha ka hore na le tla re’ng kapa le tla bua joang. Le tla tseba ka nako eo hore na le re’ng.+ 20  Le ke ke la bua ka bolona empa moea oa Ntate oa lona o tla le thusa ho bua.+ 21  Motho o tla fana ka ngoan’abo hore a bolaoe, le ntate a fane ka ngoana oa hae hore a bolaoe. Bana le bona ba tla tsohela batsoali matla ba be ba etse hore ba bolaoe.+ 22  Batho bohle ba tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka+ empa ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla pholoha.+ 23  Ha ba le hlorisa motseng o mong, le balehele ho o mong+ hobane kannete kea le bolella, Mor’a motho o tla fihla pele le qeta mosebetsi oa ho bolela metseng le metsaneng ea Iseraele. 24  Moithuti ha a phahamela mosuoe oa hae le lekhoba ha lea phahamela mong’a lona.+ 25  Moithuti o tla tšoaroa ka tsela eo mosuoe oa hae a tšoaroang ka eona* le lekhoba le tla tšoaroa joaloka mong’a lona.+ Haeba batho ba bitsitse mong’a ntlo Beelzebube,*+ ba tla bitsa ba ntlo ea hae joalo. 26  Ka hona, le se ke la ba tšaba kaha lintho tsohle tse koahetsoeng li tla koaholloa, le liphiri tsohle li tla senoloa.+ 27  Lintho tseo ke le boleletseng tsona lefifing, le li bue leseling, tseo ke le sebetseng tsona le li bolele le le holim’a matlo.+ 28  Le se ke la tšaba ba ka le bolaeang empa ba ke ke ba le sitisa ho phela hape.*+ Ho e-na le hoo, le tšabe ea ka le felisang Gehena.*+ 29  Le hoja lirobele tse peli li rekisoa ka chelete ea tšepe,* ha ho le se le seng sa tsona se tla oela fatše Ntate oa lona a sa tsebe.+ 30  Ha e le lona, o tseba palo ea moriri o lihloohong tsa lona. 31  Ka hona, le se ke la tšoha, le bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.+ 32  E mong le e mong ea buang phatlalatsa hore ke morutuoa oa ka,+ le ’na ke tla bua ka pel’a Ntate ea maholimong hore ke morutuoa oa ka.+ 33  Empa mang kapa mang ea ntatolang ka pel’a batho, le ’na ke tla mo latola ka pel’a Ntate ea maholimong.+ 34  Le se ke be la nahana hore ke tlisitse khotso lefatšeng. Ha kea tlisa khotso empa ke tlisitse sabole.+ 35  Ke tletse ho baka karohano: Mora o tla loantša ntate, morali a loantše ’mè le ngoetsi e loantše matsale.+ 36  Motho o tla hlouoa ke ba lelapa la hae. 37  Mang kapa mang ea ratang ntate kapa ’mè ho mpheta le ea ratang mora kapa morali ho mpheta, ha a tšoaneloe ke ho ba morutuoa oa ka.+ 38  Mang kapa mang ea sa ikemisetsang ho mamella mahloriso* le ho ntšala morao ha a tšoaneloe ke ho ba morutuoa oa ka.+ 39  Mang kapa mang ea lekang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla felloa ke bona. Empa mang kapa mang ea shoang hobane e le molateli oa ka, o tla phela hape.+ 40  Mang kapa mang ea le amohelang oa nkamohela le ’na hape mang kapa mang ea nkamohelang o amohela le ea nthomileng.+ 41  Mang kapa mang ea amohelang moprofeta hobane e le moprofeta, o tla fumana moputso oa moprofeta.+ Mang kapa mang ea amohelang motho ea lokileng hobane e le motho ea lokileng, o tla fumana moputso oa motho ea lokileng. 42  Mang kapa mang ea fang e mong oa ba banyenyane bana kopi feela ea metsi a batang hore a noe hobane e le morutuoa, kannete kea le bolella, joang kapa joang o tla fumana moputso.”+

Linaletsana

Kapa: “ea chesehang.”
Kapa: “eka.”
Kapa: “liaparo tse peli.”
Ka Segerike: “meqathatso.”
Ka Segerike: “lisinagogeng tsa bona.”
Ka Segerike: “Ho lekane hore morutuoa a be joaloka mosuoe oa hae.”
Ke lebitso le leng leo khosana kapa ’musi oa bademona e leng Satane a bitsoang ka lona.
Kapa: “ba bolaeang ’mele empa ba ke ke ba bolaea moea.”
Ka Segerike: “asarione; chelete ea tšepe ea boleng bo bonyenyane.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Segerike: “ho nka palo ea hae ea tlhokofatso.” Sheba Tlhaloso ea Palo.