Fetela boitsebisong

Mathata a Lichelete le Likoloto—Na Bibele e ka Thusa?

Mathata a Lichelete le Likoloto—Na Bibele e ka Thusa?

Karabo ea Bibele

E, e ka thusa. Melao-motheo e mene ea Bibele e latelang e ka u thusa hore u sebetsane le mathata a lichelete le likoloto:

  1. Rera esale pele hore na u tla sebelisa chelete joang. “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.” (Liproverbia 21:5) U se ke ua potlakela ho reka ntho e itseng hobane feela theko ea eona e theotsoe. Rera esale pele hore na u tla sebelisa bokae​—etsa moralo​—’me u o khomarele.

  2. Qoba sekoloto se sa hlokahaleng. “Ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.” (Liproverbia 22:7) Haeba u na le sekoloto ’me ha u khone ho se patala, leka ho buisana le motho eo u mo kolotang hore le etse litumellano tse ncha tsa ho patala. Mo phehelle. Sebelisa keletso ea Bibele e lebisitsoeng ho motho eo ka booatla a itlammeng ka sekoloto ’me kahoo a jara boikarabelo ba ho se lefa: “Ikokobetse ’me u phehelle oa heno. U se ke ua robala kapa ua lumella mahlo a hao hore a otsele.” (Liproverbia 6:1-5, God’s Word Bible) Esita le haeba kōpo ea hao ea pele e sa atleha, u ’ne u kōpe hore ho etsoe tumellano e ncha ea ho patala.

  3. Beha chelete sebakeng sa eona se nepahetseng. “U se ke ua ba le boithati ’me ua labalabela ho ba morui​—u tla qetella u lahlehetsoe le ke sohle seo u nang le sona.” (Liproverbia 28:22, Contemporary English Version) Mohono le meharo ha li felle ka mathata a lichelete feela empa hape li ka senya kamano ea motho le Molimo.

  4. Khotsofala. “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” (1 Timothea 6:8) Ha motho a na le chelete, seo ha se bolele hore o tla thaba kapa a khotsofale bophelong. Batho ba bang ba thabileng ka ho fetisisa lefatšeng ha ba na chelete e ngata. Empa ba na le lerato leo ba le fumanang ho ba lelapa le metsoalle hammoho le setsoalle le Molimo.​—Liproverbia 15:17; 1 Petrose 5:6, 7.