Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 3

Ho Rarolla Mathata

Ho Rarolla Mathata

“Le bontshane lerato le matla haholo, hobane lerato le kwahela dibe tse ngata haholo.”​—1 Petrose 4:8

Ha o qala ho dula mmoho le molekane wa hao, ho tla hlaha mathata a sa tshwaneng. A ka nna a bakwa ke phapang e teng mabapi le kamoo le nahanang kateng, le ikutlwang kateng le kamoo le shebang dintho kateng bophelong. Ka dinako tse ding mathata a ka nna a hlaha mohloding o ka thoko le diketsahalong tseo le neng le sa di lebella.

Le ka nna la lekeha hore le qobe ho rarolla bothata bo teng, empa ka Bibeleng re eletswa hore re tobane le mathata a rona. (Matheu 5:23, 24) Ha o sebedisa melao ya Bibele, o tla fumana tharollo e molemo ka ho fetisisa mathateng a hao.

1 BUISANANG KA BOTHATA

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ho na le . . . nako ya ho bua.” (Moeklesia 3:1, 7) Etsang bonnete ba hore le ipha nako ya ho buisana ka bothata boo. Ka botshepehi tsebisa molekane wa hao hore na o ikutlwa jwang le hore o nahana eng ka taba eo. Kamehla o “bue nnete” ho molekane wa hao. (Baefese 4:25) Esita le ha o e na le maikutlo a matla ka taba e itseng, hanela tshusumetso ya hore o lwane. Karabo e fanwang ka bonolo e ka etsa hore puisano e bonolo e se ke ya fetoha ntwa.​—Liproverbia 15:4; 26:20.

Esita le haeba le sa dumellane, dula o le mosa, o se ke wa lebala ho bontsha lerato le tlhompho ho molekane wa hao. (Bakolose 4:6) Lekang ho rarolla bothata kapele kamoo ho ka kgonehang, mme le se ke la kgaotsa ho buisana.​—Baefese 4:26.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Beha nako e loketseng ya ho buisana ka bothata boo

  • Ha e le nako ya hao ya hore o mamele, hanela tshekamelo ya ho batla ho kena molekane wa hao hanong. Le wena o tla ba le monyetla wa hore o bue

2 MAMELA MME O UTLWISISE

SEO BIBELE E SE BUANG: “Le bontshane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontshaneng tlhompho.” (Baroma 12:10) Tsela eo o mamelang ka yona ke ya bohlokwa haholo. Leka ho utlwisisa ntlha eo molekane wa hao a e buang ka hore o bontshe ‘kutlwelo bohloko le boikokobetso.’ (1 Petrose 3:8; Jakobo 1:19) O se ke wa etsa eka o mametse feela. Ha ho kgoneha, tlohella seo o ntseng o se etsa mme o shebe molekane wa hao ka ho feletseng kapa o mo kope hore na le ka buisana ka taba eo hamorao. Haeba o nka molekane wa hao e le sebapadimmoho le wena ho fapana le ho ba wa direng, o ‘ke ke wa potlakela hore o kgopehe.’​—Moeklesia 7:9.

SEO O KA SE ETSANG:

  • O nne o mamele o sa ahlole, esita le haeba o kgopiswa ke seo o se utlwang

  • Mamela molaetsa o fetiswang ke mantswe a molekane wa hao. Hlokomela tsela eo molekane wa hao a shebahalang ka yona le modumo wa lentswe la hae

3 PHETHAHATSANG SEO LE DUMELLANENG KA SONA

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ka mofuta o mong le o mong wa ho sehla ho ba le molemo, empa lentswe feela la molomo le isa ho hlokeng.” (Liproverbia 14:23) Ha ho a lekana hore feela le dumellane ka tharollo e molemo. Le lokela ho phethahatsa seo le se etseditseng qeto le le babedi. Sena se ka nna sa hloka hore le ikitlaetse ka matla le ho sebetsa ka thata, empa se tla le tswela molemo. (Liproverbia 10:4) Haeba le sebetsa hammoho jwaloka thimi, le tla ba “le moputso o molemo” bakeng sa mosebetsi wa lona o boima.​—Moeklesia 4:9.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Etsang qeto ya hore na ka bomong le tla nka mehato efe e sebetsang hore le rarolle bothata ba lona

  • Nako le nako le nne le hlahlobe kgatelopele ya lona