Esaia 48:1-22

  • Baiseraele baa khalemeloa ebile baa hloekisoa (1-11)

  • Jehova o tla hlasela Babilona (12-16a)

  • Thuto ea Molimo e re tsoela molemo (16b-19)

  • “Tsoang Babilona!” (20-22)

48  Utloang, lona ba ntlo ea Jakobo,Lona ba ipitsang ka lebitso la Iseraele+Le ba tsoang lelokong* la Juda,Lona ba hlapanyang ka lebitso la Jehova+Le ba ipiletsang ho Molimo oa IseraeleLe hoja e se ka ’nete le ho loka.+   Ba ipitsa ka motse o halalelang,+Ba batla thuso ho Molimo oa Iseraele,+Eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho.   “Lintho tse fetileng* ke u boleletse tsona ho tloha khale. Li tsoile molomong oa ka,Ke entse hore li tsejoe.+ Ka nka bohato ka ho panya ha leihlo ’me tsa etsahala.+   Ke tsebile kamoo u leng manganga kateng,Le hore mosifa oa molala oa hao ekare tšepe ’me phatla ea hao ekare koporo.+   Kahoo, ke u boleletse lintho tsohle esale khale. Pele li etsahala, ka u bolella tsonaE le hore u se ke oa re, ‘Setšoantšo sa ka se entse tjena,Setšoantšo sa ka se betliloeng le setšoantšo* sa ka sa tšepe se laetse tjena.’   U* utloile ebile u bone lintho tsena kaofela. Na u ke ke oa li bolela?+ Ho tloha hona joale ke u bolella lintho tse ncha,+Makunutu a patiloeng, ao u sa a tsebeng.   Ke hona li etsahalang hona joale eseng khale,Lintho tseo ho fihlela kajeno u e-s’o li utloeE le hore u se ke oa re, ‘Ke se ke ntse ke li tseba.’   Che, u ne u sa batle ho utloa,+ u sa batle ho utloisisa. Hape nakong e fetileng u ne u ithibile litsebe. Ke tseba kamoo u leng molotsana kateng+’Me u bitsitsoe mofosi ho tloha ha u hlaha.+   Empa molemong oa lebitso la ka, ke tla kokobetsa bohale ba ka,+Ka lebaka la thoriso ea ka ke tla ithiba,Nke ke ka u felisa.+ 10  Ke u* hloekisitse empa eseng joaloka silevera.+ Ke lumelletse hore u hlorisoe e le hore u ka hloekisoa joalokaha tšepe e hloekisoa mollong.*+ 11  Ka lebaka la ka, ka lebaka la ka feela ke tla nka bohato+Hobane nka tlohela joang hore ke senngoe lebitso?+ Nke ke ka fa e mong khanya ea ka.* 12  ’Mamele, uena Jakobo le uena Iseraele eo ke mo bitsitseng. Ke ’na Ea tšoanang.+ Ke ’na oa pele le oa ho qetela.+ 13  Letsoho la ka le ralile motheo oa lefatše,+Letsoho la ka le letona le atolositse maholimo.+ Ha ke li bitsa, li ema ’moho. 14  Phuthehang kaofela ha lona ’me le mamele. Ke ofe har’a melimo* ea boletseng lintho tsee? Ea ratoang ke ’na Jehova,+O tla etsa seo ke se thabelang ha a loantša Babilona+’Me o tla otla Bakalde ka letsoho la hae.+ 15  Ke buile hape ke mo bitsitse.+ Ke mo tlisitse ’me tsela ea hae e tla atleha.+ 16  Atamelang ho ’na ’me le mamele: Ho tloha qalong, ha kea ka ka buela lekunutung.+ Ho tloha ha e etsahala ke ne ke le teng.” Joale Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o nthomile, a ba a mpha* moea oa hae. 17  Jehova, Molopolli oa hao, Mohalaleli oa Iseraele o re:+ “ ’Na Jehova ke Molimo oa haoEa u rutang lintho tse tsoelang uena molemo,+Ea u tataisetsang tseleng eo u lokelang ho tsamaea ho eona.+ 18  Hoja u ka mamela melao ea ka,+Khotso ea hao e ne e tla tšoana le noka,+Ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.+ 19  Bana* ba hao ba ne ba tla ba bangata joaloka lehlabatheLe litloholo tsa hao li tšoane le lithollo tsa lona.+ Lebitso la bona le ne le ke ke la tlosoa kapa la felisoa ka pel’a ka.” 20  Tsoang Babilona!+ Le balehe naheng ea Bakalde.* Bolelang ka mohoo oa thabo, e phatlalatseng.+ Etsang hore e tsejoe likhutlong tsohle tsa lefatše.+ E-reng: “Jehova o lopolotse mohlanka oa hae Jakobo.+ 21  Ha baa ka ba nyoroa ha a ne a ba tataisa lehoatateng.+ O ile a etsa hore metsi a phalle lefikeng,A petsola lefika ho etsa hore metsi a phorosele.”+ 22  Jehova o re: “Ba khopo ba ke ke ba fumana khotso.”+

Linaletsana

Ka Seheberu: “metsing.”
Ka Seheberu: “tsa pele.”
Kapa: “seemahale.”
Ka Seheberu: “Le.”
Ka Seheberu: “le.”
Kapa mohlomong: “Ke u khethile ha u ne u le ka seboping sa ho qhibilihisa sa mahloreho.”
Kapa: “Ha ke arolelane khanya ea ka le mang kapa mang.”
Ka Seheberu: “eona.”
Kapa: “o nthomile hammoho le.”
Ka Seheberu: “Peo.”
Ke batho ba neng ba lula Babilonia.