Diproverbia 24:1-34

  • O se ke wa kgalla batho ba kgopo (1)

  • Ntlo e hahwa ka bohlale (3)

  • Ya lokileng a ka wa empa o tla ema (16)

  • O se ke wa iphetetsa (29)

  • Ho rata boroko ho tla etsa hore o futsanehe (33, 34)

24  O se ke wa kgalla batho ba kgopo,O se ke wa batla ho ba hara bona.+   Dipelo tsa bona di thuisa ka ntwaLe melomo ya bona e bua ka diketso tse kgopo.   Ntlo e* hahwa ka bohlale,+E tsitsiswa ka temoho.   Ka tsebo dikamore tsa yona di tla tlalaMatlotlo a bohlokwa le a kgahlehang.+   Motho ya bohlale o matla+Mme ka tsebo motho o eketsa matla a hae.   Ka tataiso e bohlale o tla lwana ntwa ya hao,+Ka baeletsi ba bangata o tla hlola.*+   Lewatla ha le kgone ho fumana bohlale ba nnete,+Ha ho letho leo le ka le buang keiting ya motse.   Mang kapa mang ya rerang bokgopoHo tla thwe ke molotsana.+   Merero ya motho ya se nang kelello* e lebisa sebengHape batho ba nyatsa mosomi.+ 10  Ha o nyahama nakong ya mathata,*O tla fellwa ke matla. 11  Lopolla ba iswang lefung,O thibe ba thekesellang polaong.+ 12  Haeba o re: “Empa re ne re sa tsebe,”Na Ya hlahlobang dipelo a ke ke a lemoha menahano ya hao?+ Ya o shebileng ka hloko o tla tseba,O tla buseletsa motho e mong le e mong ho ya ka mesebetsi ya hae.+ 13  Mora wa ka, o je mahe a dinotshi hobane a monate. Mahe a dinotshi a tswang kgekgeng a monate ho motho ya a latswang. 14  Ka tsela e tshwanang, tseba hore bohlale bo molemo bakeng sa hao.+ Haeba o bo fumana, o tla ba le bokamoso. Tshepo ya hao e ke ke ya fela.+ 15  O se ke wa lalla ntlo ya motho ya lokileng jwalo ka ha motho ya kgopo a etsa. O se ke wa senya sebaka seo a dulang ho sona 16  Hobane le ha ya lokileng a ka wa ka makgetlo a supileng, o tla ema+Empa ba kgopo ba tla hlahelwa ke tlokotsi mme ba kgoptjwe.+ 17  Ha sera sa hao se wa, o se ke wa thaba,Ha se kgoptjwa, pelo ya hao e se ke ya nyakalla,+ 18  Haeba o etsa jwalo, Jehova o tla bona mme a ke ke a thaba. O tla kgaotsa ho halefela sera sa hao.+ 19  O se ke wa halefiswa ke* batho ba kgopo. O se ke wa ba kgalla 20  Hobane mang kapa mang ya kgopo ha a na bokamoso+Le lebone la batho ba kgopo le tla tingwa.+ 21  Mora wa ka, o tshabe Jehova le morena+Mme o se ke wa tlwaelana le marabele.*+ 22  A tla hlahelwa ke koduwa ka tshohanyetso.+ Ke mang ya tsebang tlokotsi eo ba* tla e tlisetsa marabele ao?+ 23  Dipolelo tsena ke tsa ba bohlale: Ha se ntho e ntle ho ahlola ka leeme.+ 24  Mang kapa mang ya reng ho ya kgopo: “O lokile,”+Batho ba tla mo rohaka, ditjhaba di mo nyatse. 25  Empa ba mo kgalemelang,+ dintho di tla ba tsamaela hantle,Ba tla fumana ditlhohonolofatso.+ 26  Batho ba tla suna motho ya buang nnete ha a araba.*+ 27  Lokisa mosebetsi wa hao wa ka ntle mme o hlophe dintho kaofela tshimong. Ebe o haha lelapa la hao.* 28  O se ke wa ba paki kgahlanong le moahisani wa hao ntle ho mabaka.+ O se ke wa qhekella batho ba bang ka dipuo tsa hao.*+ 29  O se ke wa re: “Ke tla mo etsa feela jwalo ka ha a nkentse. Ke tla mo etsa ntho eo a nkentseng yona.”*+ 30  Ke ile ka feta haufi le tshimo ya motho ya botswa,+Haufi le serapa sa morara sa motho ya hlokang kelello.* 31  Ka bona e tletse ditlamatlama. Jarete e ne e tletse bobatsi,Lerako la yona la majwe le wele.+ 32  Ha ke ntse ke shebile, ka nahana ka thata ka taba ena,Ka bona yaba ke ithuta thuto ena:* 33  Ha o ka robala hanyenyane, wa re shwa! hanyenyane,Wa phutha matsoho hanyenyane hore o phomole, 34  Bofutsana bo tla o fihlela jwalo ka leshoduLe bohloki bo o tlele jwalo ka monna ya hlometseng.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Lelapa le.”
Kapa: “atleha; pholoha.”
Kapa: “Merero e se nang kelello.”
Kapa: “letsatsing la mahlomola.”
Kapa: “O se ke wa iponahatsa o halefetse.”
Kapa: “ba batlang phetoho.”
E leng Jehova le morena.
Kapa mohlomong: “Ho araba ka tsela e tobileng ho tshwana le ho suna motho.”
Kapa: “ntlo ya hao.”
Ka Seheberu: “molomo wa hao.”
Kapa: “Ke tla iphetetsa.”
Ka Seheberu: “eo pelo ya hae e haellwang.”
Ka Seheberu: “ka amohela tayo.”