Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | BACHA

U ka Etsa Melaetsa ea Selefouno ka Bohlale Joang?

U ka Etsa Melaetsa ea Selefouno ka Bohlale Joang?

BOTHATA

U ntse u bua le motsoalle oa hao ha molaetsa oa selefouno o kena. U lokela ho etsa’ng?

  1. Ho bala molaetsa u ntse u bua le motsoalle oa hao.

  2. Ho kōpa tšoarelo ho motsoalle oa hao ebe u bala molaetsa oo.

  3. Ho iphapanyetsa molaetsa oo ebe u tsoela pele u bua le motsoalle oa hao.

Na hoa tsotelleha hore u khetha ho etsa’ng? Karabo ke e!

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Ho romella motsoalle e mong molaetsa u ntse u bua le e mong, ho tšoana le ho bapala papali eo u e ratang empa u hlokomoloha melao ea eona. U ka ’na ua re ‘Empa ka bobeli ke metsoalle ea ka’. Ke ka hona u lokelang ho ba seli le ho feta. Sena hase bolele hore u lokela ho tiisa ’mele. Empa ntlha ea bohlokoa ke ena: Haeba u sa hlomphe metsoalle ea hao, ho e-s’o ee kae u tla lahleheloa ke eona.

Ke hobane’ng ha ho le joalo? Hobane batho ha ba rate ho tšoaroa hampe. Moroetsana e mong ea bitsoang Beth * o re, “Hoa tena ha e re ke ntse ke bua le motsoalle, ebe o ntse a sheba founo ea hae khafetsa joalokaha eka o emetse ntho e ’ngoe e molemo!” U nahana hore Beth o tla mamella motsoalle ea joalo halelele hakae?

Ha u hlahloba mekhoa ea hao ea ho sebelisa selefouno, sheba hape boemo bo hlalositsoeng sehloohoaneng sa “Bothata.” Ke mokhoa ofe oo u neng u ka o sebelisa? Mohlomong u ile oa hlokomela hore Mokhoa oa A ha o bontše bohlale. Empa hothoe’ng ka Mokhoa oa B le oa C? Na ke phoso ho khaotsa moqoqo e le hore feela u bale molaetsa oa selefouno? Kapa na ke phoso ho iphapanyetsa molaetsa oa selefouno e le hore feela u tsoele pele ka moqoqo?

Ho hlakile hore ho ka ’na ha e-ba thata ho khetha mekhoa e metle. Empa Bibele e ka u thusa. E re: “Kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.” (Luka 6:31) U ka sebelisa keletso eo ha u etsa melaetsa ea selefouno. Joang?

 SEO U LOKELANG HO SE ETSA

Romela melaetsa ka nako e loketseng feela. Mohlankana e mong ea bitsoang Richard o re: “Ka linako tse ling ke fumana melaetsa ea selefouno e se e le bosiu haholo. Ebile e se ea bohlokoa ’me e sitisa boroko ba ka!” Ipotse, ‘Na ka linako tse ling ke romela batho melaetsa ba se ba robetse?’—Molao-motheo oa Bibele: Moeklesia 3:1.

Ela hloko tsela eo u buang ka eona. Puisano e etsoa ka mantsoe, molumo oa lentsoe, ponahalo ea sefahleho le boitšisinyo ba ’mele. Ka masoabi, bongata ba lintlha tsena ha li bonahale ha u romela melaetsa. Joale u ka koala sekheo seo joang? Moroetsana e mong ea bitsoang Jasmine o re: “Nahanela motho e mong. Mo botse, ‘O ntse o ea joang?’ ’Me u sebelise mantsoe a kang ‘kea kōpa’ le ‘kea leboha.’”—Molao-motheo oa Bibele: Bakolose 4:6.

Bontša temoho. Sheba hape boemo bo hlalositsoeng sehloohoaneng sa “Bothata.” Haeba u lebeletse molaetsa oa bohlokoa, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u kōpe tšoarelo ’me u bale molaetsa oo. Leha ho le joalo, hangata molaetsa oo oa be o sa potlaka. Amy, ea lilemo li 17 o re: “founo ea hao e tla be e ntse e le teng ha motsoalle oa hao a qeta ho bua empa motsoalle oa hao a ka ’na a se ke a e-ba teng ha u qeta ho romela molaetsa.” U ka sebelisa temoho e tšoanang ha u le ’mokeng. Jane ea lilemo li 18 o re: “U se ke ua qeta nako eohle o ntse u romela melaetsa. Seo se etsa hore batho ba ikutloe eka ‘ha u tsotelle boteng ba bona; u ne u ka thabela ho ba sebakeng se seng.’”

Nahana pele u romela molaetsa. Na molaetsa oa hao u ka ’na oa se ke ua utloisisoa? Na ho bontša hore ua tšeha kapa oa bososela ho ka thusa ho fetisa maikutlo a nepahetseng? Amber, ea lilemo li 21 o re: “Haeba ua soasoa, bontša seo ka ho kenya setšoantšo sa popi e bososelang. Batho ba utloa bohloko—’me ba ka ba ba loana—hobane feela ba nka mosoaso ka maikutlo.”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 12:18.

Ka ho hlakileng, tsela eo u sebelisang selefouno ka eona ke ea bohlokoa!

Seo u ka nahanang ka sona: Lerato le re susumelletsa ho ba seli. Tšobotsi eo e bonahatsoa joang? Bibele e re: “Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le ikhohomose, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) Ke karolo efe ea lerato eo u lokelang ho ntlafatsa ho eona?

^ ser. 11 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.