Lengolo la Pele la Petrose 4:1-19

  • Le phelele ho etsa thato ya Modimo jwalo ka Kreste (1-6)

  • Qetello ya dintho tsohle e atametse (7-11)

  • Ho hloriswa hobane le le Bakreste (12-19)

4  Kreste o ile a utlwa bohloko ha e sa ntse e le motho.+ Le lona le itokisetse ho nahana jwalo ka Kreste hobane mang kapa mang ya utlwileng bohloko o tlohetse ho etsa sebe+  e le hore ka nako e mo saletseng a phela e le motho, a se ke a phelela ho etsa dintho tse ratwang ke batho+ empa a phelele ho etsa thato ya Modimo.+  Le ile la ba le nako e lekaneng ya ho etsa dintho tse etswang ke batho ba lefatshe.+ Le ne le etsa boitshwaro bo bobe le sa swabe,* le lakatsa ho etsa dintho tse fosahetseng, le nwa jwala haholo, le tsamaya diphathi tse sa laoleheng tsa botahwa ebile le rapela ditshwantsho e leng ntho e nyonyehang.+  Ba a le makalla ha le se le sa etse dintho tse mpe tseo le neng le di etsa le bona, ka hoo ba le bua hampe.+  Empa batho bao ba tla ikarabella ho Kreste ya tla ahlola batho ba phelang le ba shweleng.+  Le bafu ba ile ba bolellwa ditaba tse monate*+ e le hore le hoja ba ahlolwa ka tsela eo batho ba ahlolwang ka yona, ba ka phela ba tataiswa ke moya wa Modimo.  Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ka hoo, le itshware hantle+ mme le dule le hopola ho rapela.+  Ka hodimo ho tsohle, le ratane haholo+ hobane motho ya lerato o dula a itokiseditse ho tshwarela.+  Amohelanang le sa tletlebe.+ 10  Le bahlanka ba thusang batho ba bang hore ba fumane melemo ya mosa* wa Modimo o bontshwang ka ditsela tse sa tshwaneng. Ka ha e mong le e mong wa lona o fuwe mpho, le e sebedise bakeng sa ho sebeletsana.+ 11  Haeba motho a ena le mpho ya ho bua, a etse hore ho utlwahale hore o bua ka molaetsa wa Modimo. Ha a thusa batho ba bang, a itshetlehe ka matla a Modimo+ e le hore Modimo a ka tlotliswa dinthong tsohle+ ka Jesu Kreste. Kganya le matla e tla dula e le tsa hae ka ho sa feleng. Amen. 12  Baratuwa, le se ke la makala jwalo ka ha eka le hlahelwa ke ntho e ntjha ha le tobana le diteko tse kang mollo.+ 13  Ho fapana le hoo, ka ha le utlwa bohloko ka mabaka a tshwanang le ao Kreste a ileng a utlwa bohloko ka ona,+ le dule le thabile+ e le hore mohla boholo ba Kreste bo bonahatswang le ka thaba haholo.+ 14  Ha le rohakwa* hobane le le balatedi ba Kreste, le a thaba+ hobane taba ena e a bontsha hore le na le moya wa Modimo o hlomphehang. 15  Le ha ho le jwalo, ho se ke ha eba le ya mong wa lona ya hloriswang hobane e le mmolai, leshodu, a etsa dintho tse mpe kapa a kenakenana le ditaba tsa batho.+ 16  Mang kapa mang ya hloriswang hobane e le Mokreste a se ke a swaba+ empa a tlotlise Modimo ka hore a phele ka tsela e bontshang hore ke Mokreste. 17  Ena ke nako ya hore kahlolo e qale mme e tla qala ka ba ntlo ya Modimo.+ Haeba e tla qala ka rona,+ ho tla etsahalang ka ba sa mameleng ditaba tse monate tsa Modimo?+ 18  “Haeba motho ya lokileng o tla pholoha ka thata, ho tla etsahalang ka moetsadibe le motho ya sa hlompheng Modimo?”+ 19  Ka hoo, ba hloriswang hobane ba etsa thato ya Modimo ba dule ba etsa dintho tse ntle mme ba itshetlehe ka Mmopi ya tshepahalang.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “boitshwaro bo hlabisang dihlong.” Ka Segerike ke bongata ba lentswe a·sel′gei·a. Sheba Tlhaloso.
Ho bonahala eka ho buuwa ka batho bao e neng eka ba shwele ka lebaka la dibe tsa bona. Sheba Baefese 2:1.
Kapa: “nyefolwa.”