Lengolo la Bobeli le Eang ho Timothea 3:1-17

  • Ho tla ba thata mehleng ea bofelo (1-7)

  • Latela mohlala oa Pauluse (8-13)

  • “U se ke oa khaotsa ho lumela lintho tseo u li rutiloeng” (14-17)

    • Mangolo ’ohle a halalelang a tsoa ho Molimo (16)

3  Tseba hore mehleng ea bofelo+ bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.  Batho ba tla icheba bobona,* ba rate chelete, ba ithorise, ba ikhohomose, ba bue hampe ka Molimo le ka batho. Ba ke ke ba mamela batsoali, e tla ba batho ba sa leboheng le ba sa tšepahaleng.  E tla ba batho ba se nang lerato, ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, ba senyang ba bang mabitso, ba sa ithibeng, ba bohale bo tšosang le ba hloileng lintho tse ntle.  E tla ba batho ba fetohelang ba bang, ba manganga, ba ikakasang le ba ratang menate ho e-na le ho rata Molimo.  Ba tla etsa eka ba rata Molimo empa ba sa phele ka tsela e bontšang hore ho joalo.+ Batho ba joalo u ba furalle.  Har’a batho bana, ho tla hlaha banna ba tla kena malapeng a batho ka bolotsana, ba khelose basali ba fokolang ka lebaka la libe tsa bona ebile ba laoloa ke litakatso tsa mefuta-futa.  Basali bao ba lula ba ithuta empa ha ho mohla ba khonang ho fumana tsebo e nepahetseng ea ’nete.  Banna bao ba hanyetsa ’nete ka tsela eo Janese le Jambrese ba ileng ba hanyetsa Moshe ka eona. Ba bolile likelello, Molimo ha a ba amohele hobane ha ba latele lithuto tse re thusang ho ba le tumelo.  Ba ke ke ba ea hole ka mekhoa eo ea bona kaha batho bohle ba tla bona bohlanya* ba bona joalokaha bohlanya ba Janese le ba Jambrese bo ile ba bonahala.+ 10  Empa uena u mametse lithuto tsa ka ka hloko, oa phela ka tsela eo ke phelang ka eona+ le ho ba le morero o tšoanang le oa ka. U bone tumelo ea ka, tiisetso ea ka, lerato la ka le mamello ea ka. 11  U bone mahloriso le litsietsi tse kang tse ileng tsa ntlhahela ha ke le Antioke,+ Ikoniamo+ le Listra.+ Ke mameletse mahloriso ana ’me Morena o ile a ntopolla ho ’ona kaofela.+ 12  Ha e le hantle, barutuoa bohle ba Kreste Jesu ba batlang ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ba tla hlorisoa.+ 13  Ha e le batho ba khopo le ba ikhakanyang, bobe ba bona bo tla eketseha bo be bo fetelle. Ba tla khelosa ba bang ba be ba khelosoe.+ 14  Leha ho le joalo, u se ke oa khaotsa ho lumela lintho tseo u li rutiloeng le tseo u ileng oa kholiseha hore ke ’nete+ kaha oa tseba hore na u ithutile tsona ho bo-mang. 15  Hape oa tseba hore u tsebile lingoloa tse halalelang+ u sa le lesea.+ Lingoloa tseo li khona ho u hlalefisa e le hore u tle u pholosoe ka hore u lumele ho Kreste Jesu.+ 16  Mangolo ’ohle a halalelang a tsoa ho Molimo.+ A molemo hobane aa ruta,+ aa khalemela, a lokisa lintho ebile a laea motho ho ea ka melao ea Molimo e lokileng,+ 17  e le hore mohlanka oa Molimo a ka tšoaneleha ka ho feletseng le hore a be le lintho tsohle tseo a li hlokang bakeng sa ho etsa mosebetsi o mong le o mong o molemo.

Linaletsana

Kapa: “e tla ba baithati.”
Kapa: “bothoto.”