Esaia 35:1-10

  • Paradeise ea tsosolosoa (1-7)

    • “Mahlo a lifofu a tla tutuboloha le litsebe tsa ba sa utloeng li bulehe” (5)

  • Ba lopolotsoeng ba tsamaea Tseleng ea Khalalelo (8-10)

35  Lefeella le sebaka se omeletseng li tla thaba+Le lehoatata le tla thaba ’me le thunye joaloka lipalesa tsa safrone.+   Joang kapa joang e tla thunya,+E tla thaba e be e hoeletse e thabile. E tla fuoa khanya ea Lebanone,+E fuoe botle ba Karmele+ le ba Sharone.+ Ba tla bona khanya ea Jehova, botle ba Molimo oa rona.   Matlafatsang matsoho a fokolang’Me le tiise mangole a tšeremang.+   E-reng ho ba lipelo li tšoenyehileng: “E-bang matla. Le se ke la tšoha. Molimo oa lona o tla iphetetsa,A fane ka kotlo.+ O tla tla ’me a le pholose.”+   Ka nako eo, mahlo a lifofu a tla tutuboloha+Le litsebe tsa ba sa utloeng li bulehe.+   Ka nako eo, ea holofetseng o tla tlola-tlola joaloka khama,+Ea sa khoneng ho bua o tla hoeletsa a thabile.+ Metsi a tla kolla lefeellengLe melapo e phalle lehoatateng.   Sebaka se chesitsoeng ke letsatsi e tla ba letamo le nang le lehlaka,Mobu o nyoriloeng e be liliba tsa metsi.+ Lilaong* tseo liphokojoe li neng li phomola ho tsona+Ho tla ba le joang bo botala, lehlaka le loli.   Ho tla ba le tsela e kholo,+E bitsoang Tsela ea Khalalelo. Motho ea sa hloekang a ke ke a tsamaea ho eona.+ E boloketsoe ea lumeletsoeng ho tsamaea ho eona. Ha ho mang kapa mang ea se nang kelello ea tla khelohela ho eona.   Ho ke ke ha e-ba le tau moo. Ha ho libata tse bohale tse tla tla ho eona. Li ke ke tsa fumanoa moo,+Ho tla tsamaea feela ba rekiloeng kholehong.+ 10  Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla+ ’me ba tle Sione ka mohoo oa thabo.+ Ba tla roala korone ea thabo ho ea ho ile.+ Ba tla fumana thabo e khaphatsehang le nyakallo,Mesarelo le masisa-pelo e tla ba pale ea maobane.+

Linaletsana

E leng moo ho lulang liphokojoe.