Diproverbia 26:1-28

  • Ho hlaloswa motho ya botswa (13-16)

  • O se ke wa kenakenana le diqabang tsa batho (17)

  • Qoba meswaso e ka utlwisang ba bang bohloko (18, 19)

  • Ha patsi e le siyo mollo o a tima (20, 21)

  • Mantswe a moetselletsi a tshwana le dijo tse monate (22)

26  Jwalo ka ha ho sa lebellwa hore lehlwa le kgethehe hlabula, le hore pula e ne nakong ya kotulo,Motho ya se nang kelello+ ha a tshwanelwe ke tlhompho.   Feela jwalo ka ha nonyana e ena le lebaka la ho baleha le lefokotsane le ena le lebaka la ho fofa,Motho ha a bitsetswe bomadimabe ntle ho lebaka.*   Sephadi se shapa pere, tonki e hulwa ka tomo,+Thupa yona e shapa mekokotlo ya batho ba se nang kelello.+   O se ke wa araba motho ya se nang kelello ho ya ka bothoto ba haeE le hore o se ke wa tshwana le yena.   Empa ha o araba motho ya se nang kelello, totobatsa bothoto ba haeE le hore a se ke a nahana hore o bohlale.+   Ya siyang ditaba matsohong a motho ya se nang kelelloO tshwana le motho ya pomang maoto a hae mme a itematsa.   Maele melomong ya batho ba se nang kelello+A tshwana le maoto a holofetseng.   Ho rorisa motho ya se nang kelello+Ho tshwana le ho faseletsa lejwe letjeketjaneng.   Maele melomong ya batho ba se nang kelelloA tshwana le setlamatlama se meutlwa letsohong la letahwa. 10  Ya hirang motho ya se nang kelello kapa batho ba fetang ka tselaO tshwana le motho ya sebedisang seqha, ya hlabang feela.* 11  Jwalo ka ha ntja e kgutlela mahlatseng a yona,Ya se nang kelello le yena o pheta bowatla ba hae.+ 12  Na o kile wa bona motho ya nahanang hore o bohlale?+ Motho ya se nang kelello a ka fetoha ho ena le yena. 13  Ya botswa o re: “Ho na le tawana tseleng,Ho na le tau seterateng.”+ 14  Jwalo ka ha lemati le ya pele le morao ha le ntse le buleha le kwaleha,Ya botswa o ntse a fetoha hodima bethe ya hae.+ 15  Ya botswa o kentse letsoho la hae ka sekotlolong se seholoEmpa o tswafa le ho le isa ka hanong.+ 16  Ya botswa o nahana hore o bohlaleHo feta batho ba supileng ba fanang ka karabo e nang le kelello. 17  Mofetakatsela ya halefiswang ke* qabang eo e seng ya hae+O tshwana le motho ya tshwarang ntja ka ditsebe. 18  Jwalo ka lehlanya le bolayang, le fereletsang metsu e tukang le ditsenene, 19  Motho ya qhekellang* moahisani wa hae ebe o re: “Ke ne ke swaswa,”+ o jwalo. 20  Ha patsi e le siyo mollo o a tima,Ha ho se na moetselletsi kgang e a fela.+ 21  Jwalo ka ha mashala a etsa hore mollo o hlene le patsi e hotetsa mollo,Motho ya ratang dikgang le yena o fehla diqabang.+ 22  Mantswe a ya ratang ho senya ba bang lebitso a tshwana le dijo tse monate.*A theohela ha monate ho ya fihla ka mpeng.+ 23  Mantswe a monate a tswang ho motho ya pelo e mpe+A jwalo ka leqhetso la sejana se pshatlehileng sa letsopa se tlotsitsweng ka silevera. 24  Motho ya lehloyo o ikgakanya ka dipuoEmpa ka pelong o patile bolotsana. 25  O se ke wa mo tshepa le ha a ka bua ka bonoloHobane ho na le dintho tse supileng tse nyonyehang ka pelong ya hae.* 26  Le hoja a bua leshano ho pata lehloyo la hae,Bokgopo ba hae bo tla hlahella ho batho. 27  Ya tjhekang sekoti o tla wela ka hara sonaMme ya thetang lejwe le tla kgutlela ho yena le mo pidinye.+ 28  Motho ya leshano o hloile bao a ba utlwisitseng bohloko*Le motho ya rorisang ho tlola o baka tshenyo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “Feela jwalo ka ha nonyana e baleha le lefokotsane le fofa, bomadimabe bo sa lokelang bo feta jwalo.”
Kapa: “ya hlabang motho e mong le e mong.”
Kapa mohlomong: “ya kenang.”
Kapa: “thetsang.”
Kapa: “dintho tse tla jewa ka meharo.”
Kapa: “Hobane pelo ya hae e a nyonyeha.”
Kapa: “Leleme le leshano le hloile bao le ba utlwisitseng bohloko.”