Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO YA 6

Bana ba Fetola Bophelo ba Lenyalo Jwang?

Bana ba Fetola Bophelo ba Lenyalo Jwang?

“Bara ke lefa le tswang ho Jehova.”​—Pesaleme ya 127:3

Ha ngwana a hlaha e ka ba ntho e thabisang haholo ho banyalani kapa ya e ba ntho e ba sithabetsang. Kaha le tla be le le batswadi ba batjha, le ka nna la makala ha le bona hore le tla qeta nako e ngata le matla a lona le hlokomela ngwana. Ho se robale le diphetoho tse bang teng maikutlong di ka fokodisa kamano ya lona. Ka bobedi le tla lokela hore le etse diphetoho e le hore le hlokomele ngwana wa lona le ho sireletsa lenyalo la lona. Keletso ya Bibele e ka le thusa jwang hore le sebetsane le mathata aa?

1 UTLWISISANG KAMOO NGWANA A FETOLANG BOPHELO BA LONA

SEO BIBELE E SE BUANG: “Lerato le a tiisetsa mme le mosa.” Hape, lerato “ha le batle dithahasello tsa lona, ha le halefe.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) Ha o le motswetse e motjha, ka tlhaho o tla qeta nako e ngata o shebane le ngwana wa hao. Leha ho le jwalo, monna wa hao a ka nna a qala ho ikutlwa a hlokomolohilwe, kahoo o se ke wa lebala hore le yena o hloka nako ya hao. Ha o bontsha mamello le mosa, o ka etsa hore a ikutlwe e le wa bohlokwa ebile a e na le seabo tabeng ya ho hlokomela ngwana wa lona.

“Lona banna, le tswele pele ho dula le bona . . . ho ya ka tsebo.” (1 Petrose 3:7) Utlwisisa hore mosadi wa hao o tla qeta boholo ba matla a hae a shebane le ngwana wa lona. Kaha o na le boikarabelo bo botjha, a ka nna a ikutlwa a imetswe kelellong, a kgathetse kapa a bile a tepeletse maikutlo. Ka dinako tse ding a ka ba a o kwatela, empa o leke ho kgoba matshwafo, hobane “ya diehang ho halefa o molemo ho feta monna ya matla.” (Liproverbia 16:32) Bontsha temoho mme o mo fe tshehetso eo a e hlokang.​—Liproverbia 14:29.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Bontate: Thusa mosadi wa hao ka ho hlokomela ngwana, esita le bosiu. Fokotsa nako eo o e qetang o etsa dintho tse ding e le hore o ka qeta nako e ngata o e na le mosadi wa hao le ngwana

  • Bomme: Ha monna wa hao a ithaopela ho o thusa ka ngwana, amohela thuso ya hae. Haeba a sa etse dintho hantle, o se ke wa mo tshwaya diphoso, empa o mo bontshe ka mosa hore na a etse jwang

2 MATLAFATSANG KAMANO YA LONA

SEO BIBELE E SE BUANG: “E tla ba nama e le nngwe.” (Genese 2:24) Le hoja ngwana a se a le teng ka lapeng, hopola hore wena le molekane wa hao le ntse le le “nama e le nngwe.” Leka kahohle ho etsa hore kamano ya lona e dule e le matla.

Basadi, ananelang thuso ya banna ba lona le tshehetso ya bona. Dintho tseo o di etsang ho bontsha hore o na le kananelo e ka ba “phodiso.” (Liproverbia 12:18) Banna, bolellang basadi ba lona kamoo le ba ratang le ho ba ananela kateng. Ba thoholetseng ka tsela eo ba hlokomelang lelapa ka yona.​—Liproverbia 31:10, 28.

“E mong le e mong a nne a batle, eseng se molemo ho yena, empa se molemo ho motho e mong.” (1 Bakorinthe 10:24) Kamehla etsa dintho tse molemong wa molekane wa hao. Ipheng nako ya ho buisana, ho babatsana le ho mamelana. Le se ke la sebedisa boithati tabeng ya ho kopanela diphate. Nahanela ditlhoko tsa molekane wa hao. Bibele e re: “Le se ke la hanelana ka yona, haese ka tumellano.” (1 Bakorinthe 7:3-5) Kahoo, phetlelanang sefuba ka taba ena. Mamello ya lona le kutlwisiso di tla matlafatsa kamano ya lona.

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Le se ke la lebala ho ipha nako ya hore le be mmoho le le babedi feela

  • Etsang dintho tse nyenyane tse etsang hore molekane wa hao a ikutlwe a ratwa, tse kang ho mo romella molaetsa kapa ho mo fa mpho e nyenyane

3 HO KWETLISA NGWANA WA LONA

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ho tloha boseyeng o tsebile dingolwa tse halalelang, tse kgonang ho o hlalefisetsa poloko.” (2 Timothea 3:15) Rerang seo le tla se etsa hore le rute ngwana wa lona. O na le bokgoni bo hlollang ba ho ithuta, esita le pele a hlaha. Ha ngwana a sa ntse a le ka popelong, o kgona ho lemoha lentswe la hao ebile o angwa ke maikutlo a hao. Mo balle dingolwa ha e sa ntse e le lesea. Le hoja e ka nna yaba ha a utlwisise seo o se balang, seo se ka mo thusa hore a rate ho bala ha a se a hodile.

Ngwana wa hao a ka utlwa ha o bua ka Modimo lehoja a sa le monyenyane haholo. Etsang hore a le utlwe ha le rapela Jehova. (Deuteronoma 11:19) Esita leha o mo bapadisa, bua ka dintho tseo Modimo a di entseng. (Pesaleme ya 78:3, 4) Ha ngwana a ntse a hola, o tla lemoha hore le rata Jehova mme le yena o tla ithuta hore a mo rate.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Rapella hore o fumane bohlale ba ho kwetlisa ngwana wa hao

  • Phetapheta mantswe le dikgopolo tse ka sehloohong e le hore ngwana a tle a qale ho ithuta kapele