Fetela boitsebisong

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Rapela? Na Molimo o Tla Nkaraba?

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Rapela? Na Molimo o Tla Nkaraba?

Karabo ea Bibele

E, o tla li araba. Bibele le lintho tse ileng tsa etsahalla batho ba bang, li bontša hore Molimo o araba lithapelo. Bibele e re: “O [Molimo] tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang, o tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso, ’me o tla ba pholosa.” (Pesaleme ea 145:19) Empa hore na Molimo o tla u araba ha u rapela kapa che ho itšetlehile ka uena.

Seo Molimo a se hlokang ho batho ba mo rapelang

  • Re lokela ho rapela Molimo, eseng Jesu, Maria, bahalaleli, mangeloi kapa litšoantšo. Ke Jehova Molimo feela “Ea Utloang thapelo.”​—Pesaleme ea 65:2.

  • Re lokela ho rapella lintho tse tumellanong le thato ea Molimo kapa tseo a li amohelang joalokaha li fumanoa ka Bibeleng.​—1 Johanne 5:14.

  • Re lokela ho rapela ka lebitso la Jesu ho bontša hore re hlompha boemo ba hae ba bolaoli. Jesu o ile a re: “Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.”​—Johanne 14:6.

  • Re lokela ho rapela ka tumelo ’me re kōpe e eketsehileng haeba ho hlokahala.​—Matheu 21:22; Luka 17:5.

  • Re lokela ho ikokobetsa le ho rapela ka tieo. Bibele e re: “Jehova o phahame, leha ho le joalo o bona ea ikokobetsang.”​—Pesaleme ea 138:6.

  • Re lokela ho phehella. Jesu o itse: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa.”​—Luka 11:9.

Seo e seng sa bohlokoa ho Molimo

  • Morabe oa hao kapa sechaba sa heno. “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”​—Liketso 10:34, 35.

  • Boemo ba hao ba ’mele. U ka rapela Molimo u lutse, u iname, u khumame kapa u eme.​—1 Likronike 17:16; Nehemia 8:6; Daniele 6:10; Mareka 11:25.

  • U ka rapela ka lentsoe la phahameng kapa ua rapella ka pelong. Molimo o araba esita le lithapelo tse etsetsoang ka pelong, tseo ba bang ba sa li utloing.​—Nehemia 2:1-6.

  • Ebang lintho tseo u amehileng ka tsona li tebile kapa che. Molimo o u khothalletsa ho ‘lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho eena, hobane oa u tsotella.’​—1 Petrose 5:7.