Tšenolo e eang ho Johanne 21:1-27

  • Leholimo le lecha le lefatše le lecha (1-8)

    • Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng (4)

    • Lintho tsohle li ba ncha (5)

  • Jerusalema e Ncha ea hlalosoa (9-27)

21  Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha.+ Leholimo la pele le lefatše la pele li ne li se li fetile+ ’me leoatle+ le ne le se le le sieo.  Hape ka bona motse o halalelang e leng Jerusalema e Ncha. O ne o theoha leholimong o tsoa ho Molimo,+ o khabile joaloka monyaluoa ea ikhabiselitseng monna oa hae.+  Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: “Bona! Tente ea Molimo e har’a batho. O tla lula le bona ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona.+  O tla hlakola meokho eohle ea bona.+ Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.+ Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng.+ Lintho tse neng li etsahala pele li fetile.”  Ea lutseng teroneng+ a re: “Bona, ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.”+ Hape a re: “Ngola mantsoe ana hobane aa tšepahala ’me ke a ’nete.”  A boela a re ho ’na: “Mantsoe ana a se a phethahetse. Ke ’na Alfa le Omega,* qalo le qetello.+ Mang kapa mang ea nyoriloeng ke tla mo fa metsi a tsoang selibeng sa metsi a bophelo mahala.+  Mang kapa mang ea hlolang ntoa o tla fumana lintho tsena. Ke tla ba Molimo oa hae ’me eena e tla ba mora oa ka.  Ha e le makoala, batho ba se nang tumelo,+ ba litšila le ba etsang lintho tse nyonyehang, babolai,+ ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba sebelisanang le bademona, ba rapelang litšoantšo le bohle ba leshano,+ ba tla lahleloa letšeng la mollo le sebabole.+ Letša leo la mollo le bolela lefu la bobeli.”+  Le leng la mangeloi a supileng a neng a tšoere likotlolo tse supileng tse tletseng likotlo tse supileng+ tsa ho qetela, la tla ho ’na la re: “Tloo ke tl’o u bontša monyaluoa, mosali oa Konyana.”+ 10  La nkuka ka matla a moea la nkisa thabeng e kholo e phahameng eaba le mpontša motse o halalelang, e leng Jerusalema o theoha leholimong o tsoa ho Molimo.+ 11  O ne o e-na le khanya ea Molimo.+ O ne o benya joaloka lejoe la bohlokoa ka ho fetisisa, joaloka lejoe la jaspere le benyang le le bonaletsang joaloka khalase.+ 12  O ne o e-na le lerako le leholo le phahameng, likeiti tse 12 le mangeloi a 12 a emeng likeiting tseo. Likeiting tseo, ho ne ho ngotsoe mabitso a maloko a 12 a Baiseraele. 13  Ho ne ho e-na le likeiti tse tharo ka bochabela, tse tharo ka leboea, tse tharo ka boroa le tse tharo ka bophirimela.+ 14  Lerako le ne le e-na le majoe a motheo a 12. Ho ne ho ngotsoe mabitso a baapostola ba 12+ ba Konyana ho ’ona. 15  Lengeloi le neng le bua le ’na le ne le tšoere lehlaka la khauta le methang e le hore le methe motse, likeiti tsa oona le marako a oona.+ 16  Motse oo o na le marako a mane a lekanang ka bolelele le ka bophara. La metha motse ka lehlaka ’me bolelele, bophara le bophahamo e ne e le lik’hilomithara tse ka bang 2 220.* 17  Hape la metha lerako. Bophahamo ba lona e ne e le limithara tse ka bang 64.* Le ne le metha ka tsela eo batho ba methang ka eona. 18  Lerako le ne le entsoe ka lejoe la jaspere+ ’me motse o ne o entsoe ka khauta e hloekileng e bonaletsang joaloka khalase. 19  Metheo ea lerako la motse e ne e khabisitsoe ka majoe a bohlokoa a mofuta o mong le o mong. Motheo oa pele o ne o khabisitsoe ka lejoe la jaspere, oa bobeli o khabisitsoe ka lejoe la safire, oa boraro o khabisitsoe ka lejoe la kalsedone, oa bone o khabisitsoe ka lejoe la emeralde. 20  Motheo oa bohlano o ne o khabisitsoe ka lejoe la sardonixe, oa botšelela o khabisitsoe ka lejoe la sardiase, oa bosupa o khabisitsoe ka lejoe la krisolite, oa borobeli o khabisitsoe ka lejoe la berile, oa borobong o khabisitsoe ka lejoe la topase, oa leshome o khabisitsoe ka lejoe la krisoprase, oa bo11 o khabisitsoe ka lejoe la hiasinthe, oa bo12 o khabisitsoe ka lejoe la amethiste. 21  Likeiti tse 12 e ne e le liperela tse 12. Keiti e ’ngoe le e ’ngoe e ne e entsoe ka perela e le ’ngoe. Tsela e kholo ea motse e ne e entsoe ka khauta, e le joaloka khalase e bonaletsang. 22  Ha kea ka ka bona tempele motseng oo hobane Jehova* Molimo ea Matla ’Ohle+ ke tempele ea oona le Konyana ke tempele ea oona. 23  Motse oo ha o hloke ho khantšetsoa ke letsatsi kapa khoeli hobane khanya ea Molimo e ne e o khantšitse,+ Konyana e ne e le lebone la oona.+ 24  Khanya ea eona e tla khantša litsela tsa lichaba+ ’me marena a lefatše a tla tlisa khanya ea ’ona ho oona. 25  Likeiti tsa moo li ke ke tsa koaloa ho hang hobane e tla lula e le motšehare, e ke ke ea e-ba bosiu.+ 26  Batho ba lichaba ba tla tlisa khanya ea bona le tlhompho motseng oo.+ 27  Eng kapa eng e litšila, mang kapa mang ea etsang lintho tse nyonyehang le ea leshano ba ke ke ba kena ho oona.+ Ho tla kena feela ba ngotsoeng moqolong oa Konyana oa bophelo.+

Linaletsana

Kapa: “Qalo le Qetello.” Alfa ke tlhaku ea pele lethathamong la litlhaku tsa Segerike, Omega ke tlhaku ea ho qetela.
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “liteliamo tse 12 000.” Seteliamo se lekana le limithara tse 185. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Segerike: “litsoe tse 144.” Sheba Ntlha ea B14.